Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Litlhoko Tsa Hae Tsa Moea li Ile Tsa Khotsofatsoa
CYPRASE ke sehlekehleke se sekhutlong se ka leboea-bochabela sa Leoatle la Mediterranean. Mehleng ea Bibele, Cyprase, e ne e tumme ka koporo le lehong la eona la boleng bo phahameng. Nakong ea leeto la bona la pele la boromuoa, Pauluse le Barnabase ba ile ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso moo. (Liketso 13:4-12) Le kajeno, litaba tse molemo li sa ntse li e-na le tšusumetso e molemo bophelong ba batho ba bangata ba Cyprase. Ka sebele sena e bile ’nete ka Lucas, monna ea ka holimo ho lilemo tse 40. Oa hlalosa:
“Ke tsoaletsoe lelapeng la bana ba supileng, polasing ea likhomo. Ho tloha bongoaneng, ke ne ke rata ho bala. Buka eo ke neng ke e rata ka ho fetisisa e ne e le khatiso e fellang ka pokothong ea Mangolo a Segerike a Bakreste. Ha ke le lilemo li leshome, ’na le metsoalle e meng ea ka re ile ra theha sehlopha se senyenyane sa thuto ea Bibele. Leha ho le joalo, ha sea ka sa nka nako e telele, hobane batho ba bang ba hōlileng motseng ba ne ba re re bakhelohi.
“Hamorao, ha ke ntse ke kena sekolo United States, ke ile ka kopana le batho ba malumeli a mangata. Seo se ile sa boela sa tsosolosa takatso ea ka bakeng sa lintho tsa moea. Ke ne ke qeta matsatsi a mangata ke le ka laebraring ea univesithi ke ithuta ka malumeli a fapaneng. Ke ile ka boela ka etela likereke tse ngata, empa ho sa tsotellehe boiteko ba ka, ke ne ke ntse ke sa khotsofala moeeng.
“Ka mor’a hore ke qete lithuto tsa ka, ke ile ka khutlela Cyprase ’me ka sebetsa ke le hlooho ea laboratori ea bongaka. Monna ea hōlileng ea bitsoang Antonis, e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ne a tloaetse ho nketela mosebetsing. Leha ho le joalo, ho eta ha hae ho ile ha lemohuoa ke Kereke ea Greek Orthodox.
“Kapele, moruti oa thuto ea bolumeli o ile a nketela le ho nkhothalletsa hore ke se buisane le Lipaki tsa Jehova. Kaha ho tloha bongoaneng ke ne ke rutiloe hore Kereke ea Greek Orthodox ke eona e nang le ’nete, ke ile mamela ’me ka tlohela ho senya nako ke buisana le Antonis eaba ke qala ho buisana le moruti eo oa thuto ea bolumeli ka Bibele. Ke ile ka boela ka etela matlo a mangata a baitlami Cyprase. Ke ile ka ba ka ea ka leboea la Greece le ho etela Thaba ea Athos, e nkuoang e le thaba e halalelang ka ho fetisisa mokhatlong oa Bokreste oa Maorthodox. Leha ho le joalo, lipotso tsa ka tsa Bibele li ile tsa lula li sa arabeloa.
“Eaba ke rapela Molimo hore a nthuse hore ke fumane ’nete. Nakoana ka mor’a moo, Antonis o ile a nketela hape mosebetsing, ke ile ka nahana hore ena e ne e le karabelo ea thapelo ea ka. Kahoo, ke ile ka tlohela ho etela moruti oa thuto ea bolumeli eaba ke qala ho ithuta Bibele le Antonis. Ke ile ka hatela pele ke sa khaotse, ’me ka 1997 ka October, ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Jehova ka ho kolobetsoa metsing.
“Tšimolohong mosali oa ka le barali ba rōna ba babeli ba baholo, ba neng ba le lilemo li 14 le 10 ka nako eo, ba ne ba nkhanyetsa. Empa ka lebaka la boitšoaro ba ka bo botle, mosali oa ka o ile a etsa qeto ea hore o tla ba teng sebokeng se seng Holong ea ’Muso. O ile a susumetsoa ka ho teba ke mosa oa Lipaki le thahasello eo li neng li e bontša. O ile a khahloa haholo-holo ke mokhoa oa tsona oa ho sebelisa Bibele. Ka lebaka leo, mosali oa ka hammoho le barali ba rōna ba babeli ba baholo ba ile ba lumela ho ba le thuto ea Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ak’u nahane kamoo ke ileng ka thaba kateng ha boraro ba bona ba kolobetsoa ka 1999 Kopanong ea Setereke ea ‘Lentsoe la Molimo la Boprofeta’!
“Ka sebele, ho batla ha ka ’nete ho ile ha khotsofatsoa. Hona joale lelapa lohle la rōna, ho akarelletsa mosali oa ka le bana ba bane, re momahane borapeling bo hloekileng ba Jehova.”