Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 2/15 maq. 3-4
  • Toka Bakeng sa Bohle—Na e Tla ke e be Teng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Toka Bakeng sa Bohle—Na e Tla ke e be Teng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Litsela Tsohle Tsa Hae li na le Toka”
    Atamela ho Jehova
  • Jehova o Rata Toka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na Molimo o Tla ke o Etse ho Hong ka ho Hloka Toka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Toka Bakeng sa Bohle ka Moahloli ea Khethiloeng ke Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 2/15 maq. 3-4

Toka Bakeng sa Bohle—Na e Tla ke e be Teng?

BAETI ba tlileng Old Bailey, mohaho o tsebahalang oa Lekhotla le Bohareng la Tlōlo ea Molao la London, ka holimo ba bona seemahale sa mosali ea tšoantšetsang toka. Ka letsohong le leng, o tšoere sekala, ho bontša hore bopaki bo tla lekanngoa ka hloko. Letsoho le leng la hae le tšoere sabole, ho sireletsa ba se nang molato le ho otla ba molato. Libakeng tse ling tse ngata, a ka bona litšoantšo tse batlang li tsoana le sena, ka linako tse ling “Toka” a koahetsoe mahlo ho tšoantšetsa kamoo a hlokang leeme kateng.a

Empa, u ka ’na ua botsa: ‘Na se tšoantšetsoang ke mosali enoa, toka bakeng sa bohle, kannete se teng naheng leha e le efe?’ Ha e le hantle, naheng e ’ngoe le e ’ngoe ho na le melao, haesita le ba bonang hore ea bolokoa. Hape ho na le baahloli le makhotla. Ka sebele, batho ba bangata ba bolokang molao ba ’nile ba leka ho buella litokelo tsa botho le ho etsa hore ho be le toka e lekanang bakeng sa bohle. Ho ntse ho le joalo, ho totobetse hore boholo ba boiteko ba bona bo hlōlehile. Hoo e ka bang letsatsi le letsatsi, rea bona, rea utloa, kapa re bala ka tšilafalo, leeme, le ho hloka toka.

Nahana ka mohlala oa mosali e mong ea ileng a bitsetsoa ka lekhotleng. Pele ho ka pakoa hore na o molato kapa ha a na molato, moahloli o ile a mo tsebisa hore o ne a tla “sebetsa” qoso e entsoeng khahlanong le eena haeba a ne a ka kopana le eena ntlong ea boroko, ka ho hlakileng e le bakeng sa likamano tsa boitšoaro bo bobe. E, hangata bao ho lebelletsoeng hore ba tlise toka ba ’nile ba ipaka ba silafetse kapa ba hlōloa ke mosebetsi. Makasine oa Time o ile oa bolela ka naha e ’ngoe United States moo karolo ea boraro ho tse hlano ea baahloli ba lekhotla le phahameng ba ileng ba qosoa ka boitšoaro bo sa lumelloeng ke melao ea boahloli ha ba thusa baahloli ’moho le bona.

Ho feta moo, ha batho ba tseba ka batloli ba molao ba ntseng ba phonyoha kahlolo, ba bangata ba fetoha ba hlokang tšepo ’me ba ho fumana ho le bonolo hore bona ka bobona ba tlōle molao. (Moeklesia 8:11) Mabapi le Netherlands rea bala: “Madutch a mangata a beha molato ho bo-ralipolotiki bakeng sa ho khothalletsa ho hloka lithibelo ho tsoalang tlōlo ea molao. Ba bang ba qosa makhotla, ka ho toba baahloli . . . ba tsoelang pele ho fana ka likahlolo tse bobebe, ka linako tse ling e le tseo ka ho sa utloahaleng li bontšang ho lumella lintho tse mpe.” Empa ho hlokahala ha toka ho tšabehang hoo re talimaneng le hona ho akarelletsa ho fetang feela ho lokisa phoso tsa ba boholong bakeng sa ho bona hore molao oa bolokoa le litsamaiso tsa boahloli.

Ua tseba hore linaheng tse ngata batho ba seng bakae ba ruileng ba ntse ba rua ho ea pele, ha matšoele a futsanehileng a talimane le ho hloka toka ha moruo. Ho hloka toka ho joalo ho ntse ho ata ha batho, ka baka la lebala la bona, semelo sa sechaba sa habo bona, puo, botona kapa botšehali, kapa bolumeli, ba fumana monyetla o fokolang oa ho ntlafatsa boemo ba bona, esita le hona ho iphelisa. Phello ke hore ba limillione ba hlaseloa ke bofuma, tlala, le mafu. Le hoja batho ba bangata linaheng tse ruileng ba fumana molemo mekhoeng ea tšebeliso ea meriana e tsoetseng pele, ba limillione tse se nang palo baa hlokofatsoa ’me ba shoa hobane ba ke ke ba khona ho reka meriana e hlokahalang haholo kapa le ’ona metsi a hloekileng. Bua le bona ka toka! Hoo ba ho fumanang ke ho hloka toka ho tloha boseeng ho ea lebitleng.—Moeklesia 8:9.

Empa ho thoe’ng ka ho bonahalang e le ho hloka toka ho shebahalang ho phahametse taolo ea motho? Nahana ka masea a tsoaloang a holofetse—e le lifofu, a holofetse kelellong, kapa a holofetse ’meleng? Na mosali a ka ikutloa a fumane toka haeba lesea la hae le hlahile e le sekooa kapa le shoele, empa basali ba bang pel’a hae ba sikile masea a phelang hantle? Joalokaha puisano e latelang e tla bontša, ho hloka toka ho joalo ho tla lokisoa.

Leha ho le joalo, ntlheng ena eo re buang ka eona, na ha u lumellane le tlhaloso e ho Moeklesia 1:15? Mono morena e mong ea bohlale ea nang le phihlelo o ile a lumela, ho latela pono ea litaba ea motho: “Ho khopameng ho ke ke ha inamoloha, ’me se hlokehang se ke ke sa baloa.”

Motho ea neng a tsebahala le ho feta ke Jesu Kreste. Ho Luka 18:1-5 re bala ka setšoantšo sa hae sa moahloli “ea sa tšabeng Molimo, ’me le batho a sa re letho ka bona.” Koana, mohlolohali e mong a ’na a etsa thapeli ho moahloli eo bakeng sa toka eo molao o neng o mo fa tokelo ea hore a e fumane. Empa Jesu o bolela hore moahloli eo ea khopo o ile a mo thusa feela hobane thapeli ea hae e ile ea mo tena. Kahoo, u ka bona hore Jesu o ne a hlokomela hore ho hloka toka ho ne ho tletse hohle. Ha e le hantle, hamorao eena ka boeena o ile a hlokofatsoa ’me a bolaoa ka qoso ea bolotsana, ketsahalong e ’ngoe e mpe ka ho fetisisa ea ho hloka toka!

Ba bangata ba lumela hore ho na le Molimo o amehileng ka ho hloka toka. ’Miseng o mong o neng o tšoaretsoe naheng e ’ngoe ea Amerika e Bohareng, Mopapa John Paul II o ile a re: “Ha u hatakela motho, ha u roba litokelo tsa hae, ha u etsa ho hloka toka ka boomo khahlanong le eena, ha u mo lihela tlhokofatsong, u thuha ha hae ’me u mo koetela kapa u roba tokelo ea hae ea ho phela, u etsa tlōlo ea molao le tšito e khōlō khahlanong le Molimo.” Ao ke mantsoe a matle. Empa, ho hloka toka ho ntse ho e-ja setsi. Naheng eo, phepo e mpe e hlasela bana ba 8 ho ba 10 ba ka tlaase ho lilemo tse hlano. Karolo ea bobeli lekholong ea batho e ruile karolo ea 80 lekholong ea mobu o ka lengoang.

Kahoo na kannete ho na le Molimo oo ka sebele o tsotellang batho mabapi le ho hloka toka ho sisimosang joalo, Molimo o tlang ho ameha ka ho hloka toka ho u amang? Na o tla ke o bone hore toka e ba teng?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Setšoantšo se sekoahelong sa rōna se nkiloe ho Justitia Fountain Frankfurt am Main, Jeremane. Seemahale se leqepheng lena se mohahong oa ’masepala Brooklyn, New York, U.S.A.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela