Karolo eo Balaoli ba Phahameng ba e Phethang
“Ke mosebeletsi oa Molimo ho uena molemong oa hao. Empa haeba u etsa se sebe, u tšabe.”—BA-ROMA 13:4, “NW.”
1, 2. Ba bangata Bokreste-’mōtoaneng ba kenelletse mesebetsing ea bofetoheli joang?
LILEMONG tse peli tse fetileng, seboka sa babishopo London se ile sa baka khopiso ka mabaka a utloahalang karolong ea litaba e ngoloang ke mohlophisi ho New York Post. Kopano eo e ne e le Seboka sa Lambeth, seo babishopo ba kereke ea Chache ba fetang 500 ba neng ba le teng ho sona. Khopiso eo e tlileng ka mabaka a utloahalang e ile ea tsosoa ke qeto e ileng ea fetisoa ke seboka seo e neng e bontša kutloisiso ho batho “bao, ka mor’a ho leka mekhoa e meng kaofela, ba khethang tsela ea ho itoanela ka lihlomo e le eona feela tsela ea ho fumana toka.”
2 Post e ile ea re ha e le hantle, hona ke ho tšehetsa botšosi. Leha ho le joalo, babishopo bao ba ne ba mpa ba latela tšekamelo e ntseng e hōla. Boikutlo ba bona bo ne bo tšoana le ba moprista oa K’hatholike oa Ghana ea ileng a buella ntoa ea likhukhuni e le eona tsela e ka potlakang ka ho fetisisa, e atlehang ka ho fetisisa, le e sireletsehileng ka ho fetisisa ea ho lokolla Afrika; kapa boikutlo ba mobishopo oa Methodist ea Afrika ea ileng a ikanela ho ntšetsa pele “ntoa ea tokoloho ho fihlela qetellong e bohloko”; kapa boikutlo ba baromuoa ba bangata ba Bokreste-’mōtoana ba ’nileng ba loantša mebuso e hlomamisitsoeng Asia le Amerika Boroa ba tšehelitse bafetoheli.
Bakreste ba ’Nete ha ba ‘Hanyetse Bolaoli’
3, 4. (a) Batho bao ho thoeng ke Bakreste ba phahamisang bofetoheli ba tlōla melao-motheo efe? (b) Motho e mong o ile a hlokomela eng ka Lipaki tsa Jehova?
3 Lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a bolela tjena ka balateli ba hae: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.” (Johanne 17:14, NW) Motho leha e le ofe eo ho thoeng ke Mokreste ea phahamisang bofetoheli ke karolo ea lefatše ka botlalo. Hase molateli oa Jesu; ebile ha a “ikokobeletse balaoli ba phahameng.” (Ba-Roma 13:1, NW) O ne a tla be a etsa hantle ha a ne a ka utloa temoso ea moapostola Pauluse ea hore “ea hanyetsang bolaoli o nkile khato e khahlanong le tokisetso ea Molimo; ba nkileng khato e khahlanong le eona ba tla amohela kahlolo ea bona.”—Ba-Roma 13:2, NW.
4 Ho fapana le ba bangata Bokreste-’mōtoaneng, Lipaki tsa Jehova ha li ikamahanye le pefo ea batho ba hlometseng. Monna e mong Europe o ile a hlokomela sena. Oa ngola: “Ha ke bona seo bolumeli le lipolotiki li se hlahisitseng, ke ile ka inehela ho phetholeng taolo ea sechaba e hlomamisitsoeng. Ke ile ka kena sehlopheng sa batšosi ’me ka fumana koetliso ea ho tšoara libetsa tsa mefuta eohle; ke ile ka kenella bosholung bo bongata ba batho ba hlometseng. Bophelo ba ka bo ne bo lula bo le kotsing ka mehla. Ha nako e ntse e-ea, ho ile ha hlaka hore ntoa eo re e loanang ha e thuse letho. Ke ile ka fetoha monna ea nyahameng haholo, ka tepelletsoa ke ho felloa ke tšepo eohle bophelong. Joale mosali e mong oa Paki o ile a kokota monyakong oa rōna. O ile a mpolella ka ’Muso oa Molimo. Ke tsitlallela hore hoo ho ntšenyetsa nako, ke ile ka etsa tlhahiso ea hore mosali oa ka a mamele. O ile a mamela, ’me ho ile ha qalisoa thuto ea lehae ea Bibele. Qetellong, ke ile ka lumela ho kopanela thutong. Ke sitoa ho fumana mantsoe ao ka ’ona nka hlalosang topollo eo ke ileng ka ikutloa ke e-na le eona ha ke utloisisa tšusumetso e khannelang batho bobeng. Tšepiso e babatsehang ea ’Muso e mphile tšepo e matlafatsang le morero bophelong.”
5. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lula ka khotso ba ikokobelelitse balaoli ba phahameng, ’me boemo bo tla ba tjee ho fihlela neng?
5 Bakreste ke manģosa kapa baemeli ba Molimo le Kreste. (Esaia 61:1, 2; 2 Ba-Korinthe 5:20; Ba-Efese 6:19, 20) Kaha ba boemong boo, ba lula ba sa nke lehlakore likhohlanong tsa lefatše lena. Esita le hoja litsamaiso tse ling tsa lipolotiki li bonahala li atlehile moruong ho feta tse ling, ’me tse ling li lumella bolokolohi bo bongata ho feta tse ling, Bakreste ha ba phahamise kapa hona ho beha tsamaiso e ’ngoe ka holim’a e ’ngoe. Baa tseba hore litsamaiso tsohle ha lia phethahala. Ke “tokisetso ea Molimo” hore litsamaiso tsena li ’ne li be teng ho fihlela ha ’Muso oa oona o li nkela sebaka. (Daniele 2:44) Kahoo, Bakreste ba lula ka khotso ba ikokobelelitse balaoli ba phahameng ha ba ntse ba phahamisa boiketlo ba ka ho sa feleng ho ba bang ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.—Mattheu 24:14, NW; 1 Petrose 3:11, 12.
Ho Utloa Molao
6. Ke hobane’ng ha melao e mengata ea batho e le metle esita le hoja “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe”?
6 Mebuso ea lichaba e beha litsamaiso tsa melao, ’me boholo ba melao ena ke e metle. Ha re talima ’nete ea hore “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe,” na see se lokela ho re makatsa? (1 Johanne 5:19) Che. Jehova o ile a fa ntate oa rōna oa pele-pele, Adama, letsoalo, ’me boikutlo bona bo ka hare ba se nepahetseng le se fosahetseng bo bonahatsoa ka litsela tse ngata melaong ea batho. (Ba-Roma 2:13-16) Hammurabi, Mobabylona oa boholo-holo ea ileng a fana ka molao, o ile a bolela tjena selelekeleng sa lethathamo la melao ea hae: “Nakong eo [ba] ile ba mpitsa hore ke tl’o phahamisa boiketlo ba sechaba, ’na, Hammurabi, khosana e chesehang, e tšabang Molimo, ho etsa hore toka e rene ka har’a naha, ho timetsa ba khopo le ba babe, e le hore ba matla haholo ba se ke ba hatella ba fokolang.”
7. Haeba motho a tlōla molao, ke mang ea nang le tokelo ea ho mo fa kotlo, hona hobane’ng?
7 Mebuso e mengata e ne e tla bolela hore morero oa melao ea eona ke o tšoanang: ho phahamisa boiketlo ba baahi le taolo e ntle mokhatlong oa batho. Kahoo, e fana ka likahlolo bakeng sa liketso tse khahlanong le tulisano ea sechaba, tse kang polao le bosholu, ’me e beha melao, e kang meeli ea lebelo leo lipalangoang li ka tsamaeang ka lona le melao ea hore na li pakoe hokae. Batho leha e le bafe ba tlōlang melao ea eona ka boomo ba nka khato e khahlanong le bolaoli ’me “ba tla amohela kahlolo ea bona.” Kahlolo e tsoang ho mang? Ha ho hlokahale hore e be kahlolo e tsoang ho Molimo. Lentsoe la Segerike leo mona le fetoletsoeng e le kahlolo le ka bolela mehato ea sechaba e nkoang ho fapana le likahlolo tsa Jehova. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 6:7.) Haeba mang kapa mang a etsa se khahlanong le molao, bolaoli bo phahameng bo na le tokelo ea ho mo fa kotlo.
8. Phutheho e tla arabela joang haeba setho se seng se etsa tlōlo ea molao e tebileng?
8 Lipaki tsa Jehova li na le botumo bo botle ba hore ha li hanyetse balaoli ba batho. Haeba ho etsahala hore motho e mong ka phuthehong a tlōle molao, phutheho e ke ke ea mo thusa ho qoba kotlo ea molao. Haeba mang kapa mang a utsoa, a bolaea, a senya motho lebitso, a qhekella makhethong, a beta, a etsa bolotsana, a sebelisa lithethefatsi tse sa lumelloang ke molao, kapa a hanyetsa bolaoli ba molao ka tsela leha e le efe e ’ngoe, o tla talimana le taeo e matla ea phutheho—’me ha aa tšoanela ho ikutloa eka oa hlorisoa ha bolaoli ba lefatše bo mo fa kotlo.—1 Ba-Korinthe 5:12, 13; 1 Petrose 2:13-17, 20.
Baa Tšajoa
9. Ka nepo Bakreste ba retelehela hokae haeba ba sokeloa ke batho ba hlokang molao?
9 Pauluse o tsoela pele ho hlalosa balaoli ba phahameng, o re: “Hobane ba busang baa tšajoa, eseng ketsong e ntle, empa ketsong e mpe. Ka hona, na ha le batle ho tšaba bolaoli? Le ’ne le etse botle, ’me le tla fumana thoriso e tsoang ho bona.” (Ba-Roma 13:3, NW) Hase Bakreste ba tšepahalang ba lokelang ho tšaba kotlo ea bolaoli empa ke bafosi, ba etsang ‘liketso tse mpe,’ liketso tsa tlōlo ea molao. Ha Lipaki tsa Jehova li sokeloa ke batlōli ba joalo ba molao, ka nepo li ka amohela tšireletso ea mapolesa kapa ea masole e fanoang ke bolaoli.—Liketso 23:12-22.
10. Lipaki tsa Jehova li ‘amohetse thoriso’ e tsoang ho bolaoli joang?
10 Ha Pauluse a bua le Mokreste ea bolokang molao oa bolaoli bo phahameng, o re: ‘U tla rorisoa ka hoo.’ Ho fumana mohlala oa sena, nahana ka mangolo a mang ao Lipaki tsa Jehova tsa Brazil li ileng tsa a amohela ka mor’a likopano tsa tsona tsa setereke. Le tsoang ho mookameli oa lefapha la lipapali la ’masepala: “Le lokela ho fumana thoriso e phahameng ka ho fetisisa bakeng sa boitšoaro ba lōna bo nang le khotso. Lefatšeng la kajeno le tletseng likhathatso hoa tšelisa ho tseba hore batho ba bangata hakana ba sa ntsane ba lumela ho Molimo ba bile ba o rapela.” Le tsoang ho motsamaisi oa lebala la lipapali la ’masepala: “Ho sa tsotellehe lenane le leholo haholo la ba neng ba le teng, ha ho ketsahalo e tlalehiloeng e ileng ea senya seboka, ka lebaka la tlhophiso e ke keng ea nyatsoa ka letho.” Le tsoang ofising ea ’musi oa motse: “Re lakatsa ho nka monyetla ona ho le babatsa ka taolo eo le nang le eona le ho itaea ho babatsehang, ho itlelang habonolo feela, ’me re le lakaletsa katleho eohle libokeng tse tlang.”
11. Ke hobane’ng ha ho se kamoo ho ka boleloang hore boboleli ba litaba tse molemo ke ketso e mpe?
11 Poleloana ‘ketso e ntle’ e bolela liketso tse bontšang ho utloa melao ea balaoli ba phahameng. Ho phaella moo, mosebetsi oa rōna oa boboleli, o laetsoeng ke Molimo, eseng motho, hase ketso e mpe—e leng ntlha eo balaoli ba lipolotiki ba lokelang ho e hlokomela. Ke tšebeletso ea pontšeng e ntlafatsang boleng ba boitšoaro ba batho ba arabelang. Ka hona, re tšepa hore balaoli ba phahameng ba tla sireletsa tokelo ea rōna ea ho etsa mosebetsi oa boboleli ho ba bang. Pauluse o ile a ipiletsa ho balaoli e le hore a thee ka molao boboleli ba litaba tse molemo. (Liketso 16:35-40; 25:8-12; Ba-Filippi 1:7, NW) Haufinyane tjena, Lipaki tsa Jehova ka ho tšoanang li ile tsa leka ka matla hore mosebetsi oa tsona o amoheloe ka molao Jeremane Bochabela, Hungary, Poland, Romania, Benin, le Myanmar (Burma), ’me li ile tsa atleha.
“Ke Mosebeletsi oa Molimo”
12-14. Balaoli ba phahameng ba ’nile ba sebeletsa e le mosebeletsi oa Molimo joang (a) mehleng ea Bibele? (b) mehleng ea kajeno?
12 Ha a bua ka bolaoli ba lefatše, Pauluse o tsoela pele: “Ke mosebeletsi oa Molimo ho uena molemong oa hao. Empa haeba u etsa se sebe, u tšabe: hobane ha boa tšoara sabole ka ntle le morero; hobane ke mosebeletsi oa Molimo, mophetetsi ho bontša khalefo ho ea tloaetseng ho etsa se sebe.”—Ba-Roma 13:4, NW.
13 Ka linako tse ling balaoli ba lichaba ba ’nile ba sebeletsa e le mosebeletsi oa Molimo ka litsela tse tobileng. Cyruse o ile a sebeletsa joalo ha a laela Bajode hore ba khutle Babylona ba e’o tsosa ntlo ea Molimo. (Esdrase 1:1-4; Esaia 44:28) Artaxerxese e ne e le mosebeletsi oa Molimo ha a romela Esdrase ka monehelo ho ea tsosolosa ntlo eo le ha a laela Nehemia ho ea tsosa marako a Jerusalema hamorao. (Esdrase 7:11-26; 8:25-30; Nehemia 2:1-8) Bolaoli bo phahameng ba Roma bo ile ba sebeletsa ka tsela eo ha bo tlosa Pauluse sehlopheng sa mahoo-hoo Jerusalema, bo mo sireletsa ha sekepe se robehile, ’me bo mo lokisetsa hore a fumane ntlo eo e leng ea hae Roma.—Liketso 21:31, 32; 28:7-10, 30, 31, NW.
14 Ka ho tšoanang, balaoli ba lefatše ba ’nile ba sebeletsa e le mosebeletsi oa Molimo mehleng ea kajeno. Ka mohlala, ka 1959, Lekhotla le Phahameng ka ho Fetisisa la Canada le ile la etsa qeto ea hore e mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a qositsoe ka ho phatlalatsa boitsebiso bo hlohlelletsang bofetoheli khahlanong le ’muso le bo senyang batho mabitso Quebec ha a na molato—e leng ho ileng ha thibela leeme la Maurice Duplessis, eo ka nako eo e neng e le tona-khōlō ea Quebec.
15. Balaoli ba sebeletsa e le mosebeletsi oa Molimo ka tsela efe e akaretsang, ’me see se ba fa tokelo efe?
15 Ho feta moo, ka tsela e akaretsang mebuso ea lichaba e sebeletsa e le mosebeletsi oa Molimo ka ho boloka taolo ea sechaba ho fihlela ’Muso oa Molimo o e nkela sebaka boikarabelong boo. Ho latela Pauluse, bolaoli “bo nkile sabole” ka oona morero ona, e leng ho tšoantšetsang tokelo ea bona ea ho fana ka kotlo. Hangata sena se akarelletsa ho koalloa teronkong kapa chelete ea kahlolo. Linaheng tse ling e ka ’na ea akarelletsa kahlolo ea lefu.a Ka lehlakoreng le leng, lichaba tse ngata li khethile ho se be le kahlolo ea lefu, ’me le tsona li na le tokelo ea ho etsa joalo.
16. (a) Kaha bolaoli ke mosebeletsi oa Molimo, bahlanka ba bang ba Molimo ba ’nile ba nahana hore ba lokela ho etsa’ng? (b) Mokreste o ne a ke ke a amohela mosebetsi oa mofuta ofe, hona hobane’ng?
16 ’Nete ea hore balaoli ba phahameng ke mosebeletsi oa Molimo e senola lebaka leo ka lona Daniele, Baheberu ba bararo, Nehemia, le Mordekai ba ileng ba khona ho amohela maemo a boikarabelo mebusong ea Babylona le Persia. Ka tsela eo ba ne ba ka khona ho ipiletsa ho ’Muso molemong oa batho ba Molimo. (Nehemia 1:11; Esthere 10:3; Daniele 2:48, 49; 6:1, 2) Kajeno Bakreste ba bang le bona ba sebetsa tšebeletsong ea ’muso. Empa kaha ba ikarotse lefatšeng, ha ba kenelle mekheng ea lipolotiki, ha ba batle tšebeletso ea lipolotiki, kapa hona ho amohela maemo a mosebetsi oa ho etsa maano mekhatlong ea lipolotiki.
Tlhokahalo ea ho ba le Tumelo
17. Ke maemo afe a ka ’nang a hlohlelletsa batho ba bang bao eseng Bakreste hore ba loantše bolaoli?
17 Empa, ho thoe’ng haeba bolaoli bo tlohella tšenyeho kapa esita le eona khatello? Na Bakreste ba lokela ho leka ho beha bolaoli bo bong bo bonahalang bo le molemonyana sebakeng sa boo? Ho hloka toka ha ’muso le tšenyeho hase ntho e ncha. Lekholong la pele la lilemo, ’Muso oa Roma o ile oa lumella ho hloka toka ho kang bokhoba. O ile oa boela oa tlohella liofisiri tse senyehileng. Bibele e bua ka balekhetho ba neng ba qhekella, moahloli ea sa lokang, le ’musisi oa profensi ea neng a batla litjotjo.—Luka 3:12, 13; 18:2-5; Liketso 24:26, 27.
18, 19. (a) Bakreste ba itšoara joang haeba ho e-na le liketso tse mpe kapa tšenyeho liofisiring tsa ’muso? (b) Bakreste ba ntlafalitse bophelo ba batho ka bomong joang, joalokaha rahistori e mong le lebokose le ka tlaase ba bontšitse?
18 Bakreste ba ka be ba ile ba leka ho felisa liketso tse mpe joalo morao koo, empa ha baa ka ba etsa joalo. Ka mohlala, Pauluse ha aa ka a bolela ka ho felisoa ha bokhoba, ’me ha aa ka a bolella beng ba makhoba ba Bakreste hore ba lokolle makhoba a bona. Ho fapana le hoo, o ile a eletsa makhoba le beng ba makhoba hore ba bontše kutloelo-bohloko ea Bokreste ha ba sebelisana e mong le e mong. (1 Ba-Korinthe 7:20-24, NW; Ba-Efese 6:1-9, BPN; Filemone 10-16, BPN; bona le 1 Petrose 2:18.) Ka ho tšoanang, Bakreste ha baa ka ba kenella mosebetsing oa bofetoheli. Ba ne ba tšoarehile haholo ka ho bolela “litaba tse molemo tsa khotso.” (Liketso 10:36, NW) Ka 66 C.E., lebotho la Roma le ile la thibella Jerusalema ’me ka mor’a moo la khutlela morao. Ho fapana le hore ba lule le bafetoheli ba neng ba sireletsa motse, Bakreste ba Baheberu ba ile ba ‘balehela lithabeng’ ka ho utloa taelo ea Jesu.—Luka 21:20, 21.
19 Bakreste ba pele ba ne ba phela ka mokhoa o lumellanang le maemo ’me ba leka ho ntlafatsa bophelo ba batho ka bomong ka ho ba thusa ho latela melao-motheo ea Bibele. Rahistori John Lord, bukeng ea hae The Old Roman World, o ngotse: “Litlhōlo tsa ’nete tsa Bokreste li ne li bonoa ho fetoleng batho ba lumelang lithuto tsa bona banna ba molemo, ho fapana le ho fetola mekhoa e hlahelletseng, kapa puso, kapa melao e bonahalang e le e ratoang.” Na kajeno Bakreste ba lokela ho etsa se fapaneng?
Ha ’Muso o sa Thuse ka Letho
20, 21. (a) Ke joang bolaoli bo bong ba lefatše bo ileng ba hlōleha ho sebeletsa e le mosebeletsi oa Molimo ea tlisang se molemo? (b) Lipaki tsa Jehova li lokela ho itšoara joang ha li hlorisoa ka tumello ea ’Muso?
20 Ka September 1972, mahloriso a sehlōhō a ile a qhoma khahlanong le Lipaki tsa Jehova naheng e ’ngoe Afrika bohareng. Ba likete ba ile ba amohuoa maruo a bona kaofela ’me ba tlatlaptjoa ka liketso tse ling tse sehlōhō, tse akarelletsang ho otloa, ho hlokofatsoa, le ho bolaoa. Na bolaoli bo phahameng bo ile ba phetha mosebetsi oa bona oa ho sireletsa Lipaki? Che! Ho fapana le hoo, bo ile ba khothalletsa pefo, ba qobella Bakreste bana ba se nang kotsi ho balehela linaheng tsa boahisani bakeng sa ho fumana tšireletseho.
21 Na Lipaki tsa Jehova ha lia lokela ho tsohela bahlokofatsi ba joalo matla ka khalefo? Che. Bakreste ba lokela ho tiisetsa linyeliso tse joalo ka mamello, ka boikokobetso ba etsise Jesu: “Enere ha a rohakoa, o na a sa rohake; ha a na a utloisoa bohloko, o na a sa bope; empa o na a tšepa ea ahlolang ka ho loka.” (1 Petrose 2:23) Baa hopola hore ha Jesu a tšoaroa tšimong ea Gethsemane, o ile a khalemela morutuoa ea ileng a mo sireletsa ka sabole, ’me hamorao o ile a bolella Ponse Pilato. “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena. Hoja ’muso oa ka e ne e le karolo ea lefatše lena, bahlanka ba ka ba ka be ba ile ba loana e le hore ke se ke ka nehoa Bajode. Empa, kamoo ho leng ka teng, ’muso oa ka ha o tsoe mohloling ona.”—Johanne 18:36, NW; Mattheu 26:52; Luka 22:50, 51.
22. Lipaki tse ling tsa Afrika li ile tsa beha mohlala ofe o motle ha li hlokofatsoa ke mahloriso a sehlōhō?
22 Li hopotse mohlala oa Jesu, Lipaki tseo tsa Afrika li ile tsa ba le sebete sa ho latela keletso ea Pauluse: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. Batlang tse leng ntle mahlong a batho bohle. Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle. Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena.” (Ba-Roma 12:17-19; bapisa le Ba-Heberu 10:32-34.) Baena ba rōna ba Afrika ke mohlala o susumetsang hakaakang ho rōna kaofela kajeno! Esita leha bolaoli bo hana ho nka khato ka tsela e hlomphehang, Bakreste ba ’nete ha ba furalle melao-motheo ea Bibele.
23. Ho sala lipotso life tse sa ntsaneng li tla tšohloa?
23 Leha ho le joalo, balaoli ba phahameng ba ka lebella eng ho Bakreste? Hona na ho na le meeli leha e le efe ea litaelo tseo ka tšoanelo ba ka fanang ka tsona? Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lethathamo la Melao leo Molimo o ileng oa fana ka lona Iseraeleng ea boholo-holo le ne le akarelletsa kahlolo ea lefu bakeng sa litlōlo tse tebileng.—Exoda 31:14; Levitike 18:29; 20:2-6; Numere 35:30.
Na U ka Hlalosa?
◻ Litsela tse ling tseo ka tsona motho a ka ‘nkang khato e khahlanong’ le balaoli ba phahameng ke life?
◻ “Tokisetso ea Molimo” mabapi le bolaoli ba ’muso ke efe?
◻ Balaoli ‘ba tšajoa’ ka tsela efe?
◻ Mebuso ea batho e sebeletsa e le “mosebeletsi oa Molimo” joang?
[Lebokose le leqepheng la 21]
Lengolo le Tsoang ho Mookameli oa Mapolesa
LENGOLO le nang le letšoao le reng “Tšebeletso ea Sechaba ea ’Muso oa Minas Gerais” le ile la tla ofising ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower Brazil. Le ne le e-tsoa ho mookameli oa mapolesa oa motse oa Conquista. Na ho ne ho se ho e-na le ho hong ho phoso? E re lengolo le hlalose. Le re:
“Monghali ea Ratehang:
“Ke motlotlo ho itsebisa uena ka lengolo lena. Ke bile mookameli oa mapolesa motseng oa Conquista, Minas Gerais, ka nako e ka etsang lilemo tse tharo. Mosebetsing, ka mehla ke leka ho latela letsoalo la ka, empa ke ne ke atisa ho thulana le mathata ho bolokeng khotso teronkong. Le hoja batšoaruoa ba ne ba koetlisetsoa mesebetsi e itseng, ba ne ba lula ba hloka botsitso.
“Likhoeling tse ’maloa tse fetileng, Senhor O— o ile a fihla motseng oa rōna ’me a itsebahatsa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a qala ho bolella batšoaruoa ba bang ka Bibele, a ba ruta ho bala le ho ngola ’me a ba bontša mekhoa ea motheo ea bohloeki le mesebetsi ea tulisano haesita le ho ba bolella ka Bibele e Halalelang. Tsela eo ’moleli enoa a neng a sebetsa ka eona e ne e bontša boinehelo, lerato, le boitelo. Ka potlako boitšoaro ba batšoaruoa bo ile ba fetoha haholo ’me ea e-ba bo molemonyana, e leng ho ileng ha makatsa bashebelli haholo ha ba ha etsa hore ba tlale kananelo.
“Ka lebaka la se etsahetseng teronkong ea rōna, ke lakatsa ho tsebisa Watch Tower Bible and Tract Society ka molao hore re ananela mosebetsi o motle oo ’moleli eo ea tšoanelehang a o entseng har’a batho ba rōna.”
Ha a bua ka bolaoli ba ’muso, moapostola Pauluse o ile a re: “Le ’ne le etse botle, ’me le tla fumana thoriso e tsoang ho bona.” (Ba-Roma 13:3, NW) Ka sebele ho bile joalo tabeng e ka holimo. Ka nako ea likhoeli tse seng kae feela litaba tse molemo li ile tsa fana ka bopaki bo boholo hakaakang ba matla a fetolang a Lentsoe la Molimo, e leng seo tsamaiso ea teronko e neng e sitiloe ho se etsa ka lilemo-lemo!—Pesaleme ea 19:7-9.