Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 3/1 maq. 30-31
  • Bukana e Nang le Ponahalo e Ncha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bukana e Nang le Ponahalo e Ncha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo re ka Sebelisang Bukana ea Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Phatlalatsa Litaba Tse Molemo Tsa ’Muso ka Libukana
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Sebelisa Libukana Tse Lekanang le Makasine Tse sa Tšoaneng Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Kofuto e Ncha ea ho Thusa Batho ho Ithuta Lintho Tseo Molimo a li Hlokang
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 3/1 maq. 30-31

Bukana e Nang le Ponahalo e Ncha

BOITSEBISO bo sehloohong se ka pele bo fanoe lefatšeng ka bophara Likopanong tsa Setereke tsa Lipaki tsa Jehova tsa 1986 tsa “Khotso ea Molimo.” Mona re tsoela pele ho akaretsa lintlha tse thahasellisang tse builoeng ke sebui:

“Bonang! Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha.” Seo ebile sehlooho sa bukana e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower morao ka 1959. Bukana ea mofuta ona e kōpiloe ke baromuoa Japane. Ho ile ha hlokahala buka e neng e tla fana ka molaetsa oa ’Muso ka mokhoa o hlakileng le o bonolo molemong oa batho ba sa tloaelanang le Bibele. Baromuoa ba fetang 30 tlas’a tsamaiso ea Mokhatlo oa Watch Tower, ba ile ba kopanela ho etsa bukana ena. Na bukana ena e ncha e ile ea finyella litlhoko ka ha ebile sesebelisoa se seholo ho qaliseng lithuto tse ncha Japane?

Litholoana lia ipuella. Nakong eo ho lokolloang bukana ea “Bonang!” ho ne ho na le tlhoro ea baboleli ba ’Muso ba 1 390 Japane. Kajeno, tlhoro ke baboleli ba 114 480. Bana bohle ba qalisitse thuto ea Bibele ka bukana ea “Bonang!” Lilemong tse 27 tse fetileng, likopi tsa bukana ena tse fetang 8 750 000 li abiloe ka Sejapane feela. Lilemong tse 20 tse fetileng, Japane e tlalehile tlhoro e ncha ea baboleli ba ’Muso khoeli le khoeli ntle ho likhoeli tse peli. Le hoja ho e-na le mabaka a mangata a tlatselitseng keketsehong ena e hlollang, ha ho pelaelo hore ho sebelisoa ha bukana “Bonang!” ho qalisa lithuto tsa Bibele ebile lebaka la sehlooho.

Ha joale bukana ena e nchafalitsoe ho latela litlhoko tsa joale, ’me e lokolotsoe likopanong tsa “Khotso ea Molimo” e boholo ba makasine oa maqephe a 32. Ho ekelitsoe ka karolo e ncha sehloohong sena “Lintho tse Mpe—Ke Hobane’ng ha Molimo o li Lumella?” Hape, lirapa tse qetellang li ngotsoe ho neha seithuti khothatso e mofuthu ea ho ikopanya le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Joale khatiso e hlaha ka mongolo o moholo o balehang le litšoantšo tse ngata tse rutang. Sekoahelo sa eona se setle sa mebala e mene se nyenyefalitsoe leqepheng le latelang.

Na bukana ena e ncha, “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” e loketse ho sebelisoa feela Linaheng tsa Bochabela? Ha ho pelaelo hore e tla ba molemo moo. Leha ho le joalo, ho lumeloa hore bukana “Bonang” e tla ba molemo le lefatšeng ka bophara ho qalisa lithuto tsa Bibele. Ho se ho fetile lilemo tse 30 hoba bukana ea mathomo e hatisoe. Nakong eo, tsebo ea Bibele e ne e fokola haholo, esita le linaheng tse ipolelang hore ke tsa Bokreste. Ho e-na le ho utloa lipale tse tsebahalang tsa Bibele ho batsoali ba bona, moloko o mocha o hōla o tloaetse thelevishene, o lumela sohle se fanoang ke lefatše. Tsena ’moho le litšitiso tse ling tsa lefatše le hlanyetsang menate, li sentse lihora tsa bohlokoa tse ka beng li sebeliselitsoe khōlo ea moea. Moloko oa joale ebang ke Bokreste-’motoaneng kapa leha e le kae, o tseba hanyenyane ka Lentsoe la Molimo. O hloka ‘lebese la Lentsoe,’ joalokaha ho totobalitsoe bukaneng ea “Bonang.”—Ba-Heberu 5:12.

Lefatšeng ka bophara, ho na le batho ba pelo tse ratang toka ’me ba tla thabela ho ithuta hore na ke joang ba ka khetholloang le “bongata bo boholo ba batho” bo tla lula bo phela kamor’a Armageddone. (Tšenolo 7:9, 14) Mosebetsing oa rōna oa ntlo le ntlo mohlomong re ka fumana batho ba bangata ba tla haptjoa ke sekoahelo se ratehang se nang le litšoantšo sa bukana esita le tlhaloso e ipiletsang ea Paradeise lirapeng tse qalang. Re ka sebelisa mangolo a qotsitsoeng maetong a ho boela ho tšehetsa lirapa tse bontšang hore tšepo ena hase toro feela. Ka thuto ea kamehla ea Bibele, re sebelisa bukana “Bonang” re ka ba thusa ho qalisa tsela ea bophelo. Joalokaha Jesu a boletse thapelong ho Ntat’ae: “Bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3.

E se e ka kaofela ha rōna re ka sebelisa ka cheseho bukana “Bonang” ho ntšetsa ’nete ea ’Muso pele, “bongata bo boholo ba batho” bo kopane le masala a batlotsuoa a baprista ba borena ho ‘khantšetsa batho leseli.’ (Mattheu 5:16) E se e ka lebitso le phahameng la Morena e Moholo Jehova le ka halaletsoa ka ho feletseng. E se e ka ka linako tsohle ho ka bontšoa hore litšepiso tsa Jehova Molimo, ’Mōpi oa leholimo le lefatše, ‘li tiile ke tsa ’nete.’ Ke eena ea bolelang ho tsoa teroneng ea hae leholimong: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.”—Tšenolo 21:5.

Bukana “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha” hammoho le libukana tse tsamaisanang le eona ’Muso O Tla Tlisa Paradeise le Lebitso la Molimo le Tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng li tla romelloa atereseng ea hao ha u li kōpa, ka moneelo oa R 1,50. Re kōpa hore U odore atereseng e loketseng e thathamisitsoeng leqepheng la 2.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela