Mekhoa e Fetohang ka Potlako ea Botona le Botšehali—Ea Boholo-holo le ea Kajeno
BORAPELI ba Moloke, o mong oa melimo ea Moabe, e ne e le bo nyatsehang hakae? Paolo Mantegazza bukeng ea hae The Sexual Relations of Mankind o ngotse hore likamano tsa botona le botšehali tseo Bamoabe ba mehleng ea Bibele ba neng ba kopanela ho tsona e ne e le liketso tse litšila tsa botona le botšehali “tse kopanetsoeng hammoho, ha ba tantša ho pota-pota seemahale se retetseng ke mocheso sa Moloke, ka mor’a hore melomo e supileng ea tšepe ea molimo ona e koenye bokoelitana linyehelo tsa ba tšepahalang, linyehelo tse neng li entsoe ka phofo ea koro, maebana-khoroana, likonyana, lipheleu, manamane, lipoho, le bahlankanyana.” Oa phaella: “Motho leha e le mang kapa mang ea ileng a bala Bibele o tlameha ho hopola lithohako tse sisimosang tseo Moshe a ileng a li lihela Baheberu ba ileng ba etsa bohlola le Moloke. Baale-Peore, le eena, kapa Belphegor [Baale oa Peore], eo e neng e le molimo o ratoang haholo oa Bamidiane, o ile a amoheloa ka cheseho ea bohlanya ke Bajode, ’me borapeli ba hae le bona bo ne bo le litšila joaloka litšebeletso tsa Moloke.”—Levitike 18:21, New World Translation Reference Bible, botlaaseng ba leqephe; 20:2-5; Numere 25:1-5; Jeremia 32:35.
“Cheseho ea bohlanya” ea Bajode bao e ne e tšoana hantle kajeno le “boitšoaro bo bocha” bo ileng ba hlaha, haholo-holo United States le linaheng tse ling tsa Bokreste-’mōtoana, ka bo-1960.
Ha ho hakanngoa liphello tsa nako e telele tsa phetoho eo e potlakileng ea botona le botšehali, Lingaka Alexandra le Vernon H. Mark, tse ngotseng hammoho buka The Pied Pipers of Sex, li ile tsa fana ka maikutlo a tsona karolong ea “Bolela Maikutlo a Hao” ea Medical World News, Houston, Texas, U.S.A. Ka 1985 li ile tsa ngola:
“Ka lilemo tse fetileng tse 25, batho ba bone phetoho e khōlō mekhoeng ea botona le botšehali. . . . Ho fetoha hona ha boitšoaro ba moetlo ho ile ha bitsoa phetoho e potlakileng ea botona le botšehali.” Ka mor’a ho bolela ka mabitso litsebi tsa bongaka tse ikarabellang bakeng sa phetoho ena ea boikutlo ba botona le botšehali, bangoli ba ile ba re: “Ho feta tlatsetso ea tsona ka bomong, [lingaka tsena] li bile le phello e matla haholo ho batho le litsamaiso tsohle tsa bona. Ho e-na le ho babatsa bahlophisi bana ba likamano tsa botona le botšehali, ho hlokahala hore re fokotse tšusumetso ea hona ka ho hōlisa boemo bo botle ba kelello le ho leka-lekana mabapi le boitšoaro ba botona le botšehali le tšireletseho ea bophelo bo botle ba sechaba.
“Ho se laolehe ha tlhaselo ea phetoho e potlakileng ea botona le botšehali ha ho e-s’o hlahise melemo leha e le efe naheng eohle—ntle le haeba re nahana ka ho fumana chelete. Empa ka ho hatella ha eona botona le botšehali e le boithabiso le papali e ka shebelloang, phetoho ena e tlisitse mathata a mangata a ferekanyang sechaba—le leng la mafu ana ke lefu le tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali. VD ha e sa le kotlo e ncha, empa e fetohile seoa, ’me e hlahisitse mafu a mangata a macha a kang a bakoang ke bacteria le virus. Mafu a tšoaetsanoang ka litho tsa botona le botšehali, a sa phekoleheng ho batho ba baholo, a bakile mafu a masea a tšoaetsang boko. AIDS . . . e butse tsela e eang sechabeng sa rōna le ho kena maling a bahlaseluoa ba se nang molato ka ho tšeloa mali a silafetseng.”
Bangoli bana ba fihlela sephetho: “Bopaki bo eketsehang bo behang baeta-pele ba phetoho e potlakileng ea botona le botšehali molato ke bo makatsang. Ba tšepisa thabo, tokoloho, le bophelo bo botle. Ba tlisitse masisa-pelo, boloetse, esita le lona lefu. Bibele e hlalosa ka ho hlakileng moo baeta-pele ba joalo ba emeng teng. Ka mohlala, ho 1 Ba-Korinthe 6:9, 10 e re: “Ana ha le tsebe hoba ba khopo ha ba ka ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo na? Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, leha e le babōki le bafebi, leha e le basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—Bona hape Juda 7.