Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Litaba tse Molemo li Tsoela Pele ka Katleho Cyprus ho sa Tsotellehe Khanyetso
MOAPOSTOLA Pauluse o ile a bolela litaba tse molemo tsa ’Muso Cyprus. (Liketso 13:4-12) E ne e le lipakeng tsa 47 le 48 C.E. Kajeno, litaba tse molemo li ntse li boleloa sehleke-hlekeng sena se setle ke Lipaki tsa Jehova tse 1 154, ’me ka ’Mesa selemong sena, ba 2 570 ba bile teng tšebeletsong ea Sehopotso, ho bontšang hore ho sa ntsane ho e-na le ba bangata ba lipelo li tšepahalang le ba tšabang Molimo sehleke-hlekeng sena. Empa le hoja batho ba bangata ba amohela molaetsa oa Bibele oa khotso o fanoang ke Lipaki tsa Jehova, baruti ba Greek Orthodox, feela joaloka baruti ba mehleng ea Jesu, ba khahlanong le mosebetsi. (Johanne 15:20) Ofisi ea lekala ea Cyprus ea ngola: “Ho feta leha e le neng pele, Kereke ea Greek Orthodox e bontša boikemisetso ba eona ba ho ferekanya mosebetsi oa rōna oa boboleli.” ’Me tlaleho e hlalosa kamoo baruti ba hleka-hlekang baena tšebeletsong ea bona ea ntlo le ntlo le ho leka ho phephetsa baena e le hore ba ba kenye khohlanong. E be ba ba qosa ka hore ba baka moferefere, empa baena ba hana ho phephetsoa ’me baa itsamaela.
Ka sebele, hangata khanyetso ea baruti e tlisa liphello tseo ba sa li lebellang, joalokaha phihlelo e latelang e bontša: “Likhoeling tse seng kae tse fetileng, mosali e mong o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me haufinyane monna oa hae o ile a kenella thutong. Joale setsebi se seng sa thuto ea bolumeli sa etela banyalani bana, se tšepile ho ba kholisa hore ba lokela ho khaotsa ho ithuta ha bona Bibele. Setsebi sena sa thuto ea bolumeli sa leka ho ba hlalosetsa Boraro-bo-bong. Ka mor’a nakoana monna a se kena hanong ’me a re: ‘Ha ke utloisise hore na ke joang Jesu, eo joale a leng leholimong ka ’mele oa nama, joalokaha u bolela, ka nako e tšoanang e ka bang ntho e le ’ngoe le Molimo o leng sebopehong sa moea.’ Karabelo ea setsebi sena sa thuto ea bolumeli ea e-ba hore: ‘Koana, ha ho hlokahale hore u utloisise ntho e ’ngoe le e ’ngoe.’ Motho eo ea thabelang a re: ‘Empa ke utloisisa hore Jesu ke Mora oa Molimo ’me hase Molimo ka booona. Ha ke batle ho utloa ho hong ka Boraro-bo-bong.’ Ha a rialo setsebi sena sa thuto ea bolumeli sa raoha ’me ka khalefo sa re: ‘U se u rutehile haholo thutong ea hao ea Bibele. U ke ke ua fetoha.’”
Joale mosali o ea libokeng tsohle ’me o kolobelitsoe Kopanong ea Setereke ea “Tšepa Jehova.” Monna o tsoela pele ka thuto ea hae ’me o ea libokeng tse ling.
Tlaleho e tsoang ofising ea lekala ea Cyprus e re: “Ka hona, ho sa tsotellehe boiteko ba bona, baruti ha ba fihlele sepheo sa bona. Ho fapana le hoo, hoo re ho bonang ke hore batho ba eketsehileng ba thahasellang joale ba tla libokeng ho feta pele. Ka nako e tšoanang, baena ba ikemiselitse haholoanyane ho tlisetsa batho ba lipelo li tšepahalang litaba tse molemo.” Jehova o tšehelitse batho ba hae ba tšepahalang joalokaha a ne a tšepisitse ho Jeremia 1:19: “Ba tla u loantša, empa ba ke ke ba u hlōla, hobane ke na le uena ho u namolela, ho bolela Jehova.”