Liketsahalo Tsa Bohlokoa Tlhahisong ea Bibele ka Lipuo Tsa Afrika
HO TLOHA khale, babali ba tšepahalang ba Bibele ba Europe le ba Amerika Leboea ba ile ba lemoha hore ho hlokahala hore Maafrika a bale Lentsoe la Molimo ka lipuo tsa ’ona. E le hore ba finyelle morero ona o motle, banna ba bangata ba ile ba leba Afrika ho ea ithuta lipuo tsa teng. Ba bang ba ile ba qapa mokhoa oo lipuo tsa Afrika li ngoloang ka oona ’me ba etsa le libuka tse hlalosang mantsoe. Ka mor’a moo ba ile ba qala ho fetolela Bibele ka lipuo tse ngata tsa Afrika. Mosebetsi oo o ne o le boima. The Cambridge History of the Bible e hlalosa tjena: “Mofetoleli o ne a ka etsa liphuputso ka lilemo tse ngata pele a fumana lentsoe le nepahetseng le hlalosang esita le khopolo e bonolo ka ho fetisisa le ea motheo ea Bokreste.”
Ka 1857, Batswana e bile bona ba pele ba ho ba le phetolelo e feletseng ea Bibele ka e ’ngoe ea lipuo tsa Afrika tseo pele ho moo li neng li e-s’o ka li ngoloa.a E ne e hatisitsoe ebile e arotsoe, e sa etsoa buka e le ’ngoe. Ka mor’a nako, ho ile ha etsoa liphetolelo tsa Bibele ka lipuo tse ling tsa Afrika. Boholo ba liphetolelo tsena tsa pele tsa Afrika bo ne bo e-na le lebitso la Molimo, Jehova, Mangolong a Seheberu, kapa “Testamenteng ea Khale,” le Mangolong a Segerike a Bakreste, kapa “Testamenteng e Ncha.” Leha ho le joalo, ha ho se ho nchafatsoa liphetolelo tseo ebile ho etsoa tse ncha, li ile tsa etsoa ke batho ba neng ba sa hlomphe lebitso le halalelang la Mongoli oa Bibele, Jehova. Ho e-na le ho le hlompha, ba ile ba latela neano ea Bajuda eo e leng tumela-khoela ea ho nkela lebitso la Molimo sebaka ka litlotla tse kang Molimo kapa Morena. Kahoo, ho ile ha hlokahala hore batho ba ratang Molimo ba Afrika ba be le phetolelo ea Bibele e khutlisetsang lebitso leo la Molimo sebakeng sa lona.
Ho tloha lilemong tsa bo-1980, Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova se ile sa etsa boiteko bo matla ba hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e fetoleloe ka lipuo tse khōlō tsa Afrika. Ka lebaka leo, kajeno batho ba likete tse makholo ba ratang Bibele ba Afrika ba khona ho bala Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka lipuo tseo ba li antseng letsoeleng. Ho fihlela joale, e feletse kapa e sa fella, Phetolelo ea Lefatše le Lecha e fumaneha ka lipuo tse 17 tsa Afrika.
Babali ba Libibele tsena tse ngotsoeng ka lipuo tsa Afrika ba thabela ho ba le phetolelo e sebelisang lebitso la Molimo le tlotlehang, e leng Jehova. Ka mohlala, ha Jesu a ne a ema ka synagogeng Nazaretha, o ile a tsebahatsa thōmo ea hae ka hore a bale karolo e itseng moqolong oa Esaia, moo lebitso la Ntate oa hae le hlahang teng. (Esaia 61:1, 2) Ho latela Kosepele ea Luka joalokaha e fetoletsoe Phetolelong ea Lefatše le Lecha, Jesu o ile a bala tjena: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke bolelle mafutsana litaba tse molemo, o nthometse hore ke bolelle baholehuoa tokollo le hore ba foufetseng ba boele ba bone, ho etsa hore ba hateletsoeng ba tsamaee ba lokolohile, ho bolela selemo se amohelehang sa Jehova.”—Luka 4:18, 19.
Ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa tlhahisong ea Libibele ka lipuo tsa Afrika e ile ea fihlelloa ka August 2005. Khoeling eo, lekaleng la Afrika Boroa la Lipaki Tsa Jehova, ho ile ha hatisoa ha ba ha kopanngoa likopi tse fetang 76 000 tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka lipuo tse buuoang Afrika. Palo eo e ne e kopanyelletsa likopi tse 30 000 tsa Bibele ka puo ea Seshona. Khatiso ena e ile ea lokolloa Likopanong Tsa Setereke Tsa Lipaki Tsa Jehova tsa “Ho Mamela Molimo” tse neng li tšoaretsoe Zimbabwe.
Khoeling eo e ke keng ea lebaleha, baeti ba neng ba tlile lekaleng la Afrika Boroa ba ne ba hloletsoe ha ba bona ho etsoa Libibele tse ncha ka lipuo tsa Afrika. Nhlanhla, eo e leng setho sa lelapa la Bethele se sebetsang mochineng o kopanyang libuka, o ile a re: “Ke ne ke thabile haholo ke bile ke hloletsoe ka ho ba le tokelo ea ho kenya letsoho tlhahisong ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha ka Seshona le ka lipuo tse ling tsa Afrika.” Ka sebele, mantsoe a hae a akaretsa kamoo lelapa lohle la Bethele la Afrika Boroa le ikutloang kateng.
Joale Libibele tse ncha li tla fihla ho batho ba Afrika kapele le ka mokhoa o baballang chelete ho feta ha li ne li tsoa mose ho maoatle moo li neng li hatisoa teng. Habohlokoa le ho feta, joale Maafrika a se a ka fumana habonolo phetolelo e nepahetseng e sebelisang lebitso le halalelang la Mongoli e moholo oa Bibele, e leng Jehova Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka 1835, Bibele e ne e fetoletsoe ka puo ea Semalagasy ea Madagascar, ’me ka 1840, e ne e fetoletsoe ka puo ea Seamharic ea Ethiopia. Lipuo tsena, e ne e le khale li se ntse li ngoloa le pele Bibele e fetoleloa ka tsona.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Lebitso la Molimo Bibeleng ea Setswana e hatisitsoeng ka 1840
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Harold Strange Library of African Studies
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Baeti ba tsoang Swaziland ba shebile ha ho etsoa Libibele tse ncha lekaleng la Afrika Boroa