Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
’Nete ea ’Muso ea Hōla Sri Lanka
SRI LANKA, e bolelang “Naha e Khanyang,” ke lebitso la boholo-holo le tsosolositsoeng bakeng sa sehleke-hleke sena se ratehang seo ba bangata ba ntseng ba se tseba ka lebitso la sona la bokolone, “Ceylon.” Ka baka la sebaka seo se leng ho sona Leoatleng la India, e boetse e reiloe Lerotholi la Meokho ea India. Meokho ha ea ba ea thabo ka mehla mehleng ea morao tjena kaha ho tsohile pefo ea bochaba, ’me e fetohile lihlooho tsa litaba lefatšeng ka bophara.
Empa, le hona mona ’nete ea ’Muso ea hōla. Mabuddha, Mahindu, Masolomane, Maparsi, le Bakreste ka lebitso, ba rutoa hore ke ’Muso oa Jehova feela ka Kreste Jesu o ka tlisang pholiso ea ka ho sa feleng maqebeng a bochaba le a lipolotiki a arohantseng lichaba. Liphihlelo tse latelang li bontša ho hōla ha ’nete ea ’Muso ‘Naheng ena e Khanyang.’
◻ Salimoon o ile a hōlisoa a rutiloe hore a lumele hore Qur’an ke Lentsoe la Molimo. Empa le ka mohla o ne a ke ke a amohela ka botlalo hore Molimo o nang le mohau oohle o ne o ka hlokofatsa batho liheleng tsa mollo. Ka letsatsi le leng Lipaki tsa Jehova tsa mo memela sebokeng. A hlokomela ’nete hang-hang, ha ho mohla a kileng a hetla morao ’me hona joale o sebeletsa ka thabo e le moholo phuthehong ea Bokreste.
◻ Harry, eo e neng e bile Mobuddha bophelo bohle ba hae le ea neng a pakile tumelo ea hae ea bolumeli ka ho tsamaea holim’a mashala a hlenneng, o ne a sitoa ho latela melao-motheo e teng thutong ea Bobuddha ea tsela e nang le likarolo tse robeli: (1) kutloisiso e nepahetseng; (2) khopolo e nepahetseng; (3) puo e nepahetseng; (4) ketso e nepahetseng; (5) tsela ea bophelo e nepahetseng; (6) boiteko bo nepahetseng; (7) ho ba seli ka mokhoa o nepahetseng, le (8) ho tsitsisa kelello nthong e le ’ngoe ka mokhoa o nepahetseng, tseo kaofela li lokelang ho tlatsa karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba motho. Le hoja a ne a inahana e ne e le Mobuddha ea molemo, ho tsuba ha hae, ho noa, le boitšoaro bo bong bo fosahetseng li ne li ’makela mathata lapeng la hae. Qetellong, a etsa qeto ea ho ithuta Bibele. Empa, ha ho motho ea ileng a ithaopela ho ithuta le eena. Eaba o utloela hore Lipaki tsa Jehova li ka ’na tsa rata ho etsa joalo, kahoo a ea sebokeng Holong ea ’Muso, ’me ha lokisetsoa thuto. E mong oa Lipaki ea hōlisitsoeng ka Sesolomane a mo thusa ho ithuta seo Bibele e se rutang. Joale, qetellong, o fumane matla a tsoang ho Jehova a ho latela ka katleho tseleng ea melao-motheo e nepahetseng. O nyakalletse ho sebeletsa e le mohlanka ea sebeletsang ’me o ntse a lokisetsa ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho.
Kahoo ’nete ea ’Muso ea hōla Sri Lanka, ’me hona joale ho na le Lipaki tse 1 086 naheng ena e ntle. Keketseho ena e bolela hore ho hlokahala mohaho o moholoanyane oa lekala, ’me ho se ho ntse ho batloa setša bakeng sa hona. Hape baena ba haha Liholo tsa ’Muso tse ncha. Puttalam phutheho ea malapa a leshome e ile ea etsa qeto ea ho haha Holo ea ’Muso le ho e haha e le khōlō ho lekana likopano tsa potoloho. Holo eo e ile ea qetoa ka nako bakeng sa kopano ea potoloho eo batho ba 107, ba neng ba le teng ho eona. Hona joale phutheho eo e se e batla e imenne habeli, ’me e na le ba fetang 75 ba bang teng libokeng tse tšoaroang ka Setamil le Sesinhalese. Hape ho sa ntsane ho e-na le monyetla o moholo oa keketseho e eketsehileng.
Boprofeta ba Bibele bo seng bo phethahetse bo supa ’nete ea hore haufinyane haholo meokho eohle ea masoabi e tla hlakoloa mahlong ’ohle kamoo Molimo o tšepisitseng. Esita le mehopolo ea pefo ea bochaba ha e sa tla hlola e e-ba teng lipelong. (Tšenolo 21:4; Esaia 65:17) ’Me sehleke-hlekeng sena se setle sa “lerotholi la meokho,” ho tla keleketla meokho ea thabo ha liphello tsa litholoana tsa khotso tsa ’Muso oa Molimo li tsoela pele ho thabeloa ka ho sa feleng.