Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 6/1 leq. 32
  • Likopano tsa Setereke tsa “Thuto ea Bomolimo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likopano tsa Setereke tsa “Thuto ea Bomolimo”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rutoa ke Jehova ho Fihlela Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Thabela Melemo ea Thuto ea Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Thuto ea Bomolimo ea Hlōla
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Likopano tse Hlollang li Hōlisa Thuto ea Bomolimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 6/1 leq. 32

Likopano tsa Setereke tsa “Thuto ea Bomolimo”

BOHLE ba ratang ho rutoa ke Jehova ba lebeletse ka cheseho Likopano tsa Setereke tsa “Thuto ea Bomolimo.” Lenaneo la matsatsi a mane le tla phahamisa lintlha tse itseng tsa bohlokoa tsa thuto ea Mangolo tse sireletsang Bakreste linakong tsena tsa mathata a botho le pherekano ea lefatše e ntseng e eketseha. Lenaneo le tla ba thusa ho ema ka tieo khahlanong le ‘ntho efe kapa efe e khahlanong le thuto e phelisang’ le hore e be matichere a molemo a Lentsoe la Molimo.—1 Timothea 1:10, NW.

Ke mehlala e metle hakaakang eo re ka e latelang! Tichere e Khōlō ke Jehova Molimo ka boeena! Ka hona, Elihu ka tšoanelo o ile a bolella Jobo hore Jehova “ke Eena ea re rutang ho feta liphoofolo tsa lefatše, ’me o re hlalefisa ho feta libōpuoa tse fofang tsa maholimo.” O ile a boela a botsa mabapi le Jehova: “Ke mang morupeli ea kang eena?” (Jobo 35:11, NW; 36:22, NW) Ho Esaia 30:20 (NW) Molimo o boetse o bitsoa “Morupeli e Moholo.”

Ea latelang Jehova ka ho ba tichere ke Jesu Kreste. O ne a tsejoa e le “Tichere” hape e le “Morupeli,” a bitsoa joalo ka makhetlo a ka bang 50 Likosepeleng. Ho sa tsotellehe ho folisa ha hae ho tsosang maikutlo le mehlolo e meng, Jesu o ne a sa tsejoe e le Ngaka empa e le Tichere, Morupeli.—Mattheu 8:19, NW; Luka 5:5, NW; Johanne 13:13, NW.

Ka ho loketseng ka ho fetisisa, Jesu o ile a ruta balateli ba hae le baapostola ba hae ho ba litichere joaloka eena. Re ka bona sena ho Mattheu 10:5 ho isa ho 11:1 le Luka 10:1-11. Nakoana pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a fa balateli ba hae thomo ea ho ruta e tsebahalang e tlalehiloeng ho Mattheu 28:19, 20. Buka ea Liketso, haesita le mangolo a bululetsoeng a e latelang Mangolong a Segerike a Bakreste, e bontša kamoo balateli ba pele ba Jesu ba ileng ba phetha thōmo eo ea ho ruta ka cheseho, ka bohlale, le ka botšepehi.

Kajeno mosebetsi ona oa ho ruta o potlakile ho feta leha e le neng pele. Re phela mehleng ea qetello ea tsamaiso ena ea lintho, ’me ka lebaka leo, bophelo boa ameha. Hore batho ba se ke ba kenella libeng tsa Babylona e Moholo ’me ba amohela karolo ea likotlo tsa hae, ba lokela ho rutoa le ho thusoa hore ba tsoe Babylona le ho etsa qeto ea ho sebeletsa Jehova le ’Muso oa hae.—Tšenolo 18:4.

Ho thusa Lipaki tsa Jehova kaofela boitekong ba tsona ba ho phetha thōmo ea tsona ea ho ruta, Jehova ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o lokiselitse Likopano tsa Setereke tsa “Thuto ea Bomolimo.” E se eka mohlanka e mong le e mong oa Jehova a ka ikemisetsa hore a be teng bonyane ho e ’ngoe ea likopano tsena, a be teng ’me a mamele ho tloha ha ho buloa ka pina le thapelo motšehare oa mantsiboea ka Labone ho fihlela ho etsoa thapelo e koalang motšehare oa mantsiboea ka Sontaha.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela