Lipotso tse Tsoang ho Babali
◼ Na ho loketse hore Mokreste a lumelle ha setopo sa mong ka eena se buuoa hore se hlahlobjoe?
Bibele ha e bue ka ho toba ka ho buuoa ha litopo bakeng sa ho hlahlobjoa, empa ho na le likhopolo tse ling tse loketseng tsa Bibele tseo Mokreste a ka li nahanang. Joale ho ka etsoa qeto ea botho leseling la litemana tse joalo le la lintlha tsa boemo boo ho sebetsanoang le bona.
Hona ho etsoa ha ho buuoa setopo ho se hlahloba e le hore ho ka lekanyetsoa sesosa sa lefu. Hape ho ka fana ka boitsebiso mabapi le liphello kapa mehato e nkiloeng ke bohloko. Maikutlo a malumeli a mang ka ho buuoa ha litopo hore li hlahlobjoe a anngoe ke lithuto tseo e seng tsa Mangolo. Ka mohlala, buka ea liphuputso ea K’hatholike e re: “Setopo sa mofu se lokela ho tšoaroa ka hlompho e halalelang joaloka leaho la nakong e fetileng la moea oa hae . . . Qetello ea sona ke hore se tsohe le moea oa sona, tsohong e akaretsang, ho ea bophelong bo sa feleng . . . Ho ka ’na ha e-ba le khefu lipakeng pakeng tsa lefu le boleloang ke lingaka le ho falla ha moea.” Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore ha motho (moea o phelang) a e-shoa, o fetoha moea o shoeleng.(Genese 2:7; 7:21-23; Levitike 21:1, 11) Ho thoe’ng ka setopo sa hae? Ka “bana ba batho” le ka “liphoofolo,” rea bala: “Tsohle li tsoa lerōleng, ’me tsohle li khutlela lerōleng.” (Moeklesia 3:18-20) Tsohong, Molimo o ke ke oa tsosa setopo seo e leng khale se fetohile lerōle feela, empa o tla fana ka ’mele kamoo a khahloang.—Bona 1 Ba-Korinthe 15:38, 47, 48.
Tšobotsi e ’ngoe ea pono ea Bibele ka bafu e ka nahanoa mabapi le ho buuoa ha litopo hore li hlahlobjoe. Molimo o ne o laetse Iseraele: “Le se ke la phatsa ’mele oa lōna ka baka la mofu, ’me le se ke la ingola litšoantšo ka lehare. Ke ’na Jehova.” (Levitike 19:28; Deuteronoma 14:1, 2; Jeremia 47:5; Mikea 5:1, NW) E, batho ba Molimo ba ne ba sa lokela ho etsisa lichaba tse ba potileng ka ho seha nama ea bona e le pontšo ea ho llela mofu kapa bakeng sa mabaka a mang a bohata a bolumeli. Taelo ena e tlameha hore e be hape e ile ea khothatsa Baiseraele hore ba bontše tlhompho bakeng sa ’mele ea bona joaloka e bōpiloeng ke Molimo.—Pesaleme ea 100:3; 139:13, 14; Jobo 10:8.
Ka ho tšoanang Bakreste ba lokela ho hlompha bophelo ba bona le ’mele ea bona, tseo ba neelaneng ka tsona ho Molimo. (Ba-Roma 12:1) Ba bang ba fihletse qeto ea hore pono ena e hlomphang ’mele e lokela ho bōpa monahano oa bona ka ho buuoa ha litopo hore li hlahlobjoe. Ba ’nile ba ikutloa hore haeba ho se lebaka le tlamang, ba ka ikhethela hore setopo sa mong ka bona ea ratoang se se ke sa buuoa kamorao ho lefu. Mohlomong ba ka ’na ba tseba hore libakeng tse ling mali a ntšitsoeng likarolong tsa setopo a ’nile a sebelisetsoa litšelo kapa merero e meng, eo ba sa batleng ho kopanela ho eona.a
E be ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba ’nile ba lumella ho buuoa ha litopo hore li hlahlobjoe? Ba hlokomela hore Bibele ha e bue ka ho toba ka mokhoa ona oa bongaka. E ka ’na eaba hape ba hlokometse hore Baiseraele Egepeta ba ile ba lumella lingaka tsa Baegepeta hore li omeletse Jakobo le Josefa, e leng hoo mohlomong ho ileng ha ama mehato ea ho buoa ho tlosa likahare. (Genese 50:2, 3, 26) Mabakeng a itseng kajeno, molao oa naha o hloka hore setopo se buuoe hore se hlahlobjoe. Ka mohlala, haeba motho e mocha, ea phelang hantle a ka shoa ka lebaka le sa hlakang, e ka ’na ea e-ba tlamo hore setopo sa hae se buuoe. Ka ho hlakileng, ha molao o hloka hore setopo se buuoe hore se hlahlobjoe, Bakreste ba hopola keletso ea ‘ho ikokobeletsa marena.’—Ba-Roma 13:1, 7; Mattheu 22:21.
Esita leha motho ea neng a ntse a le tlhokomelong ea ngaka, ’me kahoo ho ka ’na ha tsejoa hore na o bolailoe ke eng, ho buuoa ha setopo hore se hlahlojoe ho ka fana ka boitsebiso bo thusang. Bana ba setseng ba ka ’na ba rata ho tseba sesosa e le hore ba ka eketsa boitsebiso ba histori ea ho kula ea lelapa labo bona. Boitsebiso bo joalo bo ka ’na ba ama tsela eo ba tla phela ka eona kapa ba phekoloe ka eona kamoso. Ho na le mabaka a mang hape, ao ka oona ba bang ba ’nileng ba lumella hore setopo se buuoe hore se hlahlobjoe. Tlaleho ea setopo se builoeng e nang le bopaki ba phuphutso e entsoeng ka linama tse bonojoana tsa ’mele e ka ’na ea nolofaletsa lelapa hore le tšoanelehele melemo e tlelang ba setseng, e kang ka ho ba nea bopaki ba lefu la matšoafo le amanang le merafo ea mashala. Ba bang ba ’nile ba ikutloa hore ho buuoa ha setopo hore se hlahlobjoe ho ka eketsa khotso ea likelello tsa bona ka ho ba thusa ho utloisisa hore na ke eng e bakileng kapa e sa kang ea baka lefu la moratuoa oa bona. Mohlomong le batho ba kantle ho lelapa ba ka ’na ba ameha. Beng ka mofu ba ka ’na ba ikutloa ka tieo hore ho lumella ho buuoa ha setopo hore se hlahlobjoe ho ka thusa ngaka hore e utloisise sesosa sa ho kula ’me kahoo e ka hlomelloa hamolemo ho sebetsa ba bang.
Ka baka leo, ho loketse hore Bakreste ba bontše ho hlompha ’mele ea bona, empa ho na le mabaka a mang ao ba ka a nahanelang ha ba etsa qeto ea ho lumella kapa ho se lumelle ho buuoa ha setopo hore se hlahlobjoe boemong bo itseng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabapi le hore ho ka ’na ha sebelisoa likarolo tsa ’mele oa motho bakeng sa merero ea ho li kenya ho ba bang, bona Molula-Qhooa oa la 15 Loetse, 1980, leqephe 30.