Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 9/1 maq. 15-20
  • Lelapa la Bokreste le Etsa Lintho Hammoho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lelapa la Bokreste le Etsa Lintho Hammoho
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha le Lokela ho etsa Lintho Hammoho?
  • Ho etsa Lintho Hammoho Thutong ea Lelapa
  • Ho etsa Lintho Hammoho ha le Bolela Evangeli
  • Ho Sebetsa Hammoho ha le Rarolla Mathata
  • Ho etsa Lintho Hammoho Boikhathollong
  • Litlhohonolofatso tsa ho etsa Lintho Hammoho
  • Lelapa—Ke Seo Batho ba se Hlokang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Na ho na le Lekunutu la Thabo ea Lelapa?
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ithuteng Lentsoe la Molimo Kamehla le le Lelapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Bo Thusa Malapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 9/1 maq. 15-20

Lelapa la Bokreste le Etsa Lintho Hammoho

“Joale ke le khothatsa ka matla, baena, . . . hore le kopane ka ho loketseng mohopolong o le mong le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.”—1 BA-KORINTHE 1:10, NW.

1. Boemo ke bofe mabapi le bonngoe malapeng a mangata?

NA LELAPA la hao ke lelapa le kopaneng? Kapa e mong le e mong o iketsetsa borata? Na le etsa lintho hammoho? Kapa ke ka seoelo bohle le ka bang sebakeng se le seng ka nako e tšoanang? Lentsoe “lelapa” le bolela lehae le kopaneng.a Leha ho le joalo, hase malapa ’ohle a kopaneng. Tichere e ’ngoe ea Brithani e bile ea re: “Ho e-na le ho ba motheo oa tsamaiso e ntle ea sechaba, lelapa . . . ke mohloli oa mathata ’ohle a rōna.” Na lelapa la hao le joalo? Haeba le joalo, na ho hlokahala hore le be joalo?

2. Ke batho bafe Bibeleng ba fanang ka bopaki ba hore ba ne ba tsoa malapeng a molemo?

2 Bonngoe kapa ho hloka bonngoe ha lelapa hangata ho itšetlehile ka boeta-pele ba lona, ebang ke ba batsoali ba babeli kapa a le mong. Mehleng ea Bibele, malapa a kopaneng a neng a rapela hammoho a ne a amohela tlhohonolofatso ea Jehova. Sena se ile sa etsahala Iseraeleng ea boholo-holo, moo morali oa Jafeta, Samsone, le Samuele, e mong le e mong ka litsela tse sa tšoaneng, a ileng fana ka bopaki ba hore o tsoa lelapeng le tšabang Molimo. (Baahloli 11:30-40; 13:2-25; 1 Samuele 1:21-23; 2:18-21) Mehleng ea pele ea Bokreste, Timothea, molekane ea tšepahalang oa Pauluse ho a mang a maeto a Pauluse a boromuoa, o ile a hōla a tseba Mangolo a Seheberu ao a a rutiloeng ke nkhono’ae Loise le ’m’ae, Eunise. O ile a fetoha morutuoa le moromuoa ea ikhethang hakaakang!—Liketso 16:1, 2; 2 Timothea 1:5; 3:14, 15; bona hape Liketso 21:8, 9.

Ke Hobane’ng ha le Lokela ho etsa Lintho Hammoho?

3, 4. (a) Ke litšoaneleho life tse tlamehang ho totobala lelapeng le kopaneng? (b) Lehae le ka fetoha sebaka se fetang feela ntlo joang?

3 Ke hobane’ng ha malapa a rua molemo ka hore a etse lintho hammoho? Hobane ho haha ho utloisisana le ho hlomphana. Ho e-na le ho ikarola ho ba bang, re atamelana haholo ’me rea tšehetsana. Sehlooho sa haufi tjena koranteng ea Family Relations se itse: “Ho hlahile setšoantšo se hlakileng se hlalosang litšoaneleho tsa ‘malapa a matla.’ Litšoaneleho tse joalo li kopanyeletsa boitlamo e mong ho e mong le ho ananelana, bonngoe, puisano e molemo, matla a ho rarolla mathata, le hore bomoea e be taba ea bohlokoa bophelong.”

4 Ha litšoaneleho tsena li le teng lapeng, lehae ha le sa tšoana le seteishene sa petrole, sebaka seo ho tšeloang petrole ho sona. Ke sebaka se fetang feela ntlo. Ke sebaka se ipiletsang se hohelang litho tsa lelapa. Ke sebaka sa tširelo se mofuthu, se nang le lerato, kutloelo-bohloko, le kutloisisano. (Liproverbia 4:3, 4) Ke sehlaha seo ho sona ho fumanehang bonngoe ba lelapa, eseng selao sa phepheng sa likhohlano le likhaohano. Empa see se finyelloa joang?

Ho etsa Lintho Hammoho Thutong ea Lelapa

5. Re tlameha ho sebelisa eng e le hore re ithute borapeli ba ’nete?

5 Re ithuta borapeli ba ’nete ba Jehova ka ho sebelisa matla a rōna a ho beha mabaka, kapa “matla a ho nahana.” (Ba-Roma 12:1, NW) Boitšoaro ba rōna bo lokela ho se laoloe ke maikutlo a tsohang ka nakoana joaloka a bakiloeng ke linehelano tse etsoang ka bokheleke bo boholo le bo susumetsang tse nehelanoang ke mekhatlo ea bolumeli thelevisheneng. Ho e-na le hoo, re susumetsoa ke thuto ea rōna ea ka mehla ea Bibele le lingoliloeng tsa ho ithuta Bibele tse fanoang ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” le ho thuisa ka tsona. (Mattheu 24:45) Liketso tsa rōna tsa Bokreste ke phello ea ho ba le mohopolo oa Kreste boemong leha e le bofe kapa tekong e ka hlahang. Tabeng ena, Jehova ke Morupeli oa rōna e Moholo.—Pesaleme ea 25:9; Esaia 54:13; 1 Ba-Korinthe 2:16.

6. Re na le mohlala ofe oa lefatše ka bophara oa thuto ea lelapa?

6 Thuto ea lelapa ea Bibele e phetha karolo ea bohlokoa bomoeeng ba lelapa le leng le le leng la Bokreste. Le ba le thuto ea lōna ea lelapa neng? Haeba e sa reroa kapa e etsoa mohla e hopotsoeng, ho ka etsahala hore ke ntho e etsoang seoelo haeba e etsoa. Ho etsa lintho hammoho thutong ea lelapa ho hloka kemiso ea ka mehla, e tsitsitseng. Ka tsela ena bohle baa tseba hore na ba lebeletsoe ho ba teng ka letsatsi lefe le ka hora efe bakeng sa ho thabela ’mōka oa lelapa oa moea. Litho tse fetang 12 000 tsa lelapa la Bethele lefatšeng ka bophara lia tseba hore thuto ea tsona ea lelapa e ka Mantaha mantsiboea. Ho khothatsa hakaakang ho baithaopi baa ba Bethele ho hopola hore ba kopanetse thuto e tšoanang qetellong ea letsatsi, lihleke-hlekeng tsa Pacific le New Zealand, ho pholletsa le Australia, Japane, Taiwan, Hong Kong, le ho tšelela Asia, Afrika, le Europe, ’me qetellong linaheng tsa Amerika. Le hoja ba arohantsoe ke sebaka sa lik’hilomithara tse likete le lipuo tse ngata, thuto ena ea lelapa e kenya ka ho litho tsa lelapa la Bethele boikutlo ba ho etsa lintho hammoho. Ka tekanyo e nyenyane, o ka hlaolela boikutlo bo joalo ka thuto ea hao ea lelapa.—1 Petrose 2:17; 5:9.

7. Ho ea ka Petrose, re lokela ho talima lentsoe la ’nete joang?

7 Moapostola Petrose oa re eletsa: “Le lapele haholo, joale ka bana ba tsoang ho tsoaloa, lebese la moea, le sa tsoakoang, le tle le hōlele poloko ke lona; ha le fela le setse le latsoitse molemo oa Morena.” (1 Petrose 2:2, 3) Petrose o hlahisa setšoantšo se setle hakaakang ka mantsoe ao! O sebelisitse leetsi la Segerike e·pi·po·theʹsa·te, leo, ho latela Linguistic Key to the Greek New Testament, le tsoang lentsoeng le bolelang “ho laba-labela, ho lakatsa, ho khalla.” Le fana ka maikutlo a takatso e matla. Na u kile ua hlokomela kamoo lelinyane la phoofolo le batlang ka matla tlhōkō ea ’m’a lona le kamoo lesea le bonahalang le khotsofetse ka teng ha le iphepa letsoeleng la ’m’a lona? Re tlameha ho ba le takatso e tšoanang bakeng sa lentsoe la ’nete. Setsebi sa Legerike William Barclay se itse: “Bakeng sa Mokreste oa ’nete, ho ithuta lentsoe la Molimo hase mosebetsi o boima empa ke nyakallo, hobane oa tseba hore ke hona moo pelo ea hae e tlang fumana phepo eo e e laba-labelang.”

8. Hlooho ea lelapa e tobana le phephetso efe ha e khanna thuto ea lelapa?

8 Thuto ea lelapa e beha boikarabelo bo boholo ho hlooho ea lelapa. E tlameha ho tiisa hore thuto ea thahasellisa ho bohle le hore bohle ba nka karolo. Bana ha baa lokela ho ikutloa eka thuto ke ea batho ba baholo feela. Boleng ba thuto ke ba bohlokoa ho feta bongata ba boitsebiso bo akaretsoang. Etsa hore Bibele e phele. Moo ho loketseng, thusa bana ba hao hore ba bone ka mahlo a kelello libaka le lintho tse leng Palestina moo liketsahalo tseo ho ntseng ho buisanoa ka tsona li etsahetseng teng. Bohle ba lokela ho khothalletsoa ho iketsetsa lipatlisiso tsa botho le ho li arolelana le lelapa. Ka tsela ena le bana ba ka ‘hōlela tlas’a tlhokomelo ea Jehova.’—1 Samuele 2:20, 21.

Ho etsa Lintho Hammoho ha le Bolela Evangeli

9. Mosebetsi oa boboleli o ka etsoa phihlelo e thabisang ea lelapa joang?

9 Jesu o itse: “E ka khona Evangeli e bolelloe lichaba tsohle pele.” (Mareka 13:10) Mantsoe ana a neha Mokreste e mong le e mong ea hlokolosi kabelo—ho bolela evangeli, ho abelana litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo le ba bang. Ho etsa sena hammoho le le lelapa e ka ba phihlelo e khothatsang le e thabisang. Bo-’mè le bo-ntate ba ba motlōtlō ka linehelano tsa litaba tse molemo tse etsoang ke bana ba bona. Banyalani ba bang ba nang le bara ba bararo ba lipakeng tsa lilemo tse 15 le 21 ba bolela hore ka mehla ba tloaetse ho tsamaea le bana ba bona mosebetsing oa boboleli ba phatlalatsa ka Laboraro le leng le le leng ha sekolo se tsoile le hoseng ho hong le ho hong ka Moqebelo. Ntate o re: “Ho na le seo re ba rutang sona ka lekhetlo le leng le le leng. ’Me re tiisa hore e ba phihlelo e thabisang, e khothatsang.”

10. Batsoali ba ka ruisa bana ba bona molemo joang tšebeletsong?

10 Ho sebetsa hammoho le le lelapa ho boleleng le ho ruteng ho ka beha litholoana tse ngata haholo. Ka linako tse ling batho ba arabela hantle nehelanong e bonolo empa e bontša boikutlo bo tšepahalang ba ngoana. Ka mor’a moo, ’Mè kapa Ntate o teng ho thusa haeba ho hlokahala. Batsoali ba ka tiisa hore bana ba bona ba fumana koetliso e tsoelang pele ’me ka hona ba fetoha basebeletsi ‘ba se nang ho nyatsuoa, ba rutang lentsoe la ’nete ka ho loka.’ Ho bolela hammoho ka tsela ena ho lumella batsoali ho hlokomela boikutlo ba ngoana, katleho ea hae, le mekhoa e metle tšebeletsong. Ka ho ba le mokhoa o tsitsitseng oa ho etsa lintho, ba bona khatelo-pele ea ngoana ’me ba mo neha koetliso le khothatso e sa khaotseng bakeng sa ho matlafatsa tumelo ea hae. Ka nako e tšoanang, bana baa hlokomela hore batsoali ba bona ke mehlala e metle tšebeletsong. Linakong tsena tse thata le tse tletseng pefo, ho sebetsa le le lelapa le kopaneng le le tsotellanang ho ka fana ka tšireletso e itseng libakeng tseo tlōlo ea molao e jeleng setsi ho tsona.—2 Timothea 2:15; Ba-Filippi 3:16.

11. Ke eng se ka felisang cheseho ea ngoana habonolo bakeng sa ’nete?

11 Ka mokhoa o bonolo feela bana ba hlokomela batsoali ba sa pheleleng seo ba se bolelang. Haeba batsoali ba sa bontše lerato la sebele bakeng sa ’nete le bakeng sa tšebeletso ea ntlo le ntlo, re ke ke ra lebella hore bana ba chesehe. Ka hona, motsoali ea phetseng hantle eo tšebeletso ea hae ea tšimo e leng feela ho ba le thuto ea Bibele ea beke le beke le bana ba hae a ka ’na a kotula liphello tse bohloko ha bana bao ba hōla.—Liproverbia 22:6; Ba-Efese 6:4.

12. Malapa a mang a ka fumana tlhohonolofatso e khethehileng ho Jehova joang?

12 Molemo oa hore “le kopane ka ho loketseng mohopolong o le mong” ke hore mohlomong lelapa le ka sebelisana ’moho e le hore bonyane setho se le seng se ka fetoha mosebeletsi oa pula-maliboho ea nako e tletseng ka phuthehong. Malapa a mangata lefatšeng ka bophara a etsa sena, ’me bohle ba fumana tlhohonolofatso ho tsoa liphihlelong le katlehong e ntseng e eketseha ea setho se bulang maliboho.—2 Ba-Korinthe 13:11; Ba-Filippi 2:1-4.

Ho Sebetsa Hammoho ha le Rarolla Mathata

13, 14. (a) Ke maemo afe a ka amang kutloano ea lelapa? (b) Mathata a mangata a lelapa a ka thibeloa joang?

13 Linakong tsena tse thata tsa “khatello” le “kotsi,” kaofela ha rōna re ba le khatello. (2 Timothea 3:1, Revised Standard Version; Phillips) Ho na le mathata mosebetsing, sekolong, literateng, esita le hona lapeng. Ba bang baa kula kapa ba na le mathata a nako e telele a maikutlo, ao ka linako tse ling a bakang tsitsipano le ho se utloisisane ka lapeng. Ho ka sebetsanoa le maemo a joalo joang? Ka hore e mong le e mong a ithōlele? Ka ho itšehla thajana esita leha le lula ntlong e le ’ngoe? Che. Ho e-na le hoo, ho hlokahala hore re buisane ka lintho tse re tšoenyang ’me re batle thuso. Na ho na le sebaka se molemo bakeng sa ho etsa see ho feta tokisetsong e lerato ea lelapa?—1 Ba-Korinthe 16:14; 1 Petrose 4:8.

14 Joalokaha ngaka e ’ngoe le e ’ngoe e tseba, ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare. Ho joalo le mathateng a lelapa. Puisano e lokolohileng le e etsoang ho sa patoe letho hangata e ka thibela mathata hore a fetohe a tebileng. Esita le haeba ho hlaha mathata a tebileng, ho ka sebetsanoa le ’ona ’me a rarolloa haeba lelapa le nahana le le ’moho ka melao-motheo ea Bibele e amehang. Hangata khohlano e ka fetoloa kamano e monate ka ho sebelisa mantsoe a Pauluse ho Ba-Kolosse 3:12-14: “Aparang maikutlo a bonolo a kutloelo-bohloko‚ mosa‚ kelello e ikokobelitseng‚ bonolo‚ le mamello. Le ’ne le jarelane mefokolo ’me le tšoarelane ka bolokolohi haeba e mong a e-na le lebaka la ho tletleba ka e mong. . . . Aparang lerato‚ hobane ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—NW.

Ho etsa Lintho Hammoho Boikhathollong

15, 16. (a) Ke litšoaneleho life tse lokelang ho khetholla malapa a Bakreste? (b) Malumeli a mang a hlahisa batho ba mofuta ofe, hona hobane’ng?

15 Jehova ke Molimo ea thabileng, ’me ’nete ke molaetsa o thabisang—o fanang ka tšepo ho batho. Ho feta moo, e ’ngoe ea litholoana tsa moea ke thabo. Thabo ena e fapane haholo le nyakallo ea nakoana eo semathi se bang le eona ha se hlōtse papaling ea tlhōlisano. Ke boikutlo bo tebileng bo tšoarellang ba khotsofalo bo khaphatsehang pelong ka lebaka la ho hlaolela kamano e haufi le Jehova. Ke thabo e thehiloeng melao-motheong ea bohlokoa ea moea le likamanong tse hahang.—Ba-Galata 5:22; 1 Timothea 1:11.

16 Ka lebaka leo, re le Lipaki tsa Bakreste tsa Jehova, ha re na lebaka la ho hlonama kapa ho se tšehe. Malumeli a mang a hlahisa batho ba joalo ka lebaka la mofuta oa tumelo e hlokomelang feela lehlakore le lebe la lintho. Lithuto tsa ’ona li fella ka borapeli bo hlonameng, bo se nang thabo, bo sa tsoeng ka Bibeleng ebile bo sa leka-lekana. Ha a hlahise malapa a thabileng tšebeletsong ea Molimo. Jesu o ile a hlokomela hore ho hlokahala boikhathollo le phomolo. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng o ile a mema barutuoa ba hae hore ba ee ‘ka thōko feelleng, ’me ba phomole hanyenyane.’—Mareka 6:30-32; Pesaleme ea 126:1-3; Jeremia 30:18, 19.

17, 18. Malapa a Bakreste a ka ikhatholla ka litsela life tse loketseng?

17 Le malapa ka ho tšoanang a hloka nako ea ho ikhatholla. Motsoali e mong o ile a re ka bana ba hae: “Re etsa lintho tse ngata tse thabisang re le ’moho—re ea lebōpong la leoatle, re bapala bolo libakeng tsa boikhathollo, re hlophisa ho ba le pikniki lithabeng. Ka linako tse ling, re ba le ‘letsatsi la bopula-maliboho’ ka ho sebetsa hammoho tšebeletsong letsatsi lohle joalokaha bo-pula-maliboho ba etsa; ebe re le keteka ka ho etsa lijo tse khethehileng, ’me mohlomong ebe re abelana limpho.”

18 Litlhahiso tse ling tseo batsoali ba ka li sebelisang ke ho nka maeto le malapa a bona ho ea lirapeng tsa liphoofolo, libakeng tsa boikhathollo, libakeng tsa polokelo ea lintho tsa bohlokoa, le libakeng tse ling tse thabisang. Ho tsamaea morung, ho sheba linonyana, le ho sebetsa serapeng ke lintho tse ka arolelanoang ka thabo. Batsoali ba ka boetse ba khothaletsa bana ba bona ho ithuta ho bapala seletsa sa ’mino kapa ba etse ntho e tlosang bolutu. Ka sebele, batsoali ba leka-lekaneng ba tla ipha nako ea ho bapala le bana ba bona. Haeba malapa a bapala hammoho, ho na le monyetla o moholoanyane oa hore a khomarelane!

19. Ke tloaelo efe ea kajeno e ka ntšang lelapa kotsi?

19 Tloaelo e teng ho bacha ke ho batla ho ikarola lapeng le ho iketsetsa seo ba se ratang mabapi le ea boikhathollo. Le hoja ho se letho le lebe ka hore mocha a be le ntho eo a itlosang bolutu ka eona kapa seo a se etsang ha a lutse feela, ho ke ke ha ba bohlale hore lithahasello tse joalo li lumelloe hore li mo arole ho litho tse ling tsa lelapa. Ho e-na le hoo, re batla ho sebelisa molao-motheo o boletsoeng ke Pauluse: “E mong le e mong a se ke a hlokomela tsee e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.”—Ba-Filippi 2:4.

20. Likopano tse khōlō le tse nyenyane e ka ba linako tse thabisang joang?

20 Ke thabo e kaakang ho rōna bohle ho bona malapa a lutse hammoho likopanong tse khōlō le tse nyenyane! Ka tsela ena hangata bana ba baholoanyane ba ka thusa ka ho hlokomela ba banyenyane. Tokisetso e joalo e boetse e thibela tšekamelo ea bacha ba bang ea hore ba ikhethe ka lihlopha ’me ba lule litulong tse ka morao ebe ha ba mamele lenaneo la kopano. Esita le ho ea kapa ho khutla likopanong e ka ba ho thabisang ha lelapa le ile la ipua ka hore na le tsamaee ka tsela efe, le bone libaka life tseleng, le hore na le fihlele kae. Nahana hore na e bile nako e thabisang hakaakang linakong tsa Jesu ha malapa a tsamaea hammoho ho ea Jerusalema!—Luka 2:41, 42.

Litlhohonolofatso tsa ho etsa Lintho Hammoho

21. (a) Ke joang re ka etsang boiteko bo matla ba ho atlehisa lenyalo? (b) Ke litlhahiso life tse ntle tse ’nè bakeng sa lenyalo le tšoarellang?

21 Ha ho mohla ho kileng ha ba bonolo ho finyella manyalo a atlehileng le malapa kopaneng, ’me ha a itlele ntle ho boiteko bo reriloeng. Ba bang ho bonahala ba ho fumana ho le bonolo ho tela, ho senya lenyalo ka tlhalo, ebe ba leka ho qalisa bocha. Leha ho le joalo, mathata a tšoanang a ba teng lenyalong la bobeli le la boraro. Tharollo e molemo haholoanyane ke ea Bokreste: Etsa boiteko ba ho atleha ka ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ea lerato le tlhompho. Malapa a kopaneng a itšetlehile ka moea oa ho abelana, oa ho hloka boithati. Moeletsi e mong oa lenyalo o ile a fana ka pheko e bonolo bakeng sa ho etsa hore manyalo a tšoarelle. O ile a ngola: “Lintho tsa bohlokoa tse fumanoang hoo e ka bang manyalong ’ohle a thabileng ke ho ikemisetsa ho mamela, ho khona ho kōpa tšoarelo, matla a ho fana ka tšehetso ea maikutlo ka linako tsohle, le takatso ea ho ama ka tsela e bontšang kameho.” Ka sebele lintho tsena li ka etsa hore lenyalo le tšoarelle hobane li theiloe melao-motheong e utloahalang ea Bibele.—1 Ba-Korinthe 13:1-8; Ba-Efese 5:33; Jakobo 1:19.

22. E meng ea melemo ea ho ba le lelapa le kopaneng ke efe?

22 Haeba re latela keletso ea Bibele, re tla ba le motheo o tiileng oa lelapa le kopaneng, ’me malapa a kopaneng ke motheo oa phutheho e kopaneng le e matla moeeng. Ka hona, re tla amohela litlhohonolofatso tse ngata ho Jehova ha re mo fa thoriso e eketsehileng re kopane.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a “Lelapa [family ka Senyesemane] le tsoa Selatineng familia, ’me qalong le ne le bolela bahlanka le makhoba ntlong e khōlō, eaba le bolela ntlo ka boeona e nang le monghali, mofumahali, bana—le ba ka har’a eona.”—Origins—A Short Etymological Dictionary of Modern English, ka Eric Partridge.

Na U sa Hopola?

◻ Ke hobane’ng ha ho ruisa malapa molemo hore a etse lintho hammoho?

◻ Ke hobane’ng ha thuto ea ka mehla ea Bibele ea lelapa e le ea bohlokoa?

◻ Ke hobane’ng ha ho le molemo hore batsoali ba kopanele tšebeletsong ea tšimo le bana ba bona?

◻ Ke hobane’ng ha ho thusa ho tšohla mathata le le lelapa?

◻ Ke hobane’ng ha malapa a Bakreste a sa lokela ho hlonama le ho hloka thabo?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Na lelapa la hao le thabela ho ba hammoho lijong bonyane hanngoe ka letsatsi?

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Maeto a etsoang ke lelapa e lokela ho ba a khathollang le a thabisang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela