Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 6/1 maq. 20-23
  • ‘Mohope oa ka o ’Nile oa Khaphatseha’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Mohope oa ka o ’Nile oa Khaphatseha’
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Re ne Re Tla ea Kae?
  • Tlokotsi e Otla Hape
  • Tseko Ea Ho Lumelisa Folaga
  • Ho Hlophisoa Sekolo sa ’Muso
  • Khethollo le Mosa
  • ‘Mohope oa ka o ’Nile oa Khaphatseha’
  • Ha Baa ka ba Ntela le ka Mohla
    Tsoha!—2012
  • Ho Hong ho Molemo ho Feta Botumo
    Tsoha!—2004
  • Esale Jehova a Ntšehelitse
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Ho Hōlisetsa Bana ba Robeli Litseleng Tsa Jehova ho ne ho le Thata Empa ho Thabisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 6/1 maq. 20-23

‘Mohope oa ka o ’Nile oa Khaphatseha’

Joalokaha ho boletse Tarissa P. Gott

“KE HOBANE’NG ha hoo ho etsahetse.” ’Na le monna oa ka re ile ra botsa potso ena ha re lutse ka kariking ea lipere re nkile lekese le lenyenyane la bafu. Lesea la ka la moshemane le ne le ile la tšoaroa ke bohloko ba mala ’me la shoa kamorao ho libeke. Khale ka 1914 ho ne ho sa tsejoe ho hongata ka hore na ho ka etsoa’ng ka bohloko boo. E ne e le ntho e bohloko haholo ho rata lesea ka likhoeli tse tšeletseng, ho le bona le u tšehisa, ’me e be joale lefu le le hlotha matsohong a hao. Pelo ea ka e ne e siame.

’Mè o ile a re etela nakong ena e bohloko ’me a qala ho re tšelisa ka molaetsa oa Bibele oa tsoho. Oa bolela ho hoholo ho rōna. E bile topollo e kaakang ha ’na le monna oa ka Walter, re ithuta hore ho tla ba bonolo ho boetse re bona Stanley e monyenyane.

Ke ne ke sa qale ho utloa ’nete. Nakoana pele ho moo, ntate-moholo o ne a ile a fumana meqolo ea pele e meraro ea Studies in the Scriptures ea Charles Taze Russell. Seo Ntate-moholo a neng a se balile ho eona, hammoho le ho ithuta ha hae Bibele, sa mo susumetsa hore a tsoele ntle ho ea bolela. Hona ha nyenyefatsa baruti ba sebaka seo, ba ileng ba mo leleka likerekeng tsa Providence, Rhode Island. Kamorao ho moo ’Mè le eena ha ho mohla a kileng a ea kerekeng. Eena le Ntate-moholo joale ba ea libokeng tsa Liithuti tsa Bibele, empa ka nako eo ha nka ka etsa letho le lekaalo ka ’nete.

Ha ke le lilemo li 16, ka nyalana le mohlankana, Walter Skillings, ’me ra lula Providence. Ka bobeli re ne re chesehela ho kopana le batho ba neng ba rata Lentsoe la Molimo. Le hoja ka 1914 re ne re e-na le morali ea lilemo li tšeletseng, Lillian, ha ea ba ho fihlela ha lesea la rōna la moshemane le e-shoa moo lintho tseo ’Mè a neng a ile a re bolella tsona ka ’nete li ileng tsa rothela kelellong. Ka selemo se hlahlamang, 1915, ’na le monna oa ka ra kolobetsoa ke Liithuti tsa Bibele. Re ile ra kolobetsoa nakong ea selemo sebakeng seo ho sesetsoang ho sona haufi le moo. Ke ne ke apere seaparo se selelele se setšo se nang le molala o molelele le matsoho a malelele, se fapaneng haholo le liaparo tsa ho sesa tse aparoang hona joale. Ha e le hantle, sena e ne e se seaparo se tloaelehileng sa ho sesa sa mehleng eo empa se ne se lokiselitsoe ka ho khetheha bakeng sa kolobetso.

Bophelo ba rōna bo ile ba fetoha kamor’a hore re kolobetsoe. Walter o ile a sebeletsa Lynn Gas and Electric Company, ’me ka matsatsi a ha ho bata a mariha, ka linako tse ling o ne a romeloa likerekeng tse fapa-fapaneng ho ea thibolla lipompo tsa metsi a tsona a ikentseng leqhoa. O ne a atisa ho ipha monyetla ka ho ngola litemana tsa Mangolo letlapeng la kereke la litsebiso, litemana tse neng li bontša seo Bibele e se buang ka ho se shoe ha moea, Boraro-bo-bong, lihele le tse joalo.—Ezekiele 18:4; Johanne 14:28; Moeklesia 9:5, 10.

Re ne Re Tla ea Kae?

Ka 1916, Moena Russell, mookameli oa pele oa Watch Tower Bible and Tract Society, a shoa, ’me ha bonahala eka ntho eohle e senyehile. Joale ba bangata ho ba neng ba ile ba bonahala eka ba matla, ba ineetse haholo ho Morena, ba qala ho koeneha. Ha hlaka hore ba bang e ne e le balateli ba motho ho e-na le ba Jehova le Kreste Jesu.

Baholo ba babeli ba neng ba okametse phutheho ea rōna ba ea le sehlopha sa bakoenehi ’me ka hona ba fetoha litho tsa sehlopha sa ‘mohlanka ea khopo.’ (Mattheu 24:48) Hona hohle ha hoa ka ha bonahala ho nepahetse, empa ho ne ho etsahala ’me ha re ferekanya. Empa ka ipolella hore: “Na mokhatlo oo o hlophisitsoeng hase oona oo Jehova a o sebelisitseng ho re lopolla litlamong tsa bolumeli ba bohata? Na ha rea latsoa molemo oa hae? Haeba re ka tloha hona joale, re tla ea kae? Na ha re na ho qetella re latetse motho e mong ea itseng?” Re ne re sa bone hore na re ka ea le bakoenehi joang, kahoo ra lula.”—Johanne 6:68; Ba-Heberu 6:4-6.

Tlokotsi e Otla Hape

Monna oa ka a tšoaroa ke mokakallane ’me ka la 9 Pherekhong, 1919, a shoa nakong eo le ’na ke neng ke ntse ke le liphateng ke bohloko boo. Ka fola ho kuleng ha ka, empa ka hloloheloa Walter haholo.

Ha Walter a se a ile, ka lokela ho sebetsa, eaba ke thotha thepa ea ka ’me ka ea lula le ngoan’eso moeeng. Thepa ea ka ka e boloka ha ngoan’eso e mong moeeng Saugus, Massachusetts. Mora oa hae, Fred A. Gott, hamorao e bileng monna oa ka oa bobeli. Re ile ra nyalana ka 1921, ’me nakong ea lilemo tse tharo tse latelang, ra ba batsoali ba Fred le Shirley.

Tseko Ea Ho Lumelisa Folaga

Hamorao, ha Fred le Shirley ba le sekolong sa sechaba, ha tsoha tseko ea ho lumelisa folaga. Tseko e ne e likoloha thutong ea Bibele e buang ka ‘ho tšaba melimo ea bohata.’ (1 Ba-Korinthe 10:14) Moena e mong e monyenyane Phuthehong ea Lynn, o ne a ile a hana ho lumelisa folaga le ho ikana hore o tšepahala ho eona. Ka khoeli feela ha be ho lelekiloe bana ba supileng ba phutheho eo sekolong, har’a bona e le Fred le Shirley.

Ke tlameha ho bolela hore e bile ntho e kang mohlolo ho rōna hore bana ba rōna ba ikemela ka tsela e joalo sekolong. Ha e le hantle, re ne re ba rutile ho hlompha naha le folaga, ’me hape re ba rutile litaelo tsa Molimo tse buang ka ho se khumamele litšoantšo le melimo ea litšoantšo. Joaloka batsoali, re ne re sa batle ha bana ba rōna ba lelekoa sekolong. Empa joale ha e le mona ba se ba qobelletsoe tsekong ena, ha bonahala ho loketseng feela e le hore ba emele ’Muso oa Molimo. Eare ha re seka-seka taba ena, ra ananela hore bana ba rōna ba ne ba etsa ntho e nepahetseng le hore haeba re tšepa Jehova sohle se tla sebeletsa ho pakela lebitso la hae.

Ho Hlophisoa Sekolo sa ’Muso

Joale potso e ne e le hore na, Bana ba tla rutoa joang? Ka nakoana re ile ra leka ho ba ruta lapeng ka libuka leha e le life tsa ho ithuta tseo re neng re ka li khona. Empa ’na le monna oa ka re ile ra thatafalloa ka selemo seo sa pele sa sekolo ha re leka ho ruta bana ba rōna ba babeli. Monna oa ka o ne a sebetsa letšehare lohle, ’me ke ne ke eketsa moputso oa hae oa beke le beke ka hore ke hlatsoetse batho le ho ba otlollela liphahlo tsa bona. Ho phaella moo, ke ne ke e-na le mora ea lilemo li hlano, Robert, eo ke neng ke lokela ho mo hlokomela.

Hoo e ka bang ka nako eona eo, selemo ka 1936, Cora Foster, ngoan’eso phuthehong le eo e neng e bile tichere likolong tsa sechaba tsa Lynn ka lilemo tse 40, o ile a lelekoa mosebetsing oa hae ka lebaka la ho se lumelise folaga le ka lebaka la ho se nke kano ea matichere e neng e tloaelehile ka nako eo. Ka baka leo, ha lokisetsoa hore Cora o ne a tla ruta bana ba neng ba lelekiloe sekolong le hore ntlo ea rōna e ne e tla sebelisoa joaloka Sekolo sa ’Muso. Cora a lata piano ea hae le libuka tse ling tsa ho ithuta a li tlisa lapeng ha rōna hore bana ba li sebelise, ’me bashemane ba baholoanyane ba etsa litafole tsa ho ngolla ka mabokose a lilamunu le ka mapolanka. Hoetla ka selemo se latelang ra bula sekolo ka bana ba leshome.

Mora oa ka e monyenyane, Robert, a qala thuto ea hae ka ho kena sehlopha sa pele Sekolong sa ’Muso. Robert o sa hopola, “Pele re qalisa mosebetsi oa rōna oa kamehla oa sehlopha, Sekolo sa ’Muso se ne se qaloa ka pina ea ’Muso tsatsi le leng le le leng, e be joale ka metsotso e mashome a mararo re ithuta thuto ea Molula-Qhooa bakeng sa beke e tlang.” Mehleng eno Mokhatlo o ne o sa hatise lipotso bakeng sa lirapa tsa sehlooho se ithutoang, ka hona ea e-ba boikarabelo ba bana hore ba etsetse lirapa lipotso tse tla sebelisoa sebokeng sa phutheho.

Cora e ne e le tichere e itetseng. Robert o sa ntsane a hopola hore, “ha ke ne ke tšoeroe ke mokhokhothoane,” ’me sekolo se koetsoe ho fihlela ha bohloko bona bo tšoaetsanoang bo fola, “Khaitseli Foster o ne a etela seithuti se seng le se seng lapeng ’me a se fa mosebetsi o etsoang lapeng.” Ho sa tsotellehe boitelo ba hae, o tlameha hore e be o ne a khathala ka linako tse ling hobane o ne a lokela ho ruta liithuti lihlopheng tsohle tse 12 ka phapusing e le ’ngoe. Qetellong ea lilemo tse hlano tseo re bileng le Sekolo sa ’Muso lapeng ha rōna, ho bile le bana ba 22 ba keneng sekolo teng.

Khethollo le Mosa

Tseko ea ho lumelisa folaga ha ea ka ea tlisa nako ea teko le khatello feela empa e boetse ea tlisa phatlalatso e batsi ea likoranta le se-ea-le-moea. E ne e le ntho e tloaelehileng ho bona ba nkang litšoantšo ka pel’a ntlo ea rōna ba nka litšoantšo tsa bana ha ba fihla Sekolong sa ’Muso. Baahelani ba rōna ba bangata bao pele ho moo ba neng ba ntse ba le botsoalle, joale ba fetoha ba hanyetsang. Ba ne ba nahana hore ke ntho e sisimosang hore bana ba rōna ba hane ho lumelisa folaga ea Amerika. Ba ne ba ee ba re, ‘Ha e le hantle, na ee hase eona naha e le fang bohobe le botoro?’ Ba ne ba sa ananele hore ntle ho tlhokomelo ea Jehova, ho ne ho ke ke ha e-ba le bohobe kapa botoro.

Ka lehlakoreng le leng, ho na le ba bang ba neng ba utloisisa litseko tse amehang ’me ba re tšehetsa. Ha batho ba sebaka seo re ahileng ho sona ba hana ho ea reka lebenkeleng la korosari leo molebeli ea okamelang oa phutheho ea rōna a neng a sebetsa e le mookameli oa lona, motho e mong ea ruileng ea neng a thahasella tokoloho ea batho o ne a reka boholo ba lintho tse rekisoang lebenkeleng leo ’me a li abela baena ba phuthehong eo ntle ho theko.

Ha ea ba ho fihlela ka 1943, ha Lekhotla le Phahameng la United States le etsolla boemo ba lōna mabapi le tseko ea ho lumelisa folaga, moo mora oa ka Robert a ileng a lumelloa ho kena sekolo sa sechaba.

‘Mohope oa ka o ’Nile oa Khaphatseha’

Ke ile ka thaba hakaakang ha ke bona Robert a neela bophelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoa kopanong St. Louis ka 1941! Ke kopanong eo hape, moo bana ba ka kaofela ba bararo ba bileng le tokelo ea ho ba har’a bana ba bangata ba ileng ba amohela buka e sa lefelloeng Children ho Moena Rutherford, eo ka nako eo e neng e le mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower.

Ka 1943 mora oa ka oa bobeli, Fred, a kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ba nako e tletseng. Leha ho le joalo, hona o ho entse feela ka likhoeli tse seng kae, hobane Ntoa ea II ea Lefatše e ne e loana, ’me o ne a le lilemong tsa bosole. Eare ha lekhotla le biletsang bosoleng le hana ho mamela kōpo ea hae ea ho lokolloa joaloka moruti, o ile a ahloleloa lilemo tse tharo chankaneng e khōlō ea Danbury, Connecticut. Ka 1946 o ile a lokolloa, ’me qetellong ea selemo seo, e ne e le mosebeletsi oa nako e tletseng ntlo-kholo ea lefatše ea Mokhatlo oa Watch Tower e Brooklyn, New York, moo a ileng a thabela tšebeletso ea lilemo tse telele teng. Hona joale ke molebeli, o sebeletsa le lelapa la hae Providence, Rhode Island.

Ka 1951, Robert le eena o ile a memeloa Bethele, ’me o ntse a le moo ho fihlela joale le mosali oa hae Alice. Le eena, ke molebeli, phuthehong e ’ngoe ea Motse New York.

Joale ho boetse ho teng morali oa ka ea ratoang Shirley, ea ntseng a setse lapeng. O re hlokometse le monna oa ka ho fihlela monna oa ka a e-shoa ka 1972; ebile matšeliso a maholo haholo ho ’na ho tloha ka nako eo. Ka sebele ha ke tsebe hore na boemo ba litaba e ka be e le bofe ha a ne a le sieo, empa ke leboha Jehova ka lerato la Shirley le boineelo ba hae.

Hona joale ke lilemo li 95, empa leha ho le joalo tšepo ea tsamaiso e ncha ea Jehova e khanya ho feta neng kapa neng. Ka linako tse ling ke ee ke iphumane ke re, “Hoja ho hōloa ho boeloa.” Ha ke sa khona ho ea ka ntlo le ntlo, empa hafeela ke ntse ke e-na le leleme, ke tla tsoela pele ho rorisa Jehova. Kajeno ke ananela tokelo ena ho feta neng kapa neng bophelong bohle ba ka. E, ‘mohope oa ka e bile o khaphatsehang.’—Pesaleme ea 23:5.

[Setšoantšo se leqepheng la 21]

Sekolo sa ’Muso se tšoaretsoe lapeng ha rōna ka bo-1930

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Tarissa Gott a e-na le Robert, Shirley le Fred

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela