Na U Balile Litšenyehelo?
“ENG! U hana mpho e babatsehang hakaale-kale?” Molebeli o ne a sa kholoe seo a sa tsoa se utloa. Mosebeletsi ea ka tlaase ho eena, mosali ea hlomphuoang ka baka la bohlale ba hae le boitšoaro bo botle, o ne a sa tsoa hana mpho ea ho ea ithuta mose lilemo tse peli a lefelloa ke k’hamphani. Ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo?
Mosali eo o ile a hlalosa hore, ho amohela mpho eo, ho ne ho tla bolela ho arohana le monna oa hae le bana ba hae ba babeli ka lilemo tse peli. O ne a tla ba hloloheloa haholo. Habohlokoa le ho feta, o ne a bile a tla be a hlokomoloha mesebetsi eo a e filoeng ke Molimo joaloka mosali le ’mè. Tahlehelo ea maikutlo le ea moea e ne e tla ba boima hoo ho neng ho tla ba boima ho koala sekheo seo. Ka hona, ka mor’a ho bala litšenyehelo, o ile a etsa qeto ea ho hana mpho eo.
Haeba u ne u le boemong ba hae u ne u ka be u entse joang? Ka ho hlakileng, hase bohle ba ka lumellanang le qeto eo mosali enoa oa Mokreste a e entseng. Ba bang, ba kang basebetsi-’moho le eena, ba ka ’na ba bona a bapetse ka monyetla o moholo oa ho ntšetsa thuto ea hae pele. Ba bang ba ka ba ba mo qosa ka ho se nahane ka bokamoso ba lelapa la hae, hobane, ha e le hantle, lilemo tse peli li ne li tla feta kapele. Leha ho le joalo, qeto ea hae e ne e se ea ho nkoa ke maikutlo. E ne e thehiloe mabakeng a utloahalang le melao-motheong e bonelang hōle. Ke efe eo?
Ho Fetang ho Inahana ho Tloaelehileng
Monna ea bohlale ka ho fetisisa ea kileng a ba teng lefatšeng, Jesu Kreste, o ile a fana ka tataiso ho e ’ngoe ea lipapiso tsa hae. Jesu o ile a botsa: “Ke mang har’a lōna, ha a rata ho haha tora, a ke keng a lula pele ho bala se tla ntšetsoa eona, a tle a bone ha a e-na le seo a ka e phethang ka sona? E se re mohlomong, ha a theile motheo, ’me a sitoa ho phetha, bohle ba bonang ba qala ho mo soma, ba re: Motho enoa o qalile ho haha, ’me o sitiloe ho phetha.”—Luka 14:28-30.
E mong le e mong a ka lumela hore ke ho bontša bohlale ho bala litšenyehelo pele motho a etsa qeto ea ho etsa ntho e itseng ea bohlokoa. Ka mohlala, haeba motho a ne a batla ho reka ntlo, na o ne a tla potlakela ho saena konteraka le pele a tseba theko le ho kholiseha hore o na le chelete e ka khonang ho lefella molato oo? Ka sebele o ne a tla talingoa e le sethoto ha a ne a ka etsa ntho e joalo. E, ke ho nahana hantle ho bala litšenyehelo pele motho a itlama.
Leha ho le joalo, ntlha eo Jesu a neng a hlile a e hlakisa ka papiso eo ke efe? Pele a bua ka papiso eo, o ile a re: “Mang kapa mang ea sa jareng thupa ea hae ea tlhokofatso ebe oa ntatela e ke ke ea e-ba morutuoa oa ka.” (Luka 14:27, NW) Ka hona, boitsebiso bo potolohileng taba bo bontša hore Jesu o ne a mpa a sa fane ka keletso ea ho inahana ho fetang ho tloaelehileng bakeng sa mesebetsi ea rōna e tloaelehileng, ea letsatsi le letsatsi. Ho e-na le hoo, o ne a bua ka ho bala litšenyehelo mabapi le ho ba morutuoa oa hae.
