Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 2/1 leq. 3
  • Hlokomelang Baprofeta ba Bohata!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Hlokomelang Baprofeta ba Bohata!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Boleloang ke ho Profeta
  • Baprofeta ba Bohata
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • “Bara ba Lōna le Barali ba Lōna ba Tla Profeta”
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Nkang Baprofeta ba Molimo e le Mohlala
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ke Hobane’ng ha Bosholu bo Ntse bo Eketseha?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 2/1 leq. 3

Hlokomelang Baprofeta ba Bohata!

BANYALANI ba bang ba Brazil ba ne ba robetse bosiu ha ba utloa masholu a thuha lehaeng la bona. Banyalani bana ba tšohileng ba ile ba atleha ho baleha ka ho tsoa ka fensetere ea kamore ea ho robala ’me ba bitsa mapolesa. Empa ka mor’a moo mosali o ile a tšosoa haholo ke ketsahalo ena hoo a neng a sitoa ho robala ka tlung eo ’me o ile a tlameha ho ea robala habo.

Mang kapa mang eo ntlo ea hae e kileng ea thuhuoa ka morero oa ho utsoa kapa ea kileng a utsoetsoa ka tsela leha e le efe o tla mo utloela bohloko. Phihlelo e joalo e ka ba e tšosang haholo, ’me, ka masoabi, batho ba bangata ba ntseng ba eketseha ba utloisoa bohloko ka tsela ena. Leha ho le joalo, ho na le mokhoa o mong oa bosholu o nang le liphello tse tebileng haholoanyane.

Mokhoa oo o tebileng haholoanyane oa bosholu ke ofe, ’me masholu ke bo-mang? Jesu Kreste o ile a re fa boitsebiso bo itseng ka oona ha a ne a bua ka mehla ea rōna, o ile a re: “Ho tla hlaha baprofeta ba bohata ba bangata, ’me ba tla thetsa batho ba bangata.” (Mattheu 24:11) Baprofeta ba bohata ke masholu. Ka tsela efe? Ba utsoa eng? Bosholu ba bona bo amana le ho profeta ha bona. Kahoo e le hore re utloisise taba ena ka botlalo, ho hlokahala hore pele re tsebe se boleloang ke ho profeta ho ea ka Bibele.

Se Boleloang ke ho Profeta

Ha u nahana ka ho profeta, mohlomong ntho ea pele e tlang kelellong ea hao ke ho bolela bokamoso esale pele. Ka sebele ena e ne e le tšobotsi e ’ngoe ea mosebetsi oa baprofeta ba Molimo ba khale, empa e ne e se oona mosebetsi oa bona oa sehlooho. Ka mohlala, ponong moprofeta Ezekiele o ile a bolelloa hore a ‘profetele moea,’ ka ho bonolo feela o ne a lokela ho fana ka taelo e tsoang ho Molimo. (Ezekiele 37:9, 10) Ha Jesu a ne a le nyeoeng ka pel’a baprista, o ile a tšoeloa ka mathe a ba a jabeloa, ’me bahlorisi ba hae ka ho soma ba re: “Kreste, u re profetele: ea u otlileng ke mang?” Ba ne ba sa batle hore Jesu a ba bolelle ka bokamoso esale pele. Ba ne ba mo phephetsa hore a bolele ka matla a Molimo hore na ke bo-mang ba mo otlileng.—Mattheu 26:67, 68.

Ha e le hantle, khopolo ea sehlooho e fetisoang ke mantsoe a pele a puo ea Bibele a fetoletsoeng e le “profeta” kapa “boprofeta” haholo-holo ke ho bolela khopolo ea Molimo tabeng kapa, joalokaha buka ea Liketso e hlalosa, ho bolela “limakatso tsa Molimo.” (Liketso 2:11) Ke ka kutloisiso ena batho ba bangata ba utsoetsoang ke baprofeta ba bohata.

Leha ho le joalo, baprofeta ba bohata ke bo-mang, ’me ba utsoa eng? Ho arabela potso ena, a re ke re hetleng morao historing ea sechaba sa Iseraele ho fihlela mehleng ea Jeremia.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela