Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 7/1 maq. 3-4
  • Ho Tloha ho ’Mè Lefatše ho ea ho Melimotsana ea Kemolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tloha ho ’Mè Lefatše ho ea ho Melimotsana ea Kemolo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Setšoantšo sa Pele sa Babylona
  • Borapeli ba Molimotsana oa ’Mè Boa Ata
  • Na Borapeli ba Molimotsana oa ’Mè bo Ntse bo le Teng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Likarolo Tse Tloaelehileng Litšōmong
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Karolo 5: c 1000-31 B.C.E.—Melimo ea Tšōmong e se Nang Molemo
    Tsoha!—1989
  • Linnete Ka Keresemese, “Easter,” le “Halloween”
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 7/1 maq. 3-4

Ho Tloha ho ’Mè Lefatše ho ea ho Melimotsana ea Kemolo

NA U tseba molimotsana oo setšoantšo sa oona se leng sekoahelong sa makasine oo? Ke Isis, molimotsana oa ’mè oa boholo-holo oa Egepeta. Haeba u kile ua etela setsing sa polokelo ea lintho tsa bohlokoa kapa ua bala buka ea histori ea boholo-holo, mohlomong u se u bone melimo ea litšoantšo e tšoanang le oona. Leha ho le joalo, ak’u nahanisise ka sena: Na u ne u ka khumamela molimotsana Isis eaba ua o rapela?

Haeba u setho sa bo bong ba malumeli a ipitsang a Bokreste, ena e ka ’na ea bonahala e le potso e makatsang. U ka ’na ua tsitlallela hore u rapela ’Mōpi, Ea bitsoang, “Ntat’a rōna ea maholimong.” (Mattheu 6:9) Khopolo ea ho khumamela molimotsana oa ’mè e ka ’na ea bonahala e makatsa, ebile e khopisa. Leha ho le joalo, borapeli bo joalo bo ’nile ba ata ho pholletsa le histori, ’me u ka ’na ua makatsoa ke ho tseba hore na ke bo-mang ba rapelang molimotsana e moholo oa ’mè kajeno.

Leha ho le joalo, pele re tšohla seo, a re ke re bokelleng boitsebiso ka ho hlahloba hore na borapeli ba molimotsana oa ’mè linakong tsa boholo-holo bo ne bo atile hakae. Mofuta ona oa borapeli o bonahala e ne e le oona mofuta oa pele-pele oa bolumeli ba bohata. Liemahale tse nyenyane le litšoantšo tsa melimotsana e hlobotseng ea bo-’mè li ’nile tsa tsetolloa ke baepolli ba lintho tsa khale libakeng tsa boholo-holo ho pholletsa le Europe eohle le ho tloha linaheng tsa Mediterranean ho ea India.

’Mè Lefatše o ne a nkoa e le mohloli oa ka mehla oa lintho tsohle tse phelang, a fana ka bophelo ’me a boetse a bo nka ha li e-shoa. A le boemong bo joalo, o ne a rapeloa empa hape a tšajoa. Taba ea pele, batho ba ne ba lumela hore matla a hae a ho ba le bana a ne a sa sebetse ka likamano tsa botona le botšehali. Joale, ho ea ka tšōmo, o ile a beleha Ntate Leholimo ’me a fetoha mosali oa hae. Banyalani bana ba ile ba tsoala melimo e meng e se nang palo le melimotsana.

Setšoantšo sa Pele sa Babylona

Har’a melimo e amoheloang ka molao Babylona, Ishtare e ne e le molimotsana o ka sehloohong, o tšoanang le molimotsana oa kemolo oa Sumere, Innanna. Ka ho makatsang, e ne e le molimotsana oa ntoa le molimotsana oa lerato le menate ea nama. Bukeng ea hae Les Religions de Babylonie et dʼAssyrie (Malumeli a Babylonia le Assyria), setsebi sa Lefora Édouard Dhorme o ile a bolela tjena ka Ishtare: “E ne e le molimotsana, mofumahali, ’mè ea mohau ea utloang lithapelo le mokena-lipakeng mahareng a melimo e halefileng ’me a e kokobetsa. . . . O ile a phahamisoa ho feta lintho tsohle, o ile a fetoha molimotsana oa melimotsana, mofumahali oa melimo eohle, ’musi oa melimo ea leholimo le lefatše.”

Barapeli ba Ishtare ba ne ba ’mitsa “Moroetsana,” “Moroetsana ea Halalelang,” le “’Mè Moroetsana.” “Thapelo ea Lillo e Eang ho Ishtare” ea boholo-holo ea Basumere le Baakkad e re: “Oho Mofumahali oa mafumahali, kea u rapela, molimotsana oa melimotsana. Oho Ishtare, mofumahali oa batho bohle. . . . Oho uena ea nang le matla ’ohle a bomolimo, ea roetseng moqhaka oa borena. . . . Matlo a thapelo, linģalo tse halalelang, libaka tse halalelang, le litempelana lia u utloa. . . . Na ho na le moo setšoantšo sa hao se leng sieo? . . . Oho Mofumahali; amohela lithapelo tsa ka.”a

Borapeli ba Molimotsana oa ’Mè Boa Ata

Édouard Dhorme oa Bochabela o bua ka “ho ata ha borapeli ba Ishtare.” Bo ile ba nama ho pholletsa le Mesopotamia eohle, ’me Ishtare ka boeena kapa melimotsana e nang le mabitso a fapaneng empa e e-na le litšoaneleho tse tšoanang e ne e rapeloa Egepeta, Fenicia, le Kanana, haesitana le Anatolia (Asia Minor), Greece, le Italy.

Molimotsana oa ’mè o ka sehloohong o neng o rapeloa Egepeta e ne e le Isis. Rahistori H. G. Wells o ile a ngola: “Isis o ile a hohela balateli ba bangata, ba ileng ba nehelana ka bophelo ba bona ho eena. Litšoantšo tsa hae li ne li eme tempeleng, a roesitsoe moqhaka oa Mofumahali oa Leholimo ’me a tšoere lesea Horus matsohong a hae. Likerese li ne li tuka li sa time ’me malakabe a tsona a ntse a isoa koana le koana ke moea ka pel’a hae, ’me linyehelo tsa likano tse entsoeng ka wax li fanyehiloe ka tempelaneng.” (The Outline of History) Borapeli ba Isis bo ne bo tloaelehile haholo Egepeta. Bo ile ba boela ba ata ho pholletsa le tikoloho ea Mediterranean, haholo-holo Greece le Roma, haesitana le ho ea fihla Europe e ka bophirima le e ka leboea.

Fenicia le Kanana, borapeli ba molimotsana oa ’mè bo ne bo lebisoa ho Ashtarothe, kapa Astarte, eo ho neng ho boleloa hore ke mosali oa Baale. Joaloka ’mate oa hae oa Babylona, Ishtare, le eena e ne e le molimotsana oa kemolo le oa ntoa. Ho ile ha fumanoa mengolo ea boholo-holo Egepeta eo ho eona Astarte a bitsoang mofumahali oa leholimo le mofumahali oa maholimo. Baiseraele ba ile ba tlameha ho loana ka linako tsohle khahlanong le tšusumetso e tlotlollang ea borapeli ba molimotsana ona oa kemolo.

Ho ella ka leboea-bophirima ho Anatolia, setšoantšo se tšoanang le sa Ishtare e ne e le sa Cybele, ea tsejoang e le ’Mè e Moholo oa melimo. O ne a boetse a bitsoa Motsoali oa Tsohle, Mofepi oa Tsohle, ’Mè oa Bohle ba Lehlohonolo. Ho tloha Anatolia borapeli ba Cybele bo ile ba ata ’me ba kena Greece pele eaba bo ea Roma, moo bo ileng ba tsoela pele ho fihlela Mehleng e Tloaelehileng. Borapeli ba molimotsana ona oa kemolo bo ne bo kopanyelletsa motjeko oa bohlanya, ho itšeha ha baprista ’meleng, ho iphaola ha ba batlang ho kenela boprista, le mekoloko eo ho eona ho neng ho jaroa seemahale sa molimotsana se khabisitsoeng haholo.b

Bagerike ba boholo-holo ba ne ba rapela molimotsana ’Mè Lefatše o bitsoang Gaea. Empa hamorao melimo ea bona ea molao e ile ea kopanyelletsa melimotsana ea mofuta oa Ishtare e joaloka Aphrodite, molimotsana oa kemolo le lerato; Athena, molimotsana oa ntoa; le Demeter, molimotsana oa temo.

Roma, Venus e ne e le molimotsana oa lerato ’me, ka hona, a tšoana le Aphrodite oa Bagerike le Ishtare oa Babylona. Leha ho le joalo, Baroma ba ne ba boetse ba rapela melimotsana Isis, Cybele, le Minerva (Athena oa Bagerike), eo kaofela ha eona e neng e tšoana le Ishtare oa Babylona ka tsela e ’ngoe e itseng.

Ka ho hlakileng, ka lilemo tse likete-kete borapeli ba molimotsana oa ’mè e bile sera se matla sa borapeli bo hloekileng ba ’Mōpi e moholo, Jehova. Na borapeli ba molimotsana e moholo oa ’mè bo ile ba fela? Kapa na bo ’nile ba tsoela pele ho fihlela mehleng ea kajeno? Ka kōpo bala ho ea pele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ancient Near Eastern Texts, e hatisitsoeng ke James B. Pritchard, Princeton University Press, maqephe 383-4.

b Molimotsana o mong oa kemolo o neng o rapeloa Asia Minor e ne e le Artemise oa Baefese, oo ho tla buuoa ka oona sehloohong se latelang.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

ISHTARE oa Babylona a mothofalitsoe ka sebōpeho sa naleli

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of The British Museum

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

ISIS oa Egepeta le molimo oa lesea Horus

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Musée du Louvre, Paris

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela