Lefatše le Lecha—le Haufi Haholo!
LEFATŠE lena le lintšing tsa lona tsa ho oa. Na hoo ka sebele e ka ba ’nete. Ak’u nahanisise ka hloko maemo a lefatše.
Ho na le lihlomo tse lekaneng tsa nuclear ho bolaea batho bohle ba lefatše ka makhetlo a iphetang hangata. Ntoa ea kahare ho naha e loanoa ka mabifi linaheng tse ngata, tse kang Angola le Mozambique. Ho na le lintoa tsa merabe Afrika Boroa, Sri Lanka, le linaheng tse ling. Botšosi le tlala le tsona li timetsa ka ho tšosang bophelo ba batho ba bangata.
Ho thoe’ng ka seoa sa AIDS? Sunday Times ea Mphalane 25, 1987, ea Afrika Boroa e e bitsitse “lefu le lecha la seoa le bolaeang” ’me ea re: “Hona joale tšabo e feletseng ea AIDS Afrika e senolehile: Linaheng tse ling batho ba tšeletseng ho ba bang le ba bang ba leshome ba ka ’na ba e-shoa ka 1994.”
Ka baka la maemo a joalo tšabo e sabaletse. Ho joalokaha mohapi oa khau ea Nobel Harold C. Urey a ile a bolela lilengoaneng tse fetileng: “Re tla ja tšabo, re robale tšabo, re phele tšabong, re be re shoe re ntse re tšaba.” Habohlokoahali, Jesu Kreste, moprofeta e moholo ea kileng a ba teng lefatšeng, o hlile a bolela e sa le pele hore mehleng ea qetello ea lefatše lena, batho ba ne ba tla “neela moea ke tšabo le ke tebello ea tse tla tla lefatšeng.”—Luka 21:26.
Empa ba bangata ha baa tšoha. Ho e-na le hoo, ba thabile. Hobane’ng? Hobane baa tseba hore tsamaiso ena ea lefatše (e seng naletsana Lefatše) e haufi le bofelo ba eona, empa lefatše le lecha le haufi haholo. Ba ka kholiseha hakaalo-kaalo joang? Ka baka la ho phethahala ha boprofeta bo bongata ba Bibele.
Ka mohlala, ha Jesu Kreste a ne a botsoa hore na ke eng seo e neng e tla ba pontšo ea boteng ba hae le ea ho fela ha lefatše, o ile a re: “Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong.” Ka 1914, Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea qhoma. E bile ntoa e bakileng tšenyo e khōlō ka ho fetisisa ea bophelo ba batho ho tla fihlela ka nako eo. Linaha tse neng li loana li ile tsa senyeheloa hakae? Ho ile ha e-shoa ba 9 000 000, ntle ho ba limillione ba neng ba sa kena mabothong a ntoa. Empa Ntoa ea II ea Lefatše eona e bile e senyang ka ho fetisisa, e ileng ea bolaea batho ba 55 000 000. Jesu o ile a hlalosa hore tsena tsohle li ne li tla tsamaea ’moho le litlala, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a akaretsang, le bokhopo.—Mattheu 24:7-13; Luka 21:10, 11.
Moapostola oa Mokreste Pauluse le eena o ile a bolela ka ho nepahetseng e sa le pele maemo a lefatše a hona joale. O ngotse: “Mehleng ea qetello ho tla hlaha linako tse bohloko. Hobane batho e tla ba baithati, le ba ratang leruo, le bakaki, le baikakasi, le banyefoli, le ba sa utloeng batsoali ba bona, ba hlokang teboho le borapeli; e tla ba ba se nang lerato la hlaho, leha e le ho tšepeha, ba etselletsang ba bang, ba sa tsebeng ho itšoara, ba sehlōhō, ba hloeang ba molemo; e be baeki, le bahalefi, le baikhohomosi, ba ratang menate ea nama, e seng Molimo; ba tla ba le sebopeho sa borapeli, empa e le ba latotseng matla a jona. Le ba joalo u ba furalle.” (2 Timothea 3:1-5) Pauluse o ne a ka bolela ka ho nepahala e sa le pele maemo a mehleng ea kajeno hobane Molimo o ne o mo susumelitse ho ngola mantsoe ao.
Tumellanong le mantsoe a hae ka nako ea bofelo, Jesu o itse: “Etlare ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:31) Ba limillione ba sebelisa thapelo ea Jesu ea mohlala ’me ba kōpa hore ’Muso oa Molimo o tle. (Mattheu 6:9, 10) Empa ha ba botsoa: “Hantle ke eng seo ’Muso ona o tla se etsa?” ha ba na karabo. Ka ho fapaneng, ba limillione ba ithutang Bibele ka tieo ba ithutile hore ’Muso o tla tlisa bofelo ba lefatše lena la khale ’me o thee ka ho tiileng lefatše le lecha le tla tlisetsa batho mahlohonolo a mangata haholo. Empa ka tsela efe? Hona neng?