Satane—Na Kannete O Teng?
NA UA lumela hore Satane o teng? Haeba ho joalo, ho bonahala hore u karolo ea batho ba seng bakae bao palo ea bona e ntseng e theoha ho ea pele. “Ka bo-1980 ho lumela ho Diabolose ho ne ho nyametse ntle le har’a Mak’hatholike a tšoareletseng meetlong ea khale, ba litumelo tsa lipholiso, Maprotestanta a tšoareletseng meetlong ea khale, Maorthodox a Bochabela, Masolomane—le ba seng bakae ba lumelang boloing.” Ho bolela joalo buka Mephistopheles—The Devil in the Modern World, ea Jeffrey Burton Russell.
Leha ho le joalo, hase e mong le e mong ea seng a sa lumele hore Satane o hlile o teng. Mopapa John Paul II puong eo a sa tsoa e etsa Italy o itse, “Diabolose o sa ntsane a phela le ho sebetsa lefatšeng.”
Na mopapa o nepile? Haeba ho joalo, Satane o boemong bo botle ba ho etsa seo a batlang ho se etsa lefatšeng. Haeba batho ba sa lumele hore o teng, ba ke ke ba mo hanyetsa. Hase ho makatsang hore e be Mok’hadinale Ratzinger, moholo ea kapele-pele litabeng tsa thuto Pusong ea Mopapa, o itse: “Diabolose a ka tšabela boemong ba hae boo a bo ratang haholo, ho se tsejoe hore na hantle tšimoloho ea hae ke efe.”
Na kannete Satane o teng? Haeba re lumela Bibele, re lokela ho arabela ka hore ho joalo! Tlalehong eo e halalelang, ho buuoa ka Satane ka makhetlo a mangata a bitsoa ka lebitso. Ka mohlala, mongoli oa Bibele Pauluse, ha a lemosa ka “baapostola ba bohata” le ka “basebetsi ba mano” har’a phutheho ea Bokreste, o ile a ngola: “’Me hase ho makatsang, etsoe Satane le eena a ikhakanya ka sebopeho se kang sa lengeloi la leseli.” Pauluse o ne a talima Satane e le motho ea bohlale le ea mano.—2 Ba-Korinthe 11:13, 14.
E be joale ke hobane’ng ha batho ba bangata kajeno ba sa nke ka botebo hore Satane o teng? Mohlomong ke pontšo ea tšekamelo e atileng kajeno. Joalokaha re phela ho seo ba bang ba itseng ke mehla ea kamorao ho Bokreste, ho se lumele hore Molimo o teng, ho phelela menyaka, lintho tse bonahalang, le bokomonisi li nkile sebaka sa bolumeli mekhatlong e mengata. Batho ba limillione ha ba sa lumela ho Molimo, ba bona ho sa hlokahale hore likhopolong tsa bona tsa botho ba nke hore o teng. Ba lahlile Molimo le Satane. Batho ba bang ba bolumeli ba Bokreste-’mōtoana, le hoja ba bolela hore ba lumela ho Molimo, ba ikutloa hore ho lumela ho Satane ho fetiloe ke linako lekholong lena la bo20 la lilemo.
Leha ho le joalo, hoa hlokomeleha hore ho latola Molimo ha ho hocha. Lilemong tse ka bang 3 000 tse fetileng, seroki sa Moheberu Davida se ile sa ngola: “Ka pelong sethoto se re: ‘Ha ho na Molimo.’ Liketso tsa batho li bolile, lia nyonyeha, ha ho le ea mong ea etsang tse ntle.” (Pesaleme ea 14:1, TLP; 53:1) Temaneng e ’ngoe o ile a re: “Molotsana, boikhantšong ba hae, o re: A ke ke a botsisisa; ha ho Molimo! Ke eona khopolo ea hae kaofela ha eona.” (Pesaleme ea 10:4) Le morao koo, batho ba ne ba itšoara joalokaha eka Molimo ha o eo. ’Me e tlameha e be qeto e utloahalang e ile ea e-ba hore haeba Molimo ha o eo, ho ke ke ha e-ba le Satane.
Ba Bang ba sa Ntsane ba Lumela
Leha ho le joalo, joalokaha ho se ho hlokometsoe, ba bang ba sa ntsane ba lumela hore ho na le Diabolose oa sebele. Ho na le ba lumelang thuto ea boholo-holo ea Zoroaster ea hore ho na le lintho tse peli tse tlamehang ho ba teng hammoho, e bolelang hore botle le bobe, Molimo le Diabolose, ba tlameha hore e be haesale ba le teng hammoho kamehla. Ba bang ba bile ba re botle le bobe ka bobeli ke litšobotsi tsa Molimo. ’Me ho sa ntsane ho e-na le ba bangata ho Bokreste-’mōtoana le Bosolomane ba lumelang hore Satane o teng. Ka sebele, bakeng sa ba bangata ho bana, o sa ntsane a le teng e le sebopuoa sa moea se mapheo se nang le linaka le mohatla se laolang qetello ea “meea e sa shoeng” e ahloletsoeng “mollo oa lihele,” hantle joalokaha ho ho tšoantšitse sebetli se tsebisahalang sa Lefora Gustave Doré.
Ha e le hantle, ho ba bang, ho lumela ho Satane ho bile ho fetela pejana. Baa mo rapela—e-bang ke ka lebitso kapa ka litšebeletso tsa bosatane kapa tsa bodemona. Ka lilemo tse likete, boloi, le bonohe li ’nile tsa khetholloa le borapeli ba Satane. Le mehleng ea rōna ea kajeno, ea lipelaelo, Bosatane bo sa ntsane bo atleha haholo. Kahoo, pele re buisana ka seo Bibele e se buang ka Satane ka boeena, a re nahaneng ka lintlha tse buang ka Bosatane ba kajeno.
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Setšoantšo sa bosatane sa Buddha sa “lihele”