Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 11/15 maq. 27-28
  • Molaoli oa Lekholo oa Moroma ea Mosa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molaoli oa Lekholo oa Moroma ea Mosa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba Sebete, Jehova o Tla U Thusa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Phatlalatsa ’Muso oa Jehova ka Sebete!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “Ha ho Motho ea Tla Shoa”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Mosa O bontšoa ka liketso le lipolelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 11/15 maq. 27-28

Molaoli oa Lekholo oa Moroma ea Mosa

BALAOLI ba lekholo ba Maroma ba ne ba sa tsebahale ba le mosa. A abetsoe ho etella pele sehlopha sa masole a makholo a tiiselitsoeng ntoa, molaoli oa lekholo o ne a lokela hore e be mokoetlisi ea thata, ea laeang, ’me ka nako e ’ngoe, ebile e le ’molai. Leha ho le joalo, Bibele e re bolella ka molaoli oa lekholo oa Moroma oa sehlopha sa Augusto ea ileng a bontša mosa oa sebele le kutloelo-bohloko ho moapostola Pauluse. Lebitso la hae e ne e le mang? E ne e le Juliuse.

Bibele e re tsebisa monna enoa ho Liketso khaolo 27. Moapostola Pauluse o ne a kōpile hore Cesare a mamele boipiletso ba hae Roma. Kahoo, Pauluse, hammoho le batšoaruoa ba bang ba bangatanyana, o ile a behoa tlhokomelong ea “molaoli e mong oa lebotho la ntoa ea bitsoang Juliuse oa sehlopha sa Augusto.” Ba ile ba qala leeto ka sekepe Caesarea, motse oa boema-kepe o leboea-bophirimela ho Jerusalema o sebeletsang e le ntlo-khōlō ea sehlopha sa bahlabani ba Roma. Rahistori Luka o re: “Letsatsing le latelang ra fihla Sidone, ’me Juliuse a bontša mosa oa botho ho Pauluse a mo lumella ho ea ho metsoalle ea hae le ho thabela tlhokomelo ea eona.”—Liketso 27:1-3, NW.

Hore na ke hobane’ng ha Juliuse a ile a susumelletseha ho bontša mosa o joalo ha hoa boleloa ka Bibeleng. E ka ’na eaba ’Musisi Festuse o ne a mo nehile litaelo tsa hore a tšoare Pauluse ka mokhoa o khethehileng. Kapa mohlomong Juliuse o ne a mpa a hlolletsoe ke sebete le botšepehi ba Pauluse, ka baka la ho tloaelana le boemo ba ho tšoaroa ha Pauluse. Leha ho le joalo, ho bonahala Juliuse a utloisisa hore Pauluse hase motšoaruoa feela ea tloaelehileng.

Leha ho le joalo, Juliuse o ile a khetha ho se mamele temoso ea Pauluse ea hore ba se qale leeto la bona ho tloha Koung tse Ntle. Kapele sekepe se ile sa tšoaroa ke sefefo se matla se neng se batla ho se tebisetsa lehlabatheng la leoatle hōjana le lebōpo la Afrika leboea. (Liketso 27:8-17) Har’a sefefo sena, Pauluse o ile a ema, ’me a tiisetsa bapalami ba tšohileng hore ‘ha ho e mong har’a bona ea neng a tla lahleheloa ke bophelo ba hae, ke sekepe feela se tla timela.’ Leha ho le joalo, hamorao ba bang ba basesisi ba ile ba leka ho thoba. Joale Pauluse o ile a bolella Juliuse: “Ekare ha bao ba sa lule sekepeng, le ke ke la pholoha.”—Liketso 27:21, 22, 30, 31.

Nakong ena, Juliuse o ile a khetha ho mamela Pauluse, ’me basesisi ba ile ba thibeloa ho thoba. E le ho netefatsa ponelo-pele ea Pauluse, sekepe se ile sa tetebela lehlabatheng la leoatle ’me sa soahlamana. A tšohile hore batšoaruoa ba tla thoba, masole a leng sekepeng a ne a ikemiselitse ho ba bolaea kaofela. Leha ho le joalo, hape-hape, Juliuse oa kenella ’me o thibela banna bana ’me kahoo o pholosa bophelo ba Pauluse.—Liketso 27:32, 41-44.

Bibele ha e re bolelle hore na ke eng e bakileng mosa oa molaoli enoa oa lekholo le hore na o ne a kile a amohela tumelo ea Bokreste. Mosa leha e le ofe oo a o bontšitseng e ne e le pontšo ea mesebetsi ea letsoalo le fanoang ke Molimo. (Ba-Roma 2:14, 15) Leha ho le joalo, Bakreste ba etsa ho fetang ho bontša mosa oa botho ’me ba bontša mosa oa bomolimo o bang teng ka baka la ho ba le moea oa Molimo. (Ba-Galata 5:22) Ka sebele, haeba lesole la mohetene le neng le sa tsebe Molimo le ile la tseba ho bontša mosa, batho ba Molimo ba lokela ho susumelletseha haholoanyane hakaakang ho etsa joalo!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela