Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Jehova o Hlohonolofatsa Baboloki ba Botšepehi Cypera
JESU o itse ho balateli ba hae: “Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna.” (Johanne 15:20) ’Me Jehova, ka moprofeta oa hae Esaia, o ile a re: “Lerumo le leng le le leng le teetsoeng ho u loantša, le ke ke la etsa letho.” (Esaia 54:17) Lipolelo tsena ka bobeli li ipakile e le ’nete Cypera, moo Lipaki tsa Jehova tse bolokang botšepehi li tšoarehileng ho bolela litaba tse molemo.
◻ Tlaleho e tsoang naheng eo e re: “Kereke ea Greek Orthodox e ’nile ea sebetsa ka mafolo-folo ho leka ho fokolisa mosebetsi oa rōna. Baprista ba aba lipampitšana tse re qosang ka lintho tsa mefuta-futa, ’me ba bolella batho hore ba qobe ho buisana le Lipaki tsa Jehova. Ba bile ba etela batho ba ithutang Bibele le Lipaki ’me ba leka ho ba nyahamisa. Pafose, setsebi sa thuto ea bolumeli seo e bileng e leng moprista, se ile sa leka ho kholisa batho ba bararo ba fapaneng hore ba khaotse ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ka makhetlo a fapaneng, e mong le e mong ho ba bararo bao, a sa kopana le ba bang, o ile a memela moena ho tla buisana le setsebi sena sa thuto ea bolumeli. Ka ho thabisang, kaofela boraro ba bona ba kopanela ka mafolo-folo le mokhatlo oa Jehova o hlophisitsoeng.” Ho totobetse, hore sena se ile sa khopisa moprista, ea ileng a bolela hore: “Nke ke ka hlola ke buisana le Lipaki tsa Jehova hape.” Baprista ba bang ba bile ba ea boholeng ba ho otla baena ha ba ntse ba le tšebeletsong. Leha ho le joalo, hangata boiteko ba baruti bo tlisa liphello tseo ba lekang ho li thibela, ’me batho ba eketsehileng joale ba emela Jehova.
◻ Phihlelo e latelang e tsoang Cypera e bontša hore ho boloka botšepehi tlas’a khanyetso ho tlisa mahlohonolo. Monna oa mosali e mong o ile a bolaoa ntoeng ea 1974, a mo siea le ngoanana e monyenyane eo a neng a lokela ho mo hōlisa. Mosali eo o ile a nyaloa hape. A ntšofalitsoe pelo ke boikaketsi ba baruti le ho se tsitse ha bokamoso, o ile a lumela ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. O ile a tsoela pele ka potlako ’me a qala ho bolella beng ka eena lintho tse molemo tseo a neng a ithuta tsona. Khanyetso e ile ea qaleha. Teko e khōlō ka ho fetisisa e ile ea tla ha morali oa hae ea lilemo li 15 a bolela hore: “Ke shoetsoe ke ntate, ’me haeba u sa khaotse ho ithuta le Lipaki tsa Jehova, ke tla u latola hore u ’mè oa ka. Ke tla ba khutsana.” Leha ho le joalo, mosali eo o ile a tsoela pele ho ithuta.
Ka tsatsi le leng ngoanana o ile a etela motsoalle oa hae sepetlele. Betheng e latelang ea sepetlele e pel’a ea motsoalle oa hae Paki e ne e etetse mong ka eona ha moprista a ne a tlile ho tla bona mokuli eena eo. Ho ile ha qaleha puisano pakeng tsa moena le moprista. Moena o ne a ikokobelitse ’me a bua ka hlompho, a sebelisa Bibele ho hlalosa boemo ba hae. Ka lehlakoreng le leng, moprista o ne a le likhōka. O ile a phahamisa lentsoe la hae, empa ha aa ka a phetla Bibele ka lekhetlo leha le le leng. Ngoanana o ile a shebella ketsahalo eo ’me a khahloa ke mosa oa moena le ’nete ea hore o ne a sebelisa Bibele. Mantsiboeeng ’ona ao, ha moena le mohats’ae ba etela ’mè oa hae bakeng sa thuto ea Bibele, ngoanana o ile a hlalosa se neng se ile sa etsahala sepetlele ’me a ba botsa: “Na le ’na le ka nthuta?” Joale ngoanana o ithuta habeli ka beke, ’me monna oa mosali eo, le eena oa ithuta. ’Me ’mè ke mohoeletsi ea kolobelitsoeng.
Ruri Jehova o hlohonolofatsa bahlanka ba hae ba bolokang botšepehi Cypera!
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Moapostola Pauluse o ile a boela a thulana le khanyetso Pafose