Ka papiso ea hae, Jesu o ile a bontša hore ho ba morutuoa oa hae ho akarelletsa ho etsa liphetoho le ho tela lintho tse itseng. Hobane’ng? Hobane tsamaiso ena ea lintho e rata lintho tse bonahalang ’me e susumetsoa ke boithati. Batho ba bangata ba amehile haholo ka ho khotsofatsa lithahasello tsa bona tsa nama, ba lebisa tlhokomelo e fokolang kapa ha ba lebise tlhokomelo ho hang litlhokong tsa bona tsa moea kapa kamanong ea bona le Molimo. (2 Timothea 3:1-4) Leha ho le joalo, boikutlo, kapa moea ona, bo fapana ho hang le boo Jesu Kreste a ileng a bo bonahatsa. O ile a re: “Mor’a motho ha aa ka a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.” O ile a nka lintho tsa moea e le tsa bohlokoa bo boholo ho feta tsa nama ha a re: “Moea ke oona o fanang ka bophelo; nama ha e na thuso ho hang.”—Mattheu 20:28, NW; Johanne 6:63.
Ka baka leo, ha Jesu a eletsa ba neng ba batla ho ba barutuoa ba hae ho bala litšenyehelo, haholo-holo o ne a bua, eseng ka lithahasello tsa nama, empa ka tsa moea. Ke hofe hoo e leng habohlokoa bo boholo ho bona, melemo ea lintho tse bonahalang eo lefatše le fanang ka eona kapa melemo ea moea eo ho ba morutuoa ho fanang ka eona? Ke ka lebaka leo ha a qeta ho fana ka papiso eo le e amanang le eona, a ileng a phethela: “Ka mokhoa o joalo, e mong le e mong har’a lōna, ea sa teleng tsohle tseo a nang le tsona, o sitoa ho ba morutuoa oa ka.” (Luka 14:33) Na molateli eo oa kamoso o ikemiselitse ho etsa sehlabelo se joalo, kapa na ke ho batla ho hongata haholo?
Pono e Leka-lekaneng
Le hoja lintho tse bonahalang li ka tlisa melemo e bonahalang le e hlokomelehang haholoanyane ebile e tla ka potlako, melemo e tlisoang ke ho hahamalla lithahasello tsa moea e tšoarella halelele ho feta ebile ea khotsofatsa. Jesu o ile a beha mabaka tjena: “Le se ke la ipokellela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome a jang teng, le moo masholu a fatang teng, a utsoang. Le mpe le ipokellele matlotlo leholimong, moo tšoèlè le mafome a sa jeng teng, le moo ho seng masholu a fatang, a utsoang.” (Mattheu 6:19, 20) Nakong ea rōna, ho theoha ha matla a chelete, ho fokotseha ha theko ea matsete, ho oa ha libanka, esita le lintho tse ling tse ngata, li bakile tšenyeho ho ba bangata ba behileng tšepo ea bona eohle maruong a bonahalang. Leha ho le joalo moapostola Pauluse o re phehella hore re se ‘talime tse bonahalang, re mpe re talime tse sa bonahaleng; hobane tse bonahalang ke tsa mehla ena feela; empa tse sa bonahaleng ha li ka ke tsa e-ba le bofelo.’ (2 Ba-Korinthe 4:18) Leha ho le joalo, ke joang re ka hlaolelang pono e joalo?
Re ka etsa joalo ka ho latela Mohlala oa rōna, Jesu Kreste. Ha a le lefatšeng, ho hang o ne a sa itšehla thajana, joalokaha ho pakoa ke ’nete ea hore ka linako tse ling o ne a kopanela meketeng ea manyalo le ’mokeng e meholo ea lijo. Leha ho le joalo, ka ho hlakileng o ne a entse hore lintho tsa moea e be tsona tse nkang sebaka sa pele ho eena. E le hore a phethe thato ea Ntate oa hae, o ne a ikemiselitse ho tela le lintho tseo ho nahanoang hore ke litlhoko. Ka lekhetlo le leng o kile a re: “Liphokojoe li na le mesima, le linonyana tsa leholimo li na le matlo; empa Mor’a motho ha a na moo a ka samelang hloho ea hae teng.” (Luka 9:58) O ne a nka ho etsa thato ea Ntate oa hae ho le bohlokoa ebile ho thabisa hoo a ileng a re ka tieo e tsoang pelong: “Sejo sa ka ke ho etsa thato ea ea nthomileng, le ho phetha mosebetsi oa hae.”—Johanne 4:34.
Jesu o ile a bonahatsa boikutlo ba hae ba ho lemoha lintho tseo e leng tsa bohlokoa ka tsela eo a ileng a qhela meleko ea Satane. Diabolose o ile a leka ho etsa hore Jesu a sebelise matla a Hae ao a a fuoeng ke Molimo ho ithuisa molemo, ho khotsofatsa litlhoko tsa Hae tsa nama, le ho finyella botumo ba lefatše haesita le ho ratoa. Jesu o ne a tseba hantle hore melemo eo e belaetsang e ne e ka fumanoa feela ka theko e holimo—ho lahleheloa ke kamohelo ea Molimo—theko e holimo ho feta seo a neng a ikemiselitse ho se lefa, hobane o ne a baballa kamano ea hae e ntle le Ntate oa hae ho feta lintho tsohle. Ke ka lebaka leo a ileng a qhela limpho tsa Satane a sa belaele, a sa qea-qee.—Mattheu 4:1-10.
Joaloka balateli ba Kreste, ka sebele re batla ho ba le boikutlo ba ho lemoha lintho tseo e leng tsa bohlokoa bo tšoanang le ba Mong’a rōna. Tsamaisong ena ea lintho e tlas’a taolo ea Satane, ho na le lintho tse ngata tse ka bonahalang li tšepisa melemo e metle empa ha e le hantle li ka senya kamano ea rōna le Molimo. Lintho tse kang ho hahamalla maemo a holimo mosebetsing oa boipheliso, ho hahamalla thuto e phahameng hore motho a ntlafatse maemo a hae, ho fereha batho ba sa lumelang, kapa ho kenella mekhoeng ea khoebo e belaetsang li ka etsa hore u lahleheloe ke tumelo habonolo le ho qetella u lahlehetsoe ke kamohelo ea Jehova. Re tlameha ho bala litšenyehelo ka hloko ha re thulana le meleko e joalo.
Bohlale ba ’Nete Boa Sireletsa
Lilemo tse seng kae tse fetileng, monna e mocha oa Mokreste toropong e khōlō e Bochabela bo Hōle o ile a fumana monyetla oa ho ea mose ho ea ntšetsa thuto ea hae pele. Le hoja a ne a se a e-na le thuto e ntle ea lefatše le mosebetsi o mo lefang hantle, o ile a utloa hore hona ha hoa lekana; o ne a batla ho ntlafatsa maemo a hae bophelong. Bakreste-’moho ba ile ba leka ho mo behela mabaka ka lintlha tse thehiloeng Mangolong tseo re sa tsoa li hlahloba, empa o ile a tiisa hlooho ’me a ntšetsa morero oo pele. Le hoja ka lekhetlo la pele a ile a leka ho tšoarella tumelong ea hae, butle-butle o ile a lahleheloa ke kananelo ea hae ea ’nete ea Bibele, ’me pelaelo e ile ea qala ho ipha matla. Ka nako e ka etsang selemo, o ile a lahleheloa ke tumelo ea hae ka ho felletseng ’me a qala ho ipolela hore ha a lumele boteng ba Molimo. Ke ’nete hore, ho fumana maemo a phahameng ka ho fumana thuto e tsoetseng pele ea lefatše ho ile ha mo tlisetsa tekanyo e itseng ea khotsofalo. Empa bakeng sa bophahamo boo ba nakoana, o ile a tlameha ho lefa habohloko hakaakang—ho senyeha ha tumelo ea hae le kotsi ea ho lahleheloa ke bophelo bo sa feleng!—1 Timothea 1:19.
Ka lehlakoreng le leng, ba sa lumelleng letho ho senya kamano ea bona le Molimo ba kotutse mahlohonolo a maholo a tsoang ho Jehova.
Mohlala o mong ke oa monna e mocha ea neng a e-na le khoebo ea ho khabisa mehaho ka hare toropong e tšoanang le eo ho buuoeng ka eona ka holimo. Likhoeling tse seng kae feela ka mor’a ho qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, o ile a tobana le mpho e lekang—ho etsa mosebetsi oa ho nchafatsa mohaho o bitsang lidolara tse 30 000. Leha ho le joalo, o ne o tla ama ho tlōla melao ea mehaho ka ho haha mohaho o sa lumelloang ka molao. Kaha o ne a ithutile hore Bakreste ba tlameha ho ikokobelletsa molao, o ile a hlokomela hore ho amohela mosebetsi oo ho ka bolela ho lahleheloa ke kamohelo ea Molimo. (Ba-Roma 13:1, 2) Ka mor’a ho seka-seka taba eo ka hloko, o ile a hana mosebetsi oo. Phello ea e-ba efe? Ketso ena ea tumelo e ile ea ipaka e le moo a etsang phetoho e ikhethang ea tsoelo-pele ea hae ea moea. Selemong sona seo, o ile a etsa tsoelo-pele ho isa boinehelong le kolobetsong. O ile a rekisa khoebo ea hae ’me a fumana mosebetsi o neng o mo fa nako e ngatanyana ea ho hahamalla lintho tsa moea. Hona joale o sebeletsa Jehova ka thabo le cheseho.
Banna bana ba bacha ka bobeli ba ile ba bala litšenyehelo. Empa ke eng e ileng ea etsa phapang likhethong tsa bona? Bohlale ba bomolimo! Joang? Bohlale ke matla a ho sebelisa tsebo ka tsela eo hangata e tlisang melemo e sa feleng, ’me bohlale ba bomolimo bo bolela ho sebelisa tsebo tumellanong le morero oa Molimo bakeng sa rōna. Le hoja banna bao ba bacha ka bobeli ba ne ba e-na le tsebo e itseng ea Bibele, tšebeliso ea bona ea tsebo eo e ile ea lebisa liphellong tse fapaneng. Buka ea Liproverbia e re: “Hobane bohlale bo tla kena pelong ea hao, tsebo e khahlise moea oa hao; masene a u lebele, kutloisiso e u boloke; ho u phemisa tsela ea bobe.”—Liproverbia 2:10-12.
Lentsoe la Molimo, Bibele, ke mohloli oa bohlale ba ’nete oo u ka retelehelang ho oona ka linako tsohle ha u tlameha ho etsa liqeto tsa bohlokoa. Ho e-na le hore u ipone u le bohlale, ela hloko keletso ena: “U tšepe Jehova ka pelo ea hao eohle, u se ke ua itšepa hlalefo ea hao. U mo kenye mererong ea hao eohle, ’me u tla u tsamaisa litseleng tsohle tsa hao.” (Liproverbia 3:5, 6) Re tlameha ho ikokobetsa ’me re ikemisetse ho rutoa, re qobe moea oa lefatše oa boikhantšo le oa boitaolo o atileng hakana kajeno.
E, re ke ke ra qoba ho kotula seo re se jalang, ’me ke hantle ebile ho lokile hore re jare liphello tsa liqeto le likhetho tseo re li etsang. (Ba-Galata 6:7, 8) Kahoo bala litšenyehelo pele u itlama ka letho. U se ke ua lumella ntho leha e le efe e bonahalang eka e tla u tsoela molemo ho u nkela boemo ba hao ba moea kapa kamano ea hao le Jehova Molimo. Rapella bohlale le kahlolo e molemo hore u tle u etse liqeto tse nepahetseng, hobane liqeto tseo u li etsang hona joale li ka bolela phapang pakeng tsa bophelo le lefu—ka ho sa feleng!—Bapisa le Deuteronoma 30:19, 20.
[Litšoantšo tse leqepheng la 28]
Na o tla etelletsa pele mesebetsi ea moea kapa pakane ea lefatše bophelong ba hae?