Lipotso tse Tsoang ho Babali
▪ Phapang ke efe pakeng tsa ho se shoe le bophelo bo sa feleng?
Bophelo bo ke keng ba fela bo tla thabeloa ke batlotsuoa ba fumanang bophelo ba moea leholimong hammoho le batho bao Molimo o ba bolelang ba lokile bakeng sa bophelo lefatšeng la Paradeise. Kahoo ha u nahana ka phello, ho se shoe leholimong le bophelo bo sa feleng lefatšeng ha e le hantle li fella ka ntho e tšoanang—ho phela ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, ho na le se ka hlalosoang mabapi le ho se shoe.
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho se shoe” (athanasia) le entsoe ka lentsoe le hanyetsang e le thanatos e bolelang “lefu.” Ka hona ho se shoe ho na le kutloisiso ea motheo ea ‘ho hloka lefu; kapa ho ke keng ha shoa. Ka ho utloahalang, Jehova ke eena mohloli feela oa bophelo bohle ’me ha a shoe. (Pesaleme ea 36:9; 90:1, 2) Hona ho tiisoa ke ’nete ea hore Mora oa hae ea tlotlisitsoeng, eo hona joale e leng “lehlaseli la khanya ea oona [Molimo], le setšoantšo sa boleng ba oona;” o hlalosoa a le “’Musi oa babusi le Morena oa marena; e leng eena a ’notši ea nang le ho se shoe.” (Ba-Heberu 1:3; 1 Timothea 6:15, 16) Ha ho sebopuoa se ka nkang bophelo ba Jesu kaha e le ea sa shoeng, e leng ho mo khethollang ho batho kapa meea e ka shoang. Ho feta moo, rea bala: “Kreste, ha a se a tsohile bafung, ha a sa boela a e-shoa; lefu ha le sa na matla ho eena.”—Ba-Roma 6:9.
Le hoja ho se shoe, ka kutloisiso e ’ngoe e itseng, e le bophelo bo sa feleng, ka ho hlakileng ho se shoe ho bolela ho fetang hore motho ea nang le bona o tla phela ka ho sa feleng. Ho bonahala ho bontša mofuta o khethehileng oa bophelo, ’me ho amahanngoa le ho se bole. Bibele e bua tjena ka Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ba amohelang moputso oa leholimo: “E ka khona ho bolang hona [’meleng oa bona oa botho] ho apare ho sa boleng, le ho shoang hona ho apare ho sa shoeng. ’Me etlare ha ho bolang hona ho apere ho sa boleng, le ho shoang hona ho apere ho sa shoeng, ke moo polelo e ngoliloeng e tla phetheha, e itseng: Lefu le metsitsoe ke hlōlo.”—1 Ba-Korinthe 15:53, 54.
Le teng, Bibele ha e fane ka lintlha tse ngata tse qaqileng mabapi le mofuta oa bophelo bo bitsoang ho se shoe. Hoo re ho tsebang ke hore batho ba shoang—esita le bona batho ba phethahetseng ba lebelletseng bophelo bo ke keng ba fela lefatšeng—ba tlameha ho ja le ho noa e le hore ba ka boloka bophelo ba bona, ho seng joalo baa shoa ’me ’mele ea bona ea bola. (Genese 2:9, 15, 16) Ha ho pelaelo hore ho se shoe ho akarelletsa mofuta oa bophelo o sa hlokeng ho tšehetsoa ka tsela e joalo. Ka hona ho ka boleloa hore bohle ba fetohang ba sa shoeng ha ba tlas’a tsuo ea lefu kapa hore ‘lefu ha le sa na matla ho bona.’ Hape, hoo ho lumellana le hore ba amohela ho se bole, ho bontšang hore ’mele ea bona ea moea kapa litho tsa bona ka tlhaho li ke ke tsa tsofala, tsa senyeha kapa tsa bola. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 5:1 ; Tšenolo 20:6.) Ka litsela tsena ho ka bonoa phapang pakeng tsa ho se shoe le bophelo bo sa feleng ba botho.
Jehova Molimo ke Moahloli ea phethehileng ea putsang batlotsuoa ka ho se shoe. Ha bohlaleng ba hae bo ke keng ba lekanngoa le temohong ea hae a rera hore ba joalo ba lekoe ka ho felletseng ’me ka ntle ho pelaelo ba tšoanelehela ho se shoe, re ka tšepa hore ba tla tšepahala ka ho sa feleng. Bohle bao Jehova a ba ahlolang e le ba tšoaneloang ke bophelo bo ke keng ba fela, ebang ba bo fumana e le meea e sa shoeng kapa e le batho ba phethahetseng, ba tla khona ho mo rapela ka ho sa feleng. Ka hona, ha re qetella, phello ea bophelo bo sa feleng ba botho le ho se shoe leholimong ke bophelo bo ke keng ba fela.—Johanne 17:3.
▪ Ho ea ka Johanne 20:25 na ho nepahetse ho fihlela qeto ea hore Jesu o ile a khokhotheloa ka sepekere se fapaneng ho letsoho ka leng?
Cyclopaedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature, ea M’Clintock le Strong, ea hlalosa:
‘Ho sentsoe nako e ngata le boikhathatso ho phehoa khang ka hore na ho ile ha sebelisoa lipekere tse tharo kapa tse ’nè ha ho khokhotheloa Morena. Nonnus o tiisa hore ho ile ha sebelisoa tse tharo feela, ’me o tšehetsoa ke Gregory Nazianzen ho seo. Tumelo e tloaelehileng haholoanyane ke ea lipekere tse ’nè, e leng khopolo eo Curtius a e tšehetsang haholo ’me e le ka mabaka a thahasellisang. Ba bang ba ’nile ba phahamisa palo ea lipekere ho ea ho tse leshome le metso e mene.’—Moqolo II, leqephe 580.
Mattheu 27:35 e re feela: “Eare hobane ba mo thakhise, ba arolelana liaparo tsa hae, ba li laola ka lotho.” Ho fanoe ka lintlha tse qaqileng tse fokolang, joaloka ho Mareka, Luka le Johanne. Ka mor’a tsoho ea Jesu, Thomase o itse: “Ekare ha ke sa bone maqeba a lithakhisa matsohong a hae, ka kenya monoana oa ka maqebeng a lithakhisa, ka kenya le letsoho la ka lehlakoreng la hae, nke ke ka lumela.” (Johanne 20:25) Kahoo le hoja ka linako tse ling batlōli ba molao ba ne ba tlamelloa thupeng, Jesu o ile a khokhothelloa ka lipekere. Ho tsoa ho Johanne 20:25 ba bang ba ile ba boela ba fihlela qeto ea hore ho ile ha sebelisoa lipekere tse peli, se le seng ho letsoho ka leng. Empa na hore a be Thomase o sebelisitse lentsoe le ka bongateng (lithakhisa) ho lokela ho utloisisoa e le tlhaloso e tobileng e bontšang hore letsoho ka leng la Jesu le ne le phuntsoe ka sepekere se fapaneng?
Ho Luka 24:39 Jesu ea tsositsoeng o itse: “Bonang liatla tsa ka le maoto a ka, hobane ke ’na ka sebele.” Sena se bontša hore maoto a Kreste le ’ona a ne a khokhothetsoe ka lipekere. Kaha Thomase ha aa ka a bua ka masoba a lipekere maotong a Jesu, hore e be o sebelisitse lentsoe le ka bongateng “lithakhisa” e ne e ka ’na ea e-ba puo e akaretsang e bontšang lipekere tse ngata tse ileng tsa sebelisoa ho khokhothela Jesu.
Ka hona, ntlheng ena ho hang ha ho mokhoa oa ho bolela ka tieo hore na ho ile ha sebelisoa lipekere tse kae. Litšoantšo leha e le life tsa Jesu ha a le thupeng li lokela ho utloisisoa e le lintho tse entsoeng ke baetsi ba litšoantšo tse mpang li fana ka tšoantšetso e theiloeng linneteng tse sa hlakang hantle tseo re nang le tsona. Ha hoa lokela hore ho lumelloe hore ho pheha khang ka litaba tse joalo tseo e seng tsa bohlokoa ho pupetse ’nete e nang le bohlokoa bo boholo ea hore “re bile ra boelanngoa le Molimo ka ho shoa ha Mora oa oona.”—Ba-Roma 5:10.
▪ Na boitsebiso ba ho amoheloa ke Molimo bo bolela hore Bakreste ba ka ’na ba bua le motho ea kileng a nkoa e le “motsoalle ea amohelehang” empa hamorao, ka lebaka la phoso, a ileng a lokela ho qojoa?
E, ho joalo. Molula-Qhooa oa November 15, 1988, o bontšitse hore na ke hobane’ng ha ho le tumellanong le Mangolo ho fetola pono ea rōna ka motho ea e-song ho kolobetsoe ea kopanelang tšebeletsong ea phatlalatsa le Lipaki tsa Jehova. Pele, motho ea joalo o ne a bitsoa “motsoalle ea amohelehang.” Haeba ka mor’a moo a ne a roba melao ea Molimo a sa bake, phutheho e ne e tsebisoa, ’me litho tsa eona li ne li tla qoba ho ba le setsoalle le eena esita le ho buisana le eena.
Joalokaha boitsebiso ba morao tjena bo bontšitse, Bibele e batla hore ho nkoe khato e joalo ea khalemelo mabapi le batho ba kolobelitsoeng bao e leng bafosi ba sa bakeng. (1 Ba-Korinthe 5:11-13; 2 Johanne 9-11) Leha ho le joalo, boikarabelo ba motho ea sa kolobetsoang ea phehellang phoso ha bo tšoane le ba motho ea kolobelitsoeng. (Luka 12:48) Ha a e-s’o kolobetsoe ’me ka hona ha a e-s’o amohelehe mahlong a Molimo, kahoo ho khaoloa ha hoa lokela tabeng ea hae. Ha e le hantle, joale e se e le motho oa lefatše ’me ho ka sebetsanoa le eena ka ho loketseng.
Joale, ho thoe’ng ka motho eo pele a neng a bitsoa “motsoalle ea amohelehang” empa joale a se a sa tšoanelehe bakeng sa tšebeletso ea phatlalatsa ka baka la tsela ea hae e fosahetseng? Kaha ha aa khaoloa, o tlameha ho tšoaroa joaloka motho oa lefatše kaha e hlile e le motho oa lefatše.a Ha e le hantle, ho leqephe 19, Molula-Qhooa oa November 15 o elelitse hore Bakreste ba tšepahalang ba lokela ho ba hlokolosi ka ho loketseng. Bana ba hlokomela hore e ka ’na eaba motho ea sa kolobetsoang o ile a kopanela phosong ho sa tsotellehe tsebo eo a nang le eona ka seo Molimo o se hlokang. Bakreste ba hōlileng moeeng ba tlameha ho ba hlokolosi ka ho tloaelana le motho ea joalo. Haeba ho hlaha lipotso ka hore na ba lokela ho kopana le eena ho isa bohōleng bofe, boholo ba tsona li ka rarolloa ka ho latela keletso ea Molimo. Re ka nahana ka keletso e tšoanang le e fumanoang ho 1 Ba-Korinthe 15:33 le Liproverbia 13:20 ’me re ipotse: ‘Ke setsoalle sefe seo ka nepo nka bang le sona le motho oa lefatše ea sa pheleng ka litekanyetso tsa Bokreste?’ Haeba baholo ba bona hore motho ea joalo oa lefatše o fana ka tšoso leha e le efe, ka lekunutu ba ka fana ka keletso e hlokomelisang ba ka phuthehong bao ho bonahalang ba le kotsing.
Ka mor’a nako, motho ea sa kolobetsoang eo e ’nileng ea e-ba “motsoalle ea amohelehang” a ka ’na a bontša bopaki bo lekaneng ba pako, ’me a ka ’na a lakatsa ho ba le thuto ea Bibele hape. (Liketso 26:20) A ka ’na a buisana le baholo ba phutheho eo joale a seng a kopanela le eona, ’me bona, haeba ho bonahala ho loketse, ba tla mo lokisetsa thuto ea Bibele. Sena se boetse sea sebetsa haeba nakong e tlang motho e mong a se a sa tšoanelehe hore e ka ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang ’me hamorao a bontša pako. Hangata, o lokela ho buisana le baholo ba babeli ba ileng ba sebetsana le phoso ea hae kapa ba bang ba babeli bao sehlopha sa baholo se ba khethetseng ho hlahloba taba haeba a kōpile seo.
Ka ho loketseng, Molula-Qhooa o hlalositse hore ke taba e fapaneng ntlheng ea batsoali ba hlokomelang bana ba tlaase lilemong ka lapeng—e leng bana ba tlaase lilemong bao ka molao ba ikarabellang bakeng sa ho ba hlokomela ka lintho tse bonahalang. (Ba-Efese 6:1-4) Mangolo a fa batsoali tlamo ea ho ruta le ho tataisa bana ba bona. Kahoo batsoali (kapa motsoali ea lumelang) a ka ’na a khetha ho tšoara thuto ea Bibele e ka thōko le ngoan’a hae ea tlaase lilemong kapa ho mo kopanyelletsa lenaneong la lelapa la ho ithuta Bibele le ho buisana ka eona.
Le hoja boitsebiso ba morao tjena ba Molula-Qhooa bo tlisa phetoho monahanong le litšebelisanong tsa rōna, sena se etsoa tumellanong le Mangolo a nang le molemo oa ho ‘hōlisa ka khōlo ea ho loka.’—2 Timothea 3:16, 17.
▪ Ka lebaka la Tite 1:6 (NW), na bana bohle ba monna ba lokela ho kolobetsoa e le hore a tšoanelehele ho ba moholo phuthehong?
Khaolong ea pele ea Tite, moapostola Pauluse o thathamisitse litšoaneleho bakeng sa banna ba sebeletsang ka phuthehong joaloka baholo. Tšoaneleho e ’ngoe e ne e le hore moena e be monna “ea sa qosoeng ka letho, . . . ea nang le bana ba lumelang.”
Sena se ne se ke ke sa bolela hore bana bohle ba moholo ba lokela hore ba be ba kolobelitsoe, hobane ba bang e ka ’na eaba ke masea. Kahoo Tite 1:6 ka ho utloahalang e lokela e be e bolela hore bana ba monna [eo] ba tlaase lilemong ba lokela hore ba be ba kolobelitsoe kapa e be e le ba ithutang ’nete ea Bibele, ba e amohelang le ho e sebelisa le ba sebeletsang ho kolobetsoa, ha ba ntse ba le ka lapeng. (1 Ba-Korinthe 7:14) Moholo o lokela a be a etsa sohle se matleng a hae ho etsa bana ba hae barutuoa, e le ba sa ‘qosoeng ka hore ba itšoere hampe kapa ha ba mamele.’b
Re ka ananela sena hamolemo ka ho hlokomela kamoo Bibele e sebelisang lentsoe ‘molumeli.’ Ho hlakile hore, motho a ka ’na a ba le tumelo, kapa a lumela linthong tse ngata. (Liketso 26:27, 28; 2 Ba-Thessalonika 2:3, 11 ; Jakobo 2:19) Empa hangata re fumana “ho lumela” ho amana le ho amohela Bokreste le ho kolobetsoa. (Liketso 8:13; 18:8; bapisa 19:1-5.) Ka ho khethehileng kolobetso e bontša hore motho ke molumeli.—Liketso 2:41, 44; 4:4, 32.
Bana ba bang ba banyenyane ba moholo mohlomong e ke ke ea e-ba ba hōlileng ka ho tšoanelehang ’meleng, maikutlong, kapa moeeng bakeng sa kolobetso. Leha ho le joalo, Tite 1:6 e ba hlalosa e le “bana ba lumelang” haeba ba hahamalla kolobetso, tumellanong le lilemo tsa bona le boemo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Haeba motho e mong ea leng boemong boo a sa hlokomele pono ena e fetohileng, e ka ba mosa ho mo supisa lihlooho tsena tsa Molula-Qhooa.
b Bona le Molula-Qhooa oa August 1, 1972, leqephe 359.