Na Lihele Lia Chesa?
“NENG-NENG lilemong tsa bo-1960, Lihele li ile tsa nyamela.” Ea buileng joalo ke mongoli oa Lenyesemane David Lodge bukeng ea hae Souls and Bodies, ’me mantsoe a hae a bonahatsa monahano oa Mak’hatholike le Maprostanta a mangata nakong ea mashome a lilemo a latelang ntoa ea bobeli ea lefatše. Ka nakoana, bongata ba likereke tse nang le tšusumetso e khōlō ka botsona li ile tsa fokolisa thuto ea tsona ea molao ea mollo oa lihele boitekong ba tsona ba ho ikamahanya le mekhoa ea morao-rao ea ho nahana.
Khopolo ea tlhokofatso ea ka morao ho lefu e ne e sa amohelehe ho batho haholo-holo hobane khopolo ea sebe ka boeona e ne e fetohile e lerootho ka likelellong tsa bona. Ha ho buisanoa le eena ka 1984, Mok’hadinale oa Roma Ratzinger o ile a re: “Tsoelo-pele ea rōna . . . e shebane le ho bebofatsa maemo le mabaka ao batho ba ipuellang ka ’ona ka boiteko ba ho tlosa ho ikutloa ha batho ba le molato, ba na le sebe . . . , e leng boemo ba sebele bo amanang le ho lumela liheleng le Pelekatori.”
Na kajeno ho bonolo ho lumela ho sebe e le ntho ea sebele ka ntle le ho amohela thuto ea ho hlokofatsoa pelekatoring le liheleng ka mor’a lefu? Buka ea morao-rao, Abrégé de la foi catholique (Kakaretso ea Tumelo ea K’hatholike), eo selelekela sa eona se ngotsoeng ke Mok’hadinale oa Lefora Decourtray, e ile ea beha potso ka ho tobileng: “Na hoa hlokahala ho lumela ho lihele?” Karabelo: “Ha ho bonolo ho qoba potso e tšosang ea lihele.” Buka Vatican Council II—More Postconciliar Documents (1982) e qotsa “Tumelo ea Batho ba Molimo” e bolela hore: “Re lumela . . . [hore] ba arabetseng leratong le mohaung oa Molimo ba tla ea bophelong bo sa feleng. Ba li hanneng ho fihlela qetellong ba tla akheloa mollong oo le ka mohla o sa timeng.”
Kahoo, ho sa tsotellehe boiteko bohle ba thuto ea bolumeli ba ho paka se fapaneng, mollo oa lihele e ntse e le karolo e khōlō ea thuto ea K’hatholike ea molao. Leha ho le joalo, A New Dictionary of Christian Theology (1983) e bua ka “lihlong” le “ho nyahama” tseo thuto ea thohako ea ka ho sa feleng e li bakelang litho tse ngata tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana kajeno. Li na le bothata ba ho lumellanya thuto ena le khopolo ea Molimo o lerato. Lia ipotsa: ‘Na ka sebele lihele tse chesang ke thuto ea Bokreste le ea Bibele? Haeba ho se joalo, e simolohile hokae?’
[Setšoantšo se leqepheng la 3]
Bourges Cathedral, France