Khapo ea Likhau ea Sehlopha sa bo83 sa Gileade Ebile Ketsahalo e Thabisang ka Sebele
“RORISANG Jehova, hobane o molemo: Efela mohau oa hae ke o sa feleng.” (Pesaleme ea 136:1) Bona e bile boikutlo bo tsoang pelong ba bohle ba 4 391 ba neng ba le ketsahalong ea khapo ea likhau ea sehlopha sa bo83 sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade lehoetleng lena (karolong e ka leboea ea lefatše). Lipuo, liphihlelo, le tšoantšiso ea Bibele tse bontšitsoeng nakong eo li entse hore bohle ba tsamaee ba thabile haholo. Khapo ea likhau ebile ka Loetse 6, 1987, Holong e ntle ea Kopano Jersey City, eo pele e neng e tsejoa e le Stanley Theater.
Kamor’a pina e bulang, le thapelo ka John Booth oa Sehlopha se Busang, molula-setulo, Albert Schroeder, setho se seng sa Sehlopha se Busang, o ile a amohela bohle ketsahalong ena e thabisang. Liithuti tse 24 li ne li tsoa linaheng tse hlano, ’me li ne li romelloa linaheng tse robeli tse fapaneng. Moena Schroeder o ile a phahamisa tšepo eo batho ba Molimo ba nang le eona hobane tumelo ea bona e theiloe mabakeng a tiileng. Ka mohlala, ba tseba hore Jehova ke ’Musi oa Bokahohle le hore Lentsoe la Hae, Bibele e Halalelang, ke ’nete e tiileng. Hona ho loantšana ka ho hlokomelehang le lithuto tsa batho tse theiloeng linthong tse sa tieang le likhopolong.
Sebui sa pele e ne e le Martin Poetzinger, eo le eena e leng setho sa Sehlopha se Busang, ea qetileng lilemo tse robong likampong tsa mahloriso tsa Nazi. Sehlooho sa hae e ne e le “U Tšepile Mang?” se theiloeng ho Liproverbia 3:5, 6. O ile a hatisa ho liithuti tlhoko ea ho tšepa Jehova ka ho feletseng le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang, le ho paka botšepehi ka bomong. Koetliso ea liithuti ea Gileade e ne e le motheo feela; joale li tlameha ho haha holim’a oona ka ho latela keletso ea Pauluse e ho Ba-Efese 5:15, 16. ‘Le se ke la ema,’ ho phehelletse sebui. ‘Le tla ba le mathata kabelong ea lōna ea boromuoa mabapi le puo, boemo ba leholimo, lijo, le tse ling; empa ka ho tšepa Jehova, le ka rarolla mathata ana ’ohle. Ho rata batho ke senotlolo sa katleho. Khothatso e ’ngoe le e ’ngoe e tsoa ho Jehova; ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nyahamisang e tsoa ho Satane.’
Sebui sa bobeli e ne e le Eldor Timm, setho sa Komiti ea Khatiso, se neng se theile litlhaloso tsa sona ho 2 Ba-Korinthe 13:5: “Itekoleng e le lōna, le tle le bone ha le le tumelong.” Liithuti li qetile ho ngola litlhahlobo, se boletse, empa li tla talimana le liteko tse ling tse ngata kabelong ea tsona ea boromuoa. Tsela eo li hlōlang liteko tseo e tla lekanyetsa katleho ea tsona e le baromuoa. Li hloka ho itebela khahlanong le ho itšepa ka ho feteletseng ka ho mamela keletso ena: “Ka baka leo, ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.” (1 Ba-Korinthe 10:12) Li tla tsoela pele ho ntlafatsa haeba li bolokile boikutlo bo botle ba kelello.
Ho ile ha latela setho sa Komiti ea Lefapha la Tšebeletso, Joel Adams. Se boletse sehloohong sena: “Nahanang Joaloka Jesu, Bontšang Thahasello ea Botho ho ba Bang.” Jesu o beile mohlala o motle hakaakang tabeng ena! Mohlala oa hae o hlokang boikhabi le oa boikokobetso o totobatsoa bakeng sa rōna ho Ba-Filippi 2:3-5. Haeba ba bang e le liteko ho rōna ka lebaka la litšito tsa bona kapa ho hloka masene, a re etseng sohle ho bontša mosa ho bona. Nakong ea lithuto tsa Sekolo sa Gileade, ba bangata ba bontšitse thahasello ho liithuti; joale e ne e le ho bona ho etsa se tšoanang ho ba bang. Baromuoa ba atlehileng haholo ke ba bontšang thahasello litloaelong tsa ba bang, puong, litlhokong, le tse ling.
Lloyd Barry, eo ebileng moromuoa ka lilemo tse ngata, hape e le setho sa Sehlopha se Busang, o ile a latela ka ho khothatsa liithuti. O ne a buella sehloohong “Binelang Jehova,” se theiloeng ho Pesaleme ea 96:1. Batho ba Jehova ba thabela ho bina. Ho bina ho tsamaisana le thabo, ’me kahoo o khothallelitse liithuti hore le ka mohla li se lahle thabo ea ho tlisetsa ba bang ’nete. ‘Haeba u tlamehile ho ithuta puo e ncha,’ o phehelletse, ‘qala pele ka ho bontša thahasello ho eona. Diabolose o tla leka ho u nyahamisa, ka ho etsa hore u hloloheloe hae, le ho baka likarohano mosebetsing oa lōna. Le ka mohla u se mo fe sebaka!’ Moena Barry o buile ka “hlooho ea sekolo sa koetliso ea baromuoa,” Edwin Skinner, ea bileng kabelong ea hae naheng esele ea India ka lilemo tse 60, eo joale a nang le lilemo tse 93 ’me a ntse a etsa mosebetsi o felletseng oa letsatsi. Ho ea ka Moena Skinner, senotlolo sa katleho u le moromuoa se na le mantsoe a mane: “Boikokobetso bo ka sehloohong!”
Kamor’a litlhaloso tsena, molula-setulo o ile a bala melaetsa ea telegramo e babatsang liithuti le ho atolosetsa kamohelo ho tsona. Ho amohetsoe melaetsa e tsoang Bolivia, Canada, Ecuador, Honduras, Spain, Sweden, le Trinidad.
Jack Redford, e mong oa barupeli ba Sekolo sa Gileade, o boletse sehloohong “Tsoela Pele u le Motsoalle oa Jehova.” O qalile ka ho bontša hore ho na le likolo tse ngata tsa khoebo tse fanang ka koetliso ea ho finyella katleho khoebong ka ho hapa metsoalle le ho susumetsa batho. Liithuti, e le baromuoa ba kamoso, le tsona li rutiloe kamoo li ka hapang metsoalle le ho susumetsa batho, e seng bakeng sa molemo oa boithati, empa e le hore batho ba joalo ba ka fetoha metsoalle ea Molimo. Sebui se itse: ‘Bophelo ba lōna ke ho iketsa sehlabelo. Le fumane feela, fanang feela. Ha ho khotsofalo kapa thabo tse fetang ho atleha ho thusa batho ho fetoha metsoalle ea Molimo. Botsoalle le Molimo ke tlotla e khōlōhali eo sebōpuoa leha e le sefe se ka bang le eona. Jakobo 2:23 e bolela hore Abrahama o ile a fetoha motsoalle oa Jehova ka baka la ho bontša tumelo ho Molimo. O ile a ea naheng esele ’me ha a ka a hetla; le lōna baromuoa ha le a lokela ho hetla, empa, ho e-na le hoo, talimang mahlohonolong lefatšeng le lecha la Molimo.’
Ulysses Glass, morupeli oa Gileade le mongoli oa sekolo, a bua sehloohong “Thuto ea ho Qetela.” O bontšitse hore liithuti li ithutile kamoo melao ea Jehova e hlileng e sebetsang le ho toba kateng. Ka mohlala, o buile ka likarolo tse ngata tse amanang le mahlabelo a neng a nyeheloa ka Letsatsi la Lipheko le liphoofolo tse ngata tse neng li bolaoa. (Levitike, khaolo 16) O babalitse liithuti ka ho bontša kananelo ea tsona e tsoang lipelong ’me a bolela hore Pesaleme ea 145:7 e hlalosa boikutlo ba tsona hantle: “Ho ke ho tumisoe khopolo ea lereko la hao le leholo, ho rokoe ho loka ha hao.” Ha a qetella, a qotsa hape Liproverbia 3:5-7, a hatella tlhoko ea tsona ea ho ‘tšepa Jehova ka lipelo tsa tsona tsohle.’
Moena F. W. Franz, mopresidente ea lilemo li 94 oa Sekolo sa Gileade, hape e le mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society, a fana ka puo e koalang hoseng hoo. Ho eona o ile a bolela ka ho hlaka histori ea Mokhatlo ho tloha nakong ea mopresidente oa pele, C. T. Russell, ho tla fihla ho theoeng ha Sekolo sa Gileade. Bohle ba ile ba ananela puo ea hae e matla le e mafolo-folo haholo. Kamor’a puo ea hae, liithuti tse 24 li ile tsa fumana mangolo a tsona hammoho le limpho tse ling, ’me e mong oa liithuti a bala lengolo le monate le hlalosang ho ananela ha liithuti thuso eohle eo li e fumaneng ho Sehlopha se Busang le ho lelapa la Bethele.
Kamor’a khefu ea lihora tse batlileng ho ba peli, Phil Wilcox, setho sa Komiti ea Mapolasi a Watchtower, o ile a qhoba thuto e khutšofalitsoeng ea Molula-Qhooa eo lipotso tsa thuto li neng li arabeloa ke liithuti. Ha latela lenaneo leo liithuti li neng li bontša hape liphihlelo tseo li li thabetseng ha li ne li paka ka bo-Laboraro motšehare oa mantšiboea Motseng oa New York. Ena e ne e le karolo ea thupelo ea tsona ea Gileade. Hape tsa bontša ka ho hlaka mathata a fapaneng ao li ka lebellang ho sebetsana le ’ona ha li fihla likabelong tsa tsona linaheng lisele.
E le sephetho se tšoanelang lenaneo lohle, liithuti li ile tsa etsa tšoantšiso ea Bibele e likarolo tse peli li apere ka tsela ea tšoantšiso, ho totobatsa kotsi ea mehla eo re phelang ho eona. Tšoantšiso e entse sena ka ho bapisa mehla ea rōna le likahlolo tsa nakong e fetileng. Ka 4:15 p.m., ka ho bina pina “Ho Ata ’Musong oa Molimo” le thapelo ka setho sa Sehlopha se Busang Milton Henschel, lenaneo le thabisang ka ho fetisisa le ile la liheloa.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Sehlopha se Hapang Likhau sa bo83 sa Sekolo sa Bibele sa Watchtower sa Gileade
Lethathameng le ka tlaase mona, mela e baloa ho tloha ka pele ho ea kamorao, ’me mabitso a thathamisitsoe ho tloha ka letsohong le letšehali ho ea ho le letona moleng o mong le o mong. (1) Melin, D.; Goode, M.; Ramos, M.; Chow, N.; Hermanson, A.; Dagostini, D. (2) David, E.; DiPaolo, A.; Neiman, D.; Shephard, J.; Foster, M.; Ramos, R. (3) Foster, W.; Melin, D.; Fristad, D.; Fristad, R.; White, L.; Dagostini, F. (4) Neiman, D.; Ness, S.; Shephard, D.; Goode, J.; White, K.; Hermanson, L.