Na U Na le Kelello e Batlisisang?
TABATABELO ke “takatso ea ho tseba.” Tabatabelo e matla e etsa hore motho a chesehele ho ithuta, ho fuputsa lintho. Jehova o re hahelletse le cheseho ena, e leng hore ho tloha motsotsong oa ha re hlaha re susumetsoa ho phenya lefatše le re potapotileng. Bona boteng ba rōna ke letoto le sa khaotseng la ho ithuta. Hore re tle re hōle tsebong, re be batho ba baholo, ba itekanetseng hantle, ho hlokahala re khotsofatse tabatabelo ea rōna, takatso ea rōna ea ho fumana lintho.
Hona ke ’nete haholo-holo boemong ba moea. Litebello tsa rōna bakeng sa bophelo bo sa feleng li itšetlehile ka ho ithuta ha rōna ka Jehova Molimo. (Johanne 17:3) Bibele e re bolella hore o batla re batlisise ka eena, “[re] mo phopholetse, [re] mo fumane.” (Liketso 17:23, 24, 27) Haeba re hatella tabatabelo ea rōna kapa re hlōleha ho e lumella ho hōla, tsoelopele rōna ea e tla lieha haholo. Ha e le hantle, ho haelloa ke thahasello ea lintho tsa moea e ka ba ho bolaeang.—Pesaleme ea 119:33, 34; Hosea 4:6.
Ka baka leo, batho ba Jehova ho tloha mehleng ea boholo-holo ba ’nile ba hatisa ka ho bona haore ho hlokahlala taeo le ho ithuta ka mehla e le hore ba ka khotsofatsa takatso e mepahetseng ea ho ithuta. (Deuteronoma 6:6, 7; 31:12; 2 Likronike 17:9) Jesu Messia e ne e le moruti e moholohali ea kileng a ba teng lefatšeng. (Mattheu 9:35) Barutuoa ba hae ba ile ba latela mohlala oa hae. Esita le ha ba tobane le khanyetso, “ha ba ka ba phetsa . . . ho ruta le ho bolela [“litaba tse molemo,” NW].” (Liketso 5:42) Ho ruta ho joalo ho ile ha fehla thahasello likelellong tse batlisisang. Ba bangata ba ne ba tšoana le Baberea, ba ileng ba arabela “ka cheseho e kholo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi ’ohle, ho tseba hore na litaba tseo li joalo ruri na?”—Liketso 17:11.
Ka ho tšoanang, mesebetsi e mangata ea phutheho ea kajeno ea Bokreste e likoloha thutong. Kahoo, phutheho e phetha morero oa bohlokoa bakeng sa boteng ba eona, e leng, ho phahamisa le ho khotsofatsa takatso ea ho ithuta ka Jehova le merero ea hae. Tabatabelo ea mofuta ona ke e hahang le e molemo.
Meeli e Nepahetseng bakeng sa Tabatabelo
Leha ho le joalo, ka linako tse ling, bana ba lokela ho sireletsoa tabatabelong ea bona. Ha lesea le nanabetsa letsoho ho ea tšoara ntho e ’ngoe e chesang kapa ka ho batla ho tseba le kenya khalase ka hanong la lona ho utloa hore na e latsoeha joang, le ka ’na la tsoa kotsi. Ha re sitise khōlo ea lona ha re nyahamisa tabatabelo ea lona lintlheng tseno.
Ha bana ba hōla, tabatabelo ea bona e ka ’na ea boetse ea ba kenya khathatsong. Ka mohlala, moshanyana ea lilemong tsa bocha a ka ’na a labalabela ho tseba se fuperoeng ke limakasine tsa boitšoaro bo bobe. Kapa ngoanana ea lilemong tsa bocha, ka lebaka la tabatabelo, a rata ho leka koae kapa lithethefatsi tse ling. Sehlopha sa bacha se ka ’na sa bokana ’me sa noa biri e ngata—se leka hore se taoe hore feela se bone hore na ho joang! Le mona, ha re thibele khōlo le tsoelopele ea tlhaho ea bacha haeba re ba nyahamisa ka tabatabelo ea mofuta ona.
Na ho na le libaka tseo tabatabelo ea Mokreste ea hōlileng tsebong e ka ’nang ea mo kenya khathatsong? E, ka sebele. Pauluse o ile a lemosa Timothea khahlanong le ba ka ’nang ba ipiletsa tabatabelong ea Mokreste ka boiteko ba ho khelosa tumelo ea hae. Pauluse o itse: “Oho Timothea, boloka hle se beiloeng kalosong ea hao, u tšabe lipolelo tsa lefeela, tsa bonyefoli, le liphapang tsa tsebo e bitsoang joalo ka leshano; eo ba bang, ka ho e lumela, ba khelohileng tumelo ke hona.”—1 Timothea 6:20, 21.
Lengolong la hae la bobeli le eang ho Timothea, Pauluse o fane ka temoso e tsoelang pele: “Ba khelohileng ’nete, ka ho re, tsoho ea bafu e setse e etsahetse, ’me ba liha tumelo ea ba bang.” (2 Timothea 2:18) Na u ka nahana hore na puo e joalo e tlameha e be e ile ea tsosa tabatabelo e kaakang? Batho ba seng hlokolosi e ka ’na eaba ba ile ba ipotsa: ‘Batho baa ba bolela’ng? Ba ka bolela joang hore tsoho e se e etsahetse?’ Ba maketse, e ka ’na eaba ba ile ba mamela. Phello ea e-ba efe? Tumelo ea ba bang e ile ea khelosoa. Ho mamela lipuo tse joalo ka lebaka la tabatabelo ho ne ho le kotsi, ka tsela e tšoanang le ho leka lithethefatsi kapa libuka tsa boitšoaro bo bobe ka lebaka la tabatabelo ho le kotsi.
Na hoo ho bolela hore Bakreste ba “koalehile” ’me ha ba batle ho mamela maikutlo a batho ba bang? Che, eo hase eona taba. Ho e-na le hoo, ba elelletsoa ho qoba ho bulela likelello tsa bona lintho tse ka ba bakelang masoabi hamorao. Nahana feela hore na histori e ka be e fapane hakae hoja Eva a hanne ho khotsofatsa tabatabelo ea hae ka ho mamela mantsoe a thetsang a Satane Diabolose! (Genese 3:1-6) Moapostola Pauluse o ile a lemosa baholo ba Efese ka “liphiri” tseo, ha li bontša moea o tšoanang le oo Satane a ileng a o bontša ho Eva, ‘li bolelang litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.’ (Liketso 20:29, 30) Ba sebelisa “lipolelo tsa mano” tse reretsoeng ho re “hanyapetsa”. Mantsoe ana a hlalosa menahano e chefu bomoeeng ba Mokreste.—2 Petrose 2:3, bapisa le TLP.
Haeba u ne u tseba hore seno se seng se itseng se chefu, na u ne u tla se noa ka lebaka la tabatabelo ho utloa hore na se latsoeha joang kapa ho bona hore na ’mele oa hao o matla ka ho lekaneng ho ka mamella chefu? Le hanyenyane. Ka ho tšoanang, na ke bohlale ho bulela kelello ea hao mantsoe a reretsoeng ho u thetsa le ho u hulela thōko le ’nete? Le hanyenyane!
Hlokomela Lifilosofi tsa Lefatše
Tabatabelo e ka re ntša kotsi le rōna, haeba e re khannela ho fuputsa lifilosofi tsa lefatše. Filosofi e hlalosoa e le “boiteko ba batho ba ho utloisisa le ho hlalosa ka mabaka le ka liphuputso phihlelo eohle ea batho, lisosa le melao-metheo ea ’nete.” Leha ho le joalo, qetellong, ba rerang lifilosofi tsa batho ba fetoha ba tšoanang le ba “ithutang ka mehla, empa e le ba sitoang ho fihla tsebong ea ’nete le ka mohla o le mong.” (2 Timothea 3:7) Ho hlōleha ha bona ke ka lebaka la phoso e le ’ngoe ea motheo: Ba itšetleha ka bohlale ba batho ho e-na le bohlale bo tsoang ho Molimo.
Phoso ena e ile ea pepesoa hantle ke moapostola Pauluse. O ile a bua le Bakorinthe ka “bohlale ba lefatše lena,” e leng “bohlanya pel’a Molimo.” (1 Ba-Korinthe 3:19) ’Me o ile a lemosa Baroma ka bao e neng e le “maoatla mehopolong ea bona.” (Ba-Roma 1:21, 22) Jehova ke mohloli oa tsohle tseo re nang le tsona. Ka nepo, re talima ho eena hore a re fe ‘tsebo e nepahetseng le kelello eohle’ le ho re senolela “tse tebileng tsa Molimo.” (Ba-Filippi 1:9; 1 Ba-Korinthe 2:10) Mohloli o ka sehloohong oa bohlale ba Molimo ke Lentsoe la oona, Bibele.
Kaha lifilosofi tsa batho li hlokomoloha Lentsoe la Molimo, le ka mohla ha rea lokela ho tella kotsi eo li nang le eona. Monahano oa kajeno oa filosofi o khelositse baruti ba bangata ba Bokreste-’mōtoana hore ba amohele thuto ea ho iphetola hoa lintho. Ba lahla le tumelo ea bona ka ho bululeloa ha Bibele ka ho tšehetsa bofuputsi bo phahameng ka boiteko ba ho hapa tlhompho ea bohlale. Lifilosofi tsa bopolotiki le boahisane tse hatisang bolokolohi ba botho li isitse koluoeng ea ho ntšoa ha limpa, boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali bo atileng hohle, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi le mekhoa e meng e senyang. Monahano oa lintho tse bonahalang o khannela boholo ba batho kajeno hore ba methe thabo le katleho ka matlotlo a bona a bonahalang.
Lifilosofi tsena kaofela li emela boiteko ba ho rarolla mathata kapa ho batla thabo ka monahano oa batho, ntle ho thuso ea Molimo. Kaofela li hlokomoloha ’nete ea motheo eo Jeremia a e hlokometseng: “Jehova, kea tseba hobane tsela ea motho ha e matleng a hae, ’me motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jeremia 10:23) Thabo le ho pholoha ha rōna li itšetlehile ka kutlo le ho itšetleha ha rōna ka Jehova. Kahoo ke tsela e bohlale ho hana teko ea ho fa tabatabelo ea rōna bolokolohi, re pepesetsa likelello tsa rōna likhopolong tsa batho tse ka senyang monahano oa rōna ’me qetellong tsa re sia re lahlehile har’a ba se nang tšepo.
Tabatabelo Ka Bofelo bo Atamelang
Ho tloha ha Jehova a senola Edeneng hore o ne a e-na le morero oa ho tlosa liphello tsa bokhopo tsa bofetoheli ba Satane, bahlanka ba Hae ba tšepahalang ka mehla ba bile le tabatabelo e phelang ka ho phethahala ha morero ona oa bomolimo. E, le mangeloi a bontšitse tabatabelo ka sena! (1 Petrose 1:12) Mehleng ea Jesu, ba bangata ba ne ba thahasella ka matla ho tseba nako e nepahetseng ea hore na ’Muso oo o tla tla neng. Leha ho le joalo, Jesu a ba bolella khafetsa hore Jehova o ne a sa rate ha ba tseba. (Mattheu 25:13; Mareka 13:32; Liketso 1:6, 7) Teko leha e le efe ea ho bea letsatsi le itseng e ka be e ile ea nyopa. Ho e-na le hoo, ka bohlale a ba khothaletsa ho ela hloko boikarabelo ba bona ba Bokreste, ba bolokile kutloisiso ea ho potlaka letsatsi le leng le le leng.—Luka 21:34-36.
Kajeno, liketsahalo tsa lefatše li fana ka bopaki ba hore bofelo bo haufi, ’me tabatabelo e ngata e holim’a hore na bo tla tla neng. Liphetoho tse itseng e ka ’na eaba li kholisitse ba bang hore ba sibolotse letsatsi le hora. Ba latsoa ho tsieleha ho hoholo, mohlomong le ho isa ntlheng ea ho tlohela ho sebeletsa Molimo, ha litebello tsa bona li sa phethahale. Ho molemo haholo ho siea taba matsohong a Jehova, re tšepa hore o tla tlisa bofelo ka nako e nepahetseng hantle. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e hlokang bakeng sa ho itokisetsa re e filoe.
Ho Hlokahala ho Leka-lekana
Kahoo, ho tšoana le lintho tse ling tse ngata bophelong, tabatabelo ea rōna e ka ba lehlohonolo kapa thohako. Ha e tataisoa ka nepo, e ka koaholla mahakoe a bohlokoahali a tsebo a tlisang thabo le khatholoho. Tabatabelo e phelang ka ’Mōpi oa rōna, thato ea hae, le merero ea hae e ka ba e khotsofatsang le e molemo haholo. Tabatabelo e sa laoloeng le e sa tapeng e ka re hohella moraheng oa menahano le likhopolo tsa batho tseo ho tsona tumelo ea ’nete le boinehelo ba bomolimo li ke keng tsa phela. Kahoo, ha tabatabelo ea hao e tšosa ho u isa nthong e ’ngoe e belaetsang, “itebeleng, le se tšohe le hulanngoa le ba bang . . . ’me la timelloa ke ho tiea ha lōna.”—2 Petrose 3:17.