Baevangeli—Ba Bokella Kotulo Lefatšeng Lohle
“Ha nako e ntse e tsamaea ho leba Armageddone, Lipaki tsa Jehova li eketsa mesebetsi ea tsona ho fumana ba bangata ba rōna ka hohle kamoo li ka khonang hore ba pholosoe timetsong eo e tšabjoang.”—Taba e hlophisitsoeng ke Ian Boyne ho “The Sunday Gleaner,” ea la 15 Tlhakubele, 1987, Kingston, Jamaica.
SENGOLI sa mohlophisi se qotsitsoeng kaholimo se nepile. Lipaki tsa Jehova li lumela hore Armageddone—nako eo ka eona Molimo o tla timetsa ba khopo, e atametse le hore moloko oa batho o phela nakong ea kahlōlo ea bomolimo. (Tšenolo 14:6, 7) Kahoo, ho hlokahalang hore batho ba utloe molaetsa oa litaba tse molemo. Jesu Kreste, ’moleli e moholo ka ho fetisisa oa evangeli ea kileng a phela e le motho, o ile a qala mokhatlo o hlophisitsoeng o neng o bolela evangeli “ho isa pheletsong ea lefatše” lekholong la pele la lilemo. (Liketso 1:8, New English Bible; Ba-Kolosse 1:23) O hlile a profeta mosebetsi o tšoanang oa ho bolela evangeli bakeng sa mehla ea rōna. (Mattheu 24:14) Hona joale mokhatlo o hlophisitsoeng o etsang joalo o entsoe ka Lipaki tsa Jehova, tse bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka ho potlakileng linaheng le mafatšeng a 210.
Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova hase feela mokhatlo o hlophisitsoeng oa boboleli. Hape ke mokhatlo o hlophisitsoeng o rutang. Jesu o ile a nea balateli ba hae thōmo ea hore, “le rute lichaba tsohle, . . . ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Mattheu 28:19, 20) Re lakatsa ho u kopanya le batho ba bang ba ileng ba fumana molemo mosebetsing oa tsona oa ho bolela le ho ruta.
Mexico
Kopana le Virginia. O lilemo li 110 ’me o batla ho u bolella hore “ha ho mohla e seng e le morao haholo hore motho a ka tseba Jehova le ho mo sebeletsa.” Ha e sa ntsane e le mosetsana, o ne a cheseha haholo hoo a ileng a qeta lilemo tse ’nè a apara seaparo se khethehileng sa bolumeli. O re, “Empa ntho e ’ngoe e ne e haella.” Ho ne ho se kae kapa kae moo a neng a ka fumana likarabelo tse khotsofatsang bakeng sa lipotso tsa hae tsa Bibele. Ka mohlala, ha a ne a botsa baruti kerekeng ea hae, “Lebitso la Molimo ke mang?” ba ne ba arabela, “Lebitso la Molimo ke Molimo.”
Empa lintho tsa fetoha ka 1983 ha setloholo sa hae se qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Setloholo se ile sa arabela potso ea Virginia ka hore Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Sena se ile sa susumetsa Virginia ho ba le thuto eo e leng ea hae ea Bibele le Lipaki. Lilemo tse peli hamorao, ka la 2 Phuptjane, 1985, o ile a kolobetsoa a le lilemo li 108.
O re, “Ke hopola letsatsi leo ka thabo, hobane ka letsatsi leo ke ile ka qala ho phela. Ke ntse ke le mokana, ke bolela lihora tse hlano kapa tse tšeletseng ka khoeli ’me ke ikokotlela ka lere ha ke tsamaea. Ke bona ho le molemo ho tsamaea ho e-na le ho kena koloing. Ka tsela ena ke boloka ’mele oa ka o ntse o le boemong bo botle.”
India
Monna ea ileng a tšoaroa ka baka la litlōlo tse ngata tsa molao o re: “Ke ne ke le mohlankana ea leferesane la bokhopo sebakeng sa heso le ea se nang thuso. Ke ne ke mōkōla lithethefatsi, ke bapala mutka (papali ea chelete), ’me ke tsuba lisakarete tsa mahala tseo ke neng ke li fumana ho mahlahana a ka a sekhukhu. Tloaelo e ’ngoe hape eo ke neng ke e-na le eona e ne e le ea joala—’me ke ne ke etsa tsena tsohle ho sa tsotellehe ’nete ea hore ke ne ke le setho se mafōlō-fōlō sa kereke.” Empa ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a etela ha hae ’me a qala ho ithuta Bibele le ho sebelisa taeo ea eona, bophelo ba hae bo ile ba fetoha. (Liproverbia 2:1-22; 2 Timothea 3:16) Hona joale eena, mosali oa hae, le barali ba hae ba babeli ba thusa ba bang ho itokolla litlōlong tse joalo tsa molao.
Belgium
Banyalani ba bang ba bacha ba ile ba hlonamela Molimo haholo. Hobane’ng? Ngoana oa bona oa matsibolo, morali, o ile a shoa matsatsi a leshome kamor’a hore a tsoaloe. Ngoana oa bona oa bobeli o ile a hlaha a holofetse. ’Me ngoana oa bona oa boraro, ea neng a bonahala a atlehile ’me a phela hantle, o ile a shoa ka tšohanyetso kamor’a likhoeli tse hlano. ’M’a bona o ne a sitoa ho lumela hore Molimo o lerato o ne o ka lumella hore ba hlaheloe ke mahlomola a joalo empa batho ba bangata hakana ba phelang bophelo ba boitšoaro bo hlephileng ba e-na le bana ba phelang hantle.
Nakoana kamor’a moo, e mong oa Lipaki tsa Jehova o ne a ntse a bolela ka ntlo le ntlo sebakeng se pel’a bona, ’me a kokota monyakong oa hae. Ha Paki e bua ka litšepiso tsa Molimo tsa bokamoso bo thabileng bakeng sa moloko oa batho, mosali o ile a hanyetsa khopolo ea Molimo oo e leng Ntate ea lerato oa leholimo. (Pesaleme ea 37:10, 11) Empa o ile a lumela ho nka tse ling tsa libuka tsa Bibele. Butle-butle, kamor’a hore Paki e mo etele ka makhetlonyana, molaetsa oa Bibele oa litaba tse molemo oa nolofatsa pelo ea hae ’me oa haha kahare ho eena tšepo ho Molimo. Joale eena le monna oa hae ba na le tšepo e matla, e seng feela ea hore lefatšeng la paradeise la kamoso Jehova o tla phekola moshemane oa bona ea holofetseng empa le hore hape O tla tsosa bana ba bona ba bang ba babeli.—Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:1-4.
Portugal
Hoseng ho hong ha Sontaha, mofumahali e mong ea neng a nkile mokotlana o tletseng lintho tse tsoa seloa o ile a ema ho buisana le banyalani ba bang seterateng. Lena e ne e le lekhetlo la pele empa e ne e sa tl’o ba la ho qetela ba kopana. Banyalani bao e neng e le Lipaki tsa Jehova, ba ne ba le mosebetsing oa ho bolela evangeli. Ba ile ba babatsa moreki ka ho hlokomela litlhokahalo tsa lintho tse bonahalang tsa lelapa la hae. Ba botsa, empa ke mang ea ka fanang ka litlhoko tsa batho? Ba ile ba arabela potso ka bobona ka ho bolela hore Molimo o ne o ka ho etsa. (Pesaleme ea 107:8, 9; Esaia 33:24) O ile a ipotsa a buela holimo, “Na mofumahali o na le pheko bothateng ba ka?” Lipaki li ile tsa arabela ka hore ho joalo, ’me li ile tsa memeloa lapeng la mofumahali enoa moo ho ileng ha simolloa thuto ea Bibele. Monna oa hae, ka ho hlokomela liphetoho tsa ho ba motho ea molemo boitšoarong ba mosali oa hae, o ile a kenella thutong ea Bibele ’me ka nako e khutšoanyane le eena a etsa liphetoho tseleng eo a phelang ka eona.
Hamorao, mofumahali eo a bolella Lipaki hore pele a buisana le tsona hoseng hoo ha Sontaha, o ne a ile a leka ho ipolaea ka makhetlo a mabeli. O ne a ile a ferekana haholo hobane eena le monna oa hae ba ne ba entse qeto ea ho arohana. Leha ho le joalo, joale eena, monna oa hae, le bana ba bona ba tsoela pele ba kopane ho ithuta litaba tse molemo.
Thailand
Mosali e mong ea phelang karolong e ka leboea ea naha ena o ile a qeta karolo e khōlō ea bophelo ba hae a hlaseloa ke bademona. Ha a kopana le e mong oa Lipaki tsa Jehova mosebetsing oa ho bolela evangeli, o ile a nka tse ling tsa libuka tsa Bibele ’me a lumela ho khanneloa thuto ea lehae ea Bibele. Kamor’a likhoeli tse peli tsa ho ithuta, o ile a ananela mabaka a Mangolo a ho hleka ka tlung ea hae lintho tsohle tsa borapeli ba bohata, tse kang litšoantšo, le ho heletsa ntlo ea hae ea bohlokoa ea meea e neng e hahetsoe ho sireletsa lelapa la hae meeeng e mebe. (Liketso 19:19; 1 Ba-Korinthe 10:21; 1 Johanne 5:21) Joale ha a sa hlaseloa ke bademona ’me o khona ho tsitsa ho thuseng ba bang ho ithuta ka Molimo o ’notši oa ’nete, Jehova.
Kenya
Ha a bolelloa hore o ne a nkoa a le kotsi hoo mapolesa a neng a laetsoe ho mo thunya hang ha a ’mona, moeta-pele e mong oa sehlopha sa batlōli ba molao o ile a khaohana le hoo ka ho itšehela feela. Leha ho le joalo, kapele kamor’a moo e ’ngoe ea liphutuhelo tsa hae le sehlopha sa hae ha ea ka ea tsamaea kamoo a neng a rerile kateng. O ile a iphumana a le mong, a pota-potiloe ke letšoele le befileng le itokiselitseng ho mo nea se mo tšoanelang. Ka nako eo, mapolesa a mo pholosa, a mo nka a mo koalla teronkong ho emela nyeoe ka lekhotleng.
’Muelli oa hae oa molao o ile a mo eletsa ka maqheka a fapa-fapaneng a ho hana molato. Empa ha a ntse a le teronkong, o ile a hopola makhetlo ao ka ’ona a neng a eteloa ke e mong oa Lipaki tsa Jehova lilemong tse fetileng. O ile a qala ho ikoahlaea ka litsela tsa hae tsa ho tlōla molao ’me a rapella thuso ho Molimo. Ha e le hantle, o ile a rapela Jehova ka lebitso. (Bapisa Liketso 10:1, 2.) Ha a le kapele ho lekhotla, motlōli enoa oa molao o ile a makatsa moahloli ka ho lumela molato oa hae. Kahoo Moahloli o ile a fana ka kahlōlo e tlaase haholo ho eo a neng a loketse ho e neoa; ho fapana le ea lefu, kahlōlo ea hae e ile ea e-ba lilemo tse leshome teronkong e sirelelitsoeng ka ho fetisisa.
Ha a ntse a le litlamong, o ile a bala libuka tsa Bibele ka matla ’me a rapela Molimo khafetsa, a kōpa hore haeba e le ntho e ka etsoang, nako ea hae teronkong e khutsufatsoe e le hore a ka Mo sebeletsa. A sa lebella, o ile a bolelloa hore kahlōlo ea hae e ne e khutsufalitsoe ka lilemo tse hlano. Kahona, kamor’a ho koalloa ka lilemo tse hlano, o ile a lokolloa ’me hang-hang a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Kapele kamor’a moo o ile a kolobetsoa, ’me joale pakane ea hae ke ho bolela evangeli ka nako e tletseng.
Mehlala e kaholimo ke e seng mekae feela ea kamoo Lipaki tsa Jehova li phethahatsang thōmo ea tsona le tlamo ea tsona ea ho bolela evangeli “ho isa pheletsong ea lefatše.” Liphihlelo tsena li ka atisoa ka tse ling tse sekete. Na joale u ka belaela hore Lipaki tsa Jehova ke baboleli ba ’nete ba evangeli ba kajeno?