Thuto ea Bomolimo ea Hlōla
“Mahlo a hao e tla ba mahlo a bonang Morupeli oa hao e Moholo. ’Me u tla utloa ka litsebe tsa hao lentsoe ka mor’a hao le reng: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.’”—ESAIA 30:20, 21, NW.
1. Ke hobane’ng ha thupelo ea Jehova ka nepo e ka bitsoa thuto ea bomolimo?
JEHOVA MOLIMO ke Mohloli oa thuto e molemo ka ho fetisisa eo motho leha e le ofe a ka e fumanang. Haeba re mamela ha a bua, haholo-holo ka Lentsoe la hae le Halalelang, e tla ba Morupeli oa rōna e Moholo. (Esaia 30:20, NW) Temana ea Bibele ea Seheberu e boetse e ’mitsa “Ea Nang le Bomolimo.” (Pesaleme ea 50:1, NW) Ka hona, thuto ea Jehova ke thupelo ea bomolimo.
2. Ke ka kutloisiso efe e leng ’nete hore ke Molimo a le mong ea bohlale?
2 Lefatše le motlōtlō ka mekhatlo ea lona e mengata ea thuto, empa ha ho le o mong ho eona o fanang ka thuto ea bomolimo. Bohlale bohle ba lefatše bo bokeletsoeng ho pholletsa le histori hase letho ha bo bapisoa le thupelo ea bomolimo e thehiloeng bohlaleng ba Jehova bo ke keng ba lekanngoa. Ba-Roma 16:27 e re Molimo ke eena a le mong ea bohlale, ’me sena ke ’nete ka kutloisiso ea hore ke Jehova feela ea nang le bohlale bo phethahetseng.
3. Ke hobane’ng ha Jesu Kreste e le tichere e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng lefatšeng?
3 Mora oa Molimo, Jesu Kreste, ke mohlala o phethahetseng oa bohlale ’me ke tichere e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea e-ba teng lefatšeng. Sena hase makatse hakaakang! Ka lilemo-lemo Jehova e ’nile ea e-ba Tichere ea hae maholimong. Ha e le hantle, thuto ea bomolimo e qalile ha Molimo a qala ho ruta pōpo ea hae ea pele, Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši. Ka hona Jesu o ne a ka re: ‘Ke bolela litaba tseo joalokaha Ntate a nthutile.’ (Johanne 8:28; Liproverbia 8:22, 30) Mantsoe a Kreste ka boeena a tlalehiloeng ka Bibeleng a eketsa ho hongata tsebong ea rōna ea thuto ea bomolimo. Ka ho ruta seo Jesu a se rutileng, Bakreste ba tlotsitsoeng ba utloa Morupeli oa bona e Moholo, eo thato ea hae e leng hore “bohlale ba Molimo ka mefuta eohle ea bona” bo tsebahatsoe ka phutheho.—Ba-Efese 3:10, 11, BPN; 5:1; Luka 6:40.
Ho Batla Bohlale
4. Ho ’nile ha thoe’ng ka matla a boko?
4 Ho fumana bohlale bo tlisoang ke thuto ea bomolimo ho hloka hore re sebelise ka khothalo matla a rōna a ho nahana ao Molimo a re fileng ’ona. Sena se ka etsahala hobane boko ba motho bo na le matla a maholo. Buka The Incredible Machine e re: “Esita le li-computer tse rarahaneng ka ho fetisisa tseo re ka li nahanang ke lefeela ha li bapisoa le boko ba motho bo rarahaneng le bo tenyetsehang—e leng litšobotsi tse nolofalitsoeng ke tsamaiso ea bona e rarahaneng, le tsamaiso e hlophisitsoeng hantle ea melaetsa ea motlakase le lik’hemik’hale. . . . Melaetsa e limilione e fetang ka potlako ka bokong ba hao ka nako leha e le efe e jere mojaro o moholo ka ho fetisisa oa boitsebiso. E tlisa litaba tse amang tikoloho e ka hare le e ka ntle ho ’mele oa hao: e u bolella ka ho honyela ha mosifa monoaneng oa hao, kapa monko o monate oa kofi, kapa tlhaloso ea motsoalle e tšehisang. Ha likarolo tse ling tse tsamaisang melaetsa li tšohla boitsebiso boo li bile li bo qhaqholla, li hlahisa maikutlo, mehopolo, menahano, kapa merero e itseng e lebisang qetong. Hoo e ka bang ka ho panya ha leihlo, melaetsa e tsoang bokong ba hao e bolella likarolo tse ling tsa ’mele oa hao seo li lokelang ho se etsa: ho otlolla monoana oa hao, ho noa kofi, ho tšeha, kapa mohlomong ho arabela ka mokhoa o qabolang. Ka nako e tšoanang boko ba hao bo boetse bo laola tsela eo u phefumolohang ka eona, tšebetso ea lik’hemik’hale maling, mocheso le mohatsela, le mesebetsi e meng ea bohlokoa eo u sa e hlokomeleng. Bo romela litaelo tse bolokang ’mele oa hao o tsitsitse le ho sebetsa ka ntle ho tšitiso ho sa tsotellehe liphetoho tse etsahalang nako le nako tikolohong ea hao. Bo boetse bo lokisetsa litlhoko tsa nako e tlang.”—Leqephe 326.
5. Ka kutloisiso ea Mangolo, bohlale ke eng?
5 Le hoja ntle ho pelaelo boko ba motho bo na le matla a tsotehang, re ka sebelisa kelello ka tsela e molemohali joang? Eseng ka ho ikakhela ka setotsoana feela ho ithuteng ka matla puo, histori, saense, kapa ho bapisa malumeli. Re lokela ho sebelisa matla a rōna a ho nahana haholo-holo bakeng sa ho fumana thuto ea bomolimo. Ke eona feela e tlisang bohlale ba ’nete. Empa bohlale ba ’nete ke eng? Ka kutloisiso ea Mangolo, bohlale bo hatisa kahlolo e molemo e thehiloeng tsebong e nepahetseng le kutloisisong ea sebele. Bohlale bo re nolofaletsa ho sebelisa tsebo le kutloisiso ka katleho ho rarolla mathata, ho qoba kapa ho phema likotsi, ho thusa ba bang, le ho finyella lipakane. Ka ho thahasellisang, Bibele e bontša phapang ea bohlale ho booatla le bothoto—e leng litšobotsi tseo ka sebele re batlang ho li qoba.—Deuteronoma 32:6; Liproverbia 11:29; Moeklesia 6:8.
Buka ea Jehova e Khōlō ea Thuto
6. E le hore re ka bontša bohlale ba ’nete, ke eng se lokelang ho sebelisoa hamolemo?
6 Ho na le bohlale bo bongata ba lefatše bo re potolohileng. (1 Ba-Korinthe 3:18, 19) Lefatše lena le na le likolo le lilaebrari tse ngata tse tletseng libuka tse limilione! Tse ngata ho tsona ke libuka tsa thuto tse fanang ka thupelo ea puo, lipalo, saense, le likarolo tse ling tsa tsebo. Empa Morupeli e Moholo o fane ka buka ea thuto e fetang tse ling kaofela—Lentsoe la hae le bululetsoeng, Bibele. (2 Timothea 3:16, 17) Ha ea nepahala feela ha e bua ka lintho tse kang histori, jeokrafi, le thuto ea bophelo ba limela empa hape ha e bolela nako e tlang esale pele. Ho feta moo, e re thusa ho phela bophelo bo thabileng ka ho fetisisa le bo molemo ka ho fetisisa hona joale. Feela joalokaha liithuti sekolong sa lefatše li lokela ho sebelisa libuka tsa tsona, re tlameha ho tloaelana hamolemo le ho sebelisa Buka ea Molimo e khōlō ea Thuto e le ho bontša bohlale ba ’nete joaloka ba ‘rutoang ke Jehova.’—Johanne 6:45.
7. Ke hobane’ng ha u ka re ho tloaelana le se fuperoeng ke Bibele ka thuto ea ka hloohong ha hoa lekana?
7 Leha ho le joalo, ho tloaelana le Bibele ka thuto ea ka hloohong ha ho tšoane le bohlale ba ’nete le ho ipapisa le thuto ea bomolimo. Ka mohlala: Lekholong la bo17 la lilemo C.E., monna oa Mok’hatholike ea bitsoang Cornelius van der Steen o ne a batla ho ba Mojesuite empa a haneloa hobane a ne a le mokhutšoanyane haholo. Manfred Barthel bukeng ea hae The Jesuits—History & Legend of the Society of Jesus o re: “Komiti e ile ea tsebisa van der Steen hore e ne e ikemiselitse ho behella tlhokahalo ea botelele ka thōko, empa motheong feela oa hore o tla ithuta ho pheta Bibele eohle ka hlooho. Ho ne ho tla be ho se na thuso ea ho pheta pale ena hoja van der Steen a ne a sa ka a ipapisa le kōpo ena e tlatlapang.” Ho ile ha hloka boiteko bo boholo hakaakang ho tšoara Bibele eohle ka hlooho! Leha ho le joalo, ka sebele ke habohlokoa haholo ho utloisisa Lentsoe la Molimo ho feta ho le tšoara ka hlooho.
8. Ke eng se tla re thusa ho rua molemo thutong ea bomolimo le ho bontša bohlale ba ’nete?
8 E le hore re ka rua molemo o feletseng thutong ea bomolimo le ho bontša bohlale ba ’nete, re hloka tsebo e nepahetseng ea Mangolo. Hape re tlameha ho tataisoa ke moea o halalelang oa Jehova, kapa matla a hae a sebetsang. Sena se tla re nolofaletsa ho ithuta linnete tse tebileng, e leng lintho “tse tebileng tsa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 2:10) Ka hona, a re ithuteng ka khothalo Buka e khōlō ea Jehova ea Thuto ’me re rapelle tataiso ea hae ea moea o halalelang. Tumellanong le Liproverbia 2:1-6, a re hlokomeleng bohlale, re lebise lipelo tsa rōna maseneng, ’me re hoeletse kutloisiso. Ho hlokahala hore re etse sena joalokaha eka re batla matlotlo a patiloeng, hobane ke ka ho etsa joalo feela re tlang ho ‘utloisisa ho tšaba Jehova le ho fumana tsebo ea Molimo.’ Ho tšohla litlhōlo le melemo e meng ea thuto ea bomolimo ho tla entša kananelo ea rōna bakeng sa bohlale bo fanoeng ke Molimo.
Kutloisiso e Tsoelang Pele
9, 10. Molimo o ile a re’ng, joalokaha ho tlalehiloe ho Genese 3:15, ’me kutloisiso e nepahetseng ea mantsoe ao ke efe?
9 Thuto ea bomolimo e hlōla ka ho neha batho ba Jehova kutloisiso e tsoelang pele ea Mangolo. Ka mohlala, re ithutile hore ke Satane Diabolose ea buileng a sebelisa noha Edene ’me ka bohata a etsa qoso ea hore Molimo o leshano ha A bolela hore kahlolo ea ho ja sefate se thibetsoeng e ne e tla ba lefu. Leha ho le joalo, rea bona hore ho se utloe Jehova Molimo ho ile ha fela ha tlisetsa moloko oa batho lefu. (Genese 3:1-6; Ba-Roma 5:12) Leha ho le joalo, Molimo o ile a neha moloko oa batho tšepo ha a bolella noha, eo e neng e le Satane: “Ke tla bea hloeano mahareng a hao le mosali, le mahareng a peo ea hao le peo ea hae; peo eo e tla u khoba hloho, ’me u tla e lōma serethe.”—Genese 3:15.
10 Mantsoe ao a ne a fupere sephiri se ’nileng sa senoloa ka ho tsoelang pele ka thuto ea bomolimo. Jehova o rutile batho ba hae hore sehlooho se seholo sa Bibele ke ho tlosoa ha qoso bobusing ba hae ka Peō, e leng setloholo sa Abrahama le Davida se nang le tokelo ea molao ’Musong. (Genese 22:15-18; 2 Samuele 7:12, 13; Ezekiele 21:25-27) Morupeli oa rōna e Moholo o re rutile hore Jesu Kreste ke Peō e ka sehloohong ea “mosali,” e leng mokhatlo o hlophisitsoeng oa bokahohle oa Molimo. (Ba-Galata 3:16) Ho sa tsotelehe liteko tsohle tseo Satane a li tliselitseng Jesu, o ile a boloka botšepehi—ho isa lefung, e leng ho longoa ha Peō seretheng. Re boetse re ithutile hore majalefa-’moho a ’Muso a 144 000 a tsoang har’a batho a tla kopanela le Kreste ho silakanyeng hlooho ea Satane, “noha ea khale.” (Tšenolo 14:1-4; 20:2; Ba-Roma 16:20; Ba-Galata 3:29; Ba-Efese 3:4-6) Re ananela tsebo e joalo ea Lentsoe la Molimo hakaakang!
Ho Kena Leseling le Hlollang la Molimo
11. Ke hobane’ng ha ho ka thoe thuto ea bomolimo ea hlōla ka ho tlisa batho leseling la moea?
11 Thuto ea bomolimo e hlōla ka ho tlisa batho leseling la moea. Bakreste ba tlotsitsoeng ba bone ho phethahala ha 1 Petrose 2:9: “Le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng, le tle le bolele lithoko tsa ea le bitsitseng lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” Kajeno, leseli le fanoeng ke Molimo le boetse le thabeloa ke “bongata bo boholo ba batho” bo tlang ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Tšenolo 7:9; Luka 23:43) Ha Molimo a ntse a ruta batho ba hae, Liproverbia 4:18 e ipaka e le ’nete: “Tsela ea ba lokileng e joale ka leseli le khanyang ho fihlela motšehare o moholo o phethehileng.” Ho ithuta hona ho tsoelang pele ho ntlafatsa kutloisiso ea rōna ea thuto ea bomolimo, feela joalokaha liithuti li hatela pele ka baka la thuso e molemo ea tichere ha li ithuta sebōpeho sa puo, histori, kapa thuto e ’ngoe.
12, 13. Thuto ea bomolimo e sirelelitse batho ba Jehova likotsing life tsa thuto?
12 Tlhōlo e ’ngoe ea thuto ea bomolimo ke hore e sireletsa ba e amohelang ka boikokobetso ‘lithutong tsa bademona.’ (1 Timothea 4:1) Ka lehlakoreng le leng, ak’u talime Bokreste-’mōtoana! Morao koana ka 1878, mobishopo oa Roma e K’hatholike John Henry Newman o ile a ngola: “Nakong eo ka tšepo ea hore matla a Bokreste a tla thibela tšoaetso ea bokhopo, le ho fetolela litloaelo le mekhoa e amanang le borapeli ba bodemona ho fetohela tšebelisong ea boevangeli, . . . babusi ba Kereke ho tloha mehleng ea pele ba ne ba ikemiselitse, haeba monyetla o joalo o hlaha, ho amohela, kapa ho etsisa, kapa ho lumella mekhoa le meetlo e seng e ntse e le teng ea batho feela ba tloaelehileng, hammoho le filosofi ea sehlopha se rutehileng.” Newman o phaelletse ka ho bolela hore lintho tse kang metsi a halalelang, liaparo tsa moprista, le litšoantšo “kaofela li simolohile boheteneng, ’me li halalelitsoe ka ho kenngoa ha tsona ka Kerekeng.” Ka sebele batho ba Molimo ba leboha hore ebe thuto ea bomolimo e ba sireletsa bokoenehing bo joalo. E hlōla mefuta eohle ea bodemona.—Liketso 19:20.
13 Thuto ea bomolimo e hlōla phoso ea bolumeli ka litsela tsohle. Ka mohlala, kaha re batho ba rutoang ke Molimo, ha re lumele Boraro-bo-bong empa re lumela hore Jehova ke Ea Holimo-limo, Jesu ke Mora oa hae, ’me moea o halalelang ke matla a Molimo a sebetsang. Ha re tšabe mollo oa lihele, hobane rea hlokomela hore lihele tsa Bibele ke lebitla le tloaelehileng la batho. ’Me le hoja litho tsa bolumeli ba bohata li bolela hore sephefumolohi sa motho hase shoe, rea tseba hore bafu ha ba utloe letho. Lethathamo la linnete tse fumanoeng ka thuto ea bomolimo ke le sa feleng. Ke tlhohonolofatso e khōlō hakaakang ho lokoloha botlamuoeng ba moea ba Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata!—Johanne 8:31, 32; Tšenolo 18:2, 4, 5.
14. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Molimo ba ka tsoela pele ho tsamaea leseling la moea?
14 Kaha thuto ea bomolimo e hlōla phoso ea thuto ea bolumeli, e nolofaletsa batho ba Molimo ho tsamaea leseling la moea. Ha e le hantle, ba utloa lentsoe ka mor’a bona le reng: “Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona.” (Esaia 30:21, NW) Thuto ea Molimo e boetse e sireletsa bahlanka ba hae monahanong oa bohata. Ha “baapostola ba bohata” ba ne ba baka likhathatso phuthehong ea Korinthe, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Libetsa tsa ntoa ea rōna hase tsa nama, empa li le matla ka Molimo ho liha liqhobosheane. Re liha ka tsona merero le liphahamo tsohle tse phahamelang ho loantša tsebo ea Molimo, ’me re hapa mehopolo eohle, e tle e utloe Kreste.” (2 Ba-Korinthe 10:4, 5; 11:13-15) Menahano e hanyetsanang le thuto ea bomolimo e lihuoa ka thupelo e fanoang ka bonolo ka phuthehong le ka boboleli ba litaba tse molemo ho ba ka ntle.—2 Timothea 2:24-26.
Rapela ka Moea le ka ’Nete
15, 16. Ho rapela Jehova ka moea le ka ’nete ho bolela eng?
15 Ha mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o ntse o tsoela pele, thuto ea bomolimo e hlōla ka ho bontša batho ba bonolo kamoo ba ka rapelang Molimo “ka moea le ka ’nete.” Selibeng sa Jakobo haufi le motse oa Sikare, Jesu o ile a bolella mosali oa Mosamaria hore a ka mo neha metsi a fanang ka bophelo bo sa feleng. Ha a bua ka Basamaria, o ile a phaella: “Le rapela seo le sa se tsebeng . . . Nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo.” (Johanne 4:7-15, 21-23) Joale Jesu o ile a itsebahatsa e le Messia.
16 Empa re ka rapela Molimo ka moea joang? Ka ho nehelana ka borapeli bo hloekileng bo tsoang lipelong tse nang le teboho tse tletseng lerato la Molimo le thehiloeng tsebong e nepahetseng ea Lentsoe la hae. Re ka mo rapela ka ’nete ka ho hana mashano a bolumeli le ka ho etsa thato ea Molimo, joalokaha e senotsoe Bukeng ea Jehova e khōlō ea Thuto.
Ho Hlōla Liteko le Lefatše
17. U ka paka joang hore thuto ea bomolimo e thusitse bahlanka ba Jehova ho talimana le liteko?
17 Ha batho ba Molimo ba talimana le liteko, thuto ea bomolimo e hlōla ka mehla. Nahana ka sena: Ha Ntoa ea II ea Lefatše e qhoma, ka September 1939, bahlanka ba Jehova ba ne ba hloka temohisiso e khethehileng ka Buka ea hae e khōlō ea Thuto. Thuso e khōlō e bile sehlooho sa The Watchtower ea November 1, 1939, seo ka ho hlakileng se ileng sa fana ka thuto ea bomolimo tabeng ea ho se nke lehlakore ha Bokreste. (Johanne 17:16) Ka ho tšoanang, mathoasong a bo-1960, lihlooho tsa Molula-Qhooa tse buang ka boikokobetso bo lekanyelitsoeng ho “balaoli ba phahameng” ba ’muso li ile tsa thusa bahlanka ba Molimo ho ipapisa le thuto ea bomolimo har’a morusu oa sechaba.—Ba-Roma 13:1-7, NW; Liketso 5:29.
18. Ba ipolelang hore ke Bakreste lekholong la bobeli le la boraro la lilemo C.E. ba ile ba talima boithabiso bo hlephisang boitšoaro joang, ’me thuto ea bomolimo e fana ka thuso efe tabeng eo kajeno?
18 Thuto ea bomolimo e re thusa ho hlōla liteko, tse kang likhoheli tsa ho batla boithabiso bo hlephisang boitšoaro. Hlokomela se ileng sa boleloa ke ba ipolelang e le Bakreste lekholong la bobeli le la boraro la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng. Tertullian o ngotse: “Ha re amehe ka letho, ka lipuo, ka pono kapa ka kutlo, bohlanyeng ba liserekisi, ho hloka lihlong ha lintho tse etsoang lithaleng, bobatana ba mabala a lipapali.” Mongoli e mong oa nakong eo o ile a botsa: “Mokreste ea tšepahalang o etsa joang har’a lintho tsee, kaha a ke ke a nahana le ka bokhopo feela? Ke hobane’ng ha a thabisoa ke lipontšo tsa takatso e litšila?” Le hoja bangoli bana ba phetse lilemo tse itseng ka mor’a Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ba ile ba nyatsa boithabiso bo hlephisang boitšoaro. Kajeno, thuto ea bomolimo e re neha bohlale ba ho qoba boithabiso bo litšila, ba boitšoaro bo bobe, le bo mabifi.
19. Thuto ea bomolimo e re thusa joang ho hlōla lefatše?
19 Ho ipapisa le thuto ea bomolimo ho re nolofaletsa ho hlōla lefatše ka bolona. E, ho sebelisa thuto ea Morupeli oa rōna e Moholo ho re etsa bahlōli litšusumetsong tse mpe tsa lefatše lena le leng matleng a Satane. (2 Ba-Korinthe 4:4; 1 Johanne 5:19) Ba-Efese 2:1-3 e bolela hore Molimo o re phelisitse le hoja re ne re shoele litšitong le libeng tsa rōna ha re ne re tsamaea ho latela ’musi oa sebaka sa moea. Re leboha Jehova hore ebe thuto ea bomolimo e re thusa ho hlōla litakatso tsa lefatše le moea o tsoang ho sera sa hae le sa rōna—mothetsi e moholo, Satane Diabolose!
20. Ke lipotso life tse tšoanelang ho tšohloa ka ho eketsehileng?
20 Ka hona, ka ho hlakileng thuto ea bomolimo e hlōla ka litsela tse ngata. Ha e le hantle, ho ka ba thata ho lokolisa litlhōlo tsohle tsa eona. E ama batho lefatšeng lohle. Empa ke eng seo e u etsetsang sona? Thuto ea bomolimo e ama bophelo ba hao joang?
U Ithutile Eng?
◻ Bohlale ba ’nete bo ka hlalosoa joang?
◻ Molimo o ’nile a senola eng ka ho tsoelang pele mabapi le Genese 3:15?
◻ Thuto ea bomolimo e hlōtse joang litabeng tsa moea?
◻ Ho rapela Molimo ka moea le ka ’nete ho bolela eng?
◻ Thuto ea bomolimo e thusitse bahlanka ba Jehova joang ho hlōla liteko le lefatše?
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Jesu o ile a boloka botšepehi ho isa lefung—e leng ho longoa ha Peō seretheng