Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 9/1 leq. 4
  • Liphetolelo tsa Bibele Afrika

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liphetolelo tsa Bibele Afrika
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Buka e “Buang” Lipuo Tse Phelang
    Buka ea Batho Bohle
  • Liketsahalo Tsa Bohlokoa Tlhahisong ea Bibele ka Lipuo Tsa Afrika
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Buka ea Batho Bohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Boieane ba Batho Lefatšeng ka Bophara bo Ananela Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 9/1 leq. 4

Liphetolelo tsa Bibele Afrika

Liphetolelo tsa pele tsa Bibele eohle puong ea Seafrika li ile tsa etsoa Egepeta. Li tsejoa e le liphetolelo tsa Coptic, ho lumeloa hore ke tsa lekholong la boraro kapa la bone la lilemo C.E. Hoo e ka bang makholo a mararo a lilemo hamorao, Bibele e ile ea fetoleloa ka Seethiopia.

Lipuo tse makholo tse sa ngoloeng tse buuoang ka boroa ho Ethiopia le Sahara li ile tsa lokela ho emela ho fihla ha baromuoa lekholong la bo 19 la lilemo. Ka 1857 ho ile ha finyelloa sehlohlolo ha Robert Moffat a phetha phetolelo ea Bibele ea Setswana, puo ea Afrika e ka boroa. Hape o ile a hatisa likarolo tsa eona khatisong ea letsoho. Ena e ne e le Bibele ea pele e felletseng ea ho hatisoa Afrika ’me e le phetolelo ea pele e felletseng puong ea Afrika e neng e sa ngoloe pele. Ho thahasellisang ke hore Moffat o ile a sebelisa lebitso la Molimo Yehova phetolelong ea hae. Phetolelong ea 1872 e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Bibele oa Brithani le Linaha Lisele, lebitso Yehova le sebelisitsoe lipolelong tsa sehlooho tse entsoeng ke Jesu joalokaha li tlalehiloe ho Mattheu 4:10 le Mareka 12:29, 30.

Ka 1990 Bibele eohle e ne e se e fetoletsoe lipuong tse 119 tsa Afrika, ’me likarolo tsa eona li fumaneha ka lipuo tse ling tse 434.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela