Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 4/1 maq. 6-8
  • Lelapa—Ke Seo Batho ba se Hlokang!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lelapa—Ke Seo Batho ba se Hlokang!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lehae ke Setšabelo
  • Ho Thusa Lelapa la Hao Hore le Pholohe
  • Pono e Nepahetseng ka Chelete
  • Bohlokoa ba Thuto ea Bibele
  • Na ho na le Lekunutu la Thabo ea Lelapa?
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Lelapa la Bokreste le Etsa Lintho Hammoho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ithuteng Lentsoe la Molimo Kamehla le le Lelapa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Thabela Bophelo ba Lelapa
    Thabela Bophelo ba Lelapa
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 4/1 maq. 6-8

Lelapa—Ke Seo Batho ba se Hlokang!

HO BOLELOA hore mokhatlo oa batho o atleha hafeela malapa a oona a atleha. Histori e bontša hore ha tokisetso ea lelapa e fela, matla a lichaba aa fokotseha. Ha ho senyeha ha boitšoaro ho ne ho senya malapa a Greece ea boholo-holo, tsoelo-pele ea eona e ile ea tsekoloha, e leng ho ileng ha etsa hore Baroma ba e hlōle habonolo. ’Muso oa Roma o ile oa lula o le matla ha malapa a ne a ntse a le matla. Empa ha makholo a lilemo a ntse a feta, bophelo ba lelapa bo ile ba fokola, ’me matla a ’muso oo a ile a fokotseha. Charles W. Eliot eo e kileng ea e-ba mopresidente oa Univesithi ea Harvard o itse: “Tšireletseho le bophahamo ba bophelo ba lelapa ke tsona lintho tse ka sehloohong bakeng sa tsoelo-pele, le bakeng sa liphello tsa indasteri eohle.”

E, lelapa ke seo batho ba se hlokang. Le na le phello e tobileng botsitsong ba sechaba hammoho le boiketlong ba bana le ba meloko e tlang. Ntle ho pelaelo, ho na le bo-’mè ba bangata-ngata ba se nang balekane, ba sebetsang ka thata haholo hore ba hōlise bana ba bona hantle, ’me ba lokela ho babatsoa bakeng sa mosebetsi oo oa bona o boima. Leha ho le joalo, lipatlisiso li bontša hore hangata bana ba tsoella hantle haholoanyane haeba ba lula lelapeng la batsoali ba babeli.

Phuputso ea Australia e entsoeng ho bana ba kenang lilemong tsa bocha ba ka holimo ho 2100 e fumane hore “bacha ba tsoang malapeng a arohaneng ba ne ba kula haholoanyane, ba batla ba bontša matšoao a ho ba le mathata a maikutlo ’me ba boetse ba kopanela likamanong tsa botona le botšehali ho feta bana ba tsoang malapeng a kopaneng.” Phuputso e ileng ea etsoa ke National Institutes of Health Statistics ea United States e ile ea senola hore bana ba tsoang malapeng a arohaneng ba ne ba e-na le “menyetla e 20-30 lekholong ea hore ba hlaheloe ke likotsi ho feta ba bang, e 40-75 lekholong ea hore ba phete sehlopha seo ba leng ho sona sekolong, le e 70 lekholong ea hore ba lelekoe sekolong.” ’Me mohlahlobi oa mathata a sechaba o tlaleha hore “ho na le menyetla e mengata haholoanyane ea hore bana ba tsoang malapeng a motsoali a le mong ba etse bonokoane ho feta ba hōlelang malapeng a tloaelehileng.”

Lehae ke Setšabelo

Tokisetso ea lelapa e etsa hore lehae e be le thabileng, le hahang le le mofuthu ho bohle. Motho e mong ea boholong Sweden o re: “Mohloli oa bohlokoahali oa thabo le boiketlo ke lelapa, eseng mosebetsi, matlotlo, lintho tseo motho a itlosang bolutu ka tsona kapa eona metsoalle.”

Bibele e bontša hore lelapa le leng le le leng lefatšeng le na le lebitso ka lebaka la ’Mōpi e Moholo oa malapa, Jehova Molimo, kaha ke eena ea ralileng tokisetso ea lelapa. (Genese 1:27, 28; 2:23, 24; Baefese 3:14, 15) Leha ho le joalo, ka Mangolong a halalelang, moapostola Pauluse o ile a bolela esale pele ka tlhaselo e mabifi e neng e tla hlasela malapa, e neng e tla senya boitšoaro le mokhatlo oa batho ba ka ntle ho phutheho ea Bokreste. O itse ‘matsatsi a ho qetela’ a ne a tla tšoauoa ka ho se tšepahale, ho ba sieo ha “boikutlo bo mofuthu ba tlhaho” le ho se mamele batsoali, esita le har’a “ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo.” O ile a phehella Bakreste hore ba furalle ba joalo. Jesu o ile a bolela esale pele hore khanyetso e neng e tla ba teng ’neteng ea Molimo e ne e tla arohanya malapa.—2 Timothea 3:1-5; Matheu 10:32-37.

Leha ho le joalo, Molimo ha aa re lahla kherehloa. Lentsoeng la hae ho na le taeo e ngata e mabapi le likamano tsa lelapa. Le re bolella hore na re ka etsa joang hore lelapa e be le atlehileng le hore lehae e be sebaka se thabisang seo ho sona setho se seng le se seng sa lelapa se nang le boikarabelo boo se lokelang ho bo phetha bakeng sa ba bang.a—Baefese 5:33; 6:1-4.

Na ho ka etsahala hore ho finyelloe kamano e thabisang joalo matsatsing aa ao ka ’ona lelapa le sokeloang hakaale? E, ka sebele! U ka atleha ho etsa lelapa la hao sekhutloana se setalana se thabisang, se khathollang lefatšeng lena le se nang mohau, le kang lehoatata. Empa sena se hloka ho itseng ho e mong le e mong ka lapeng. Ho fanoa ka litlhahiso tse latelang.

Ho Thusa Lelapa la Hao Hore le Pholohe

E ’ngoe ea litsela tse molemo ka ho fetisisa tseo ka tsona lelapa le ka lulang le kopane ke ho qeta nako e itseng le le ’moho. Litho tsohle li lokela ho ikemisetsa ho qeta nako ea tsona ea boikhathollo li e-na le lelapa. Seo se ka ’na sa bolela ho tela lintho tse itseng. Ka mohlala, lōna bacha le ka ’na la tlameha ho tela lenaneo leo le le ratang la TV, lipapali kapa ho intša le metsoalle. Lōna bo-ntate, bao ka tloaelo e leng lōna ba phelisang lelapa, le se ke la sebelisa nako ea lōna ea boikhathollo bakeng sa ho etsa feela ntho eo le tloaetseng ho itlosa bolutu ka eona, kapa lintho tse ling tsa botho tseo le li thahasellang. Rerang lintho tseo le tla li etsa le le lelapa, mohlomong hore na le tla etsa eng le le ’moho ka mafelo-beke kapa nakong ea phomolo. Ho hlakile hore le lokela ho rera ntho eo bohle ba tla e lebella le ho e thabela.

Bana ba hloka se fetang seo ho thoeng ke nako e sebelisoang hamolemo, ke hore, hoo e ka bang halofo ea hora e qetoang le bana nako le nako. Ba hloka nako e ngata. Mongoli oa koranta ea Sweden ea letsatsi le letsatsi oa ngola: “Lilemong tse 15 tseo ke li qetileng ke le motlalehi oa litaba, ke kopane le bana ba bangata ba litlokotsebe . . . Tšobotsi e tloaelehileng eo ho bonahalang ba e-na le eona ke ea hore ha ba sa hōla, ba ne ba fuoa nako e sebelisoang hamolemo bakeng sa khōliso: ‘Batsoali ba ka ba ne ba se na nako.’ ‘Ho ne ho se mohla ba mamelang.’ ‘Ntate o ne a le tseleng kamehla.’ . . . U le motsoali, kamehla u ka ikhethela hore na ke nako e kae eo u tla e fa ngoana oa hao. Khetho ea hao e tla bonahala lilemo tse 15 hamorao ka ngoana ea mabifi ea lilemo li 15.”

Pono e Nepahetseng ka Chelete

Litho tsohle li boetse li lokela ho hlaolela ho ba le pono e nepahetseng ka chelete. Li lokela ho ikemisetsa ho tlatsetsa ka seo li ka se khonang ho koaheleng litšenyehelo tse tloaelehileng tsa lelapa. Basali ba bangata ba lokela ho sebetsa bakeng sa ho phelisa lelapa, empa lōna basali, le lokela ho hlokomela likotsi le liteko tseo le ka ’nang la thulana le tsona. Lefatše lena le le phehella hore le “finyelle” seo le ka se khonang ’me le “etse seo le batlang ho se etsa.” Le ka ’na la etsa hore le ipuse ’me le se khotsofalle karolo eo Molimo a le fileng eona ea ho ba bo-’mè le ba hlokomelang lehae.—Tite 2:4, 5.

Haeba lōna bo-’mè le ne le ka ba malapeng ’me la tataisa bana ba lōna le ho ba metsoalle ea bona, seo ka sebele se ne se tla tlatsetsa haholo ho haheng kamano e matla, e tla thusa ho boloka lelapa le momahane ha ho nyolosetsa le ha ho theosetsa. Mosali a ka tlatsetsa ka ho ikhethang ho etseng lelapa le thabileng, le sireletsehileng le le sebetsang hantle. Ralipolotiki e mong oa lekholong la bo19 la lilemo o ile a re: “Ho hloma liahelo ho hloka banna ba lekholo, empa mosali a le mong a ka haha lelapa.”

Haeba bohle lapeng ba sebelisana ’moho hore ba phele ka chelete eo lelapa le e fumanang, hoo ho tla qobisa lelapa mathata a mangata. Banyalani ba lokela ho lumellana hore ba tla phela bophelo bo itekanetseng ’me ba etelletse lithahasello tsa moea pele. Bana ba lokela ho ithuta ho khotsofala, ba se ke ba batla lintho tseo boemo ba lichelete ba lelapa bo ke keng ba li khona. Hlokomelang takatso ea mahlo! Ho ba tekong ea ho reka lintho tseo le ke keng la khona ho li lefella, ho kena sekolotong, ho qhalile malapa a mangata. Ho ka tsoela bonngoe ba lelapa molemo haeba bohle ba kenya letsoho ka lichelete tsa bona bakeng sa ho phetha morero o itseng oo ho lumellanoeng ka oona—leeto le khathollang, thepa ea lehae e molemo le e thabisang, kapa monehelo oa ho tšehetsa phutheho ea Bokreste.

Tsela e ’ngoe e “tlatsetsang” moeeng o thabileng oa lelapa, eo litho tsohle tsa lelapa li ka kenyang letsoho ho eona, ke ea ho kopanela mosebetsing oa ho hloekisa le ho lokisa thepa—ho hlokomeleng ntlo, jarete, koloi le tse ling tse joalo. Setho se seng le se seng sa lelapa, esita le ba banyenyane, se ka fuoa karolo ea mosebetsi o itseng hore se o phethe. Lōna bana, lekang ho se itšenyetse nako. Ho e-na le hoo, hlaolelang moea oa ho thusa le oa ho sebelisana le ba bang; sena se tla etsa hore ho be le botsoalle le kutloano tsa sebele, e leng tsona tse hahang bonngoe ba lelapa.

Bohlokoa ba Thuto ea Bibele

Ho boetse ho hatisoa bohlokoa ba thuto ea kamehla ea Bibele lelapeng le momahaneng la Bokreste. Ho tšohla litemana tsa Bibele kamehla le ho ba le thuto ea beke le beke ea Mangolo a Halalelang ho rala motheo oa lelapa le kopaneng. Linnete tsa motheo tsa Bibele le melao-motheo ea eona li lokela ho tšohloa hammoho ka tsela e tla susumetsa pelo ea e mong le e mong ka lapeng.

Linako tse joalo tsa lelapa e lokela ho ba tse rutang, empa ka nako e tšoanang, e be tse thabisang le tse khothatsang. Lelapa le leng la Sweden leboea le ne le tloaetse hore bana ba ngole lipotso tseo ba nang le tsona har’a beke. Joale lipotso tsena li ne li tšohloa thutong ea Bibele ea beke le beke. Hangata lipotso tseo e ne e e-ba tse tebileng le tse susumelletsang motho ho nahana ka ho teba ’me li ne li bontša matla a bana bao a ho nahana le ho ananela ha bona lithuto tsa Bibele. Tse ling tsa lipotso tseo e ne e le tsena: “Na Jehova o hōlisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka linako tsohle, kapa o li hōlisa hang feela?” “Kaha Molimo hase motho, ke hobane’ng ha Bibele e re Molimo o bōpile motho ‘ka setšoantšo sa oona?’” “Na Adama le Eva ba ne ba sa hatsele haholo Paradeiseng nakong ea mariha, kaha ba ne ba sa roale lieta ’me ba se na liaparo?” “Ke hobane’ng ha re hloka khoeli bosiu athe ho lokela ho be lefifi?” Hona joale bana bao ba hōlile ’me ba sebeletsa Molimo ka nako e tletseng.

Lōna batsoali, ha le sebetsana le mathata a lelapa, le etsa hantle ha le talima lintho ka tsela e nepahetseng le ho ba ba thabileng. E-bang ba nahanelang le ba tenyetsehang, leha ho le joalo, le tsitse ha ho tluoa tabeng ea ho boloka melao-motheo ea bohlokoa. Etsang hore bana ba bone hore liqeto tsa lōna kamehla li laoloa ke ho rata Molimo le melao-motheo ea hae e lokileng. Hangata tikoloho ea sekolong e tlisa khatello e khōlō ’me ea nyahamisa, ’me bana ba hloka khothatso e ngata lapeng bakeng sa ho loantša tšusumetso e joalo.

Batsoali, le se ke la leka ho iketsa ba phethahetseng. Lumelang liphoso tsa lōna ’me le kōpe tšoarelo ho bana ba lōna ha ho hlokahala. Bacha, ha ’Mè le Ntate ba lumela phoso ea bona, ba rateng haholoanyane.—Moeklesia 7:16.

E, lelapa le kopaneng le etsa lehae la khotso, tšireletseho le thabo. Seroki se seng sa Lejeremane, Goethe, se kile sa re: “Ea fumanang thabo ea hae lapeng o thabile ka ho fetisisa, ebang ke morena, kapa motho feela ea tloaelehileng.” Ho batsoali le bana ba ananelanang, ho tšoanetse ho se ke ha e-ba le sebaka se tšoanang le lapeng.

Ke ’nete hore kajeno, lelapa le sokeloa haholo ke likhatello tsa lefatše lena leo re phelang ho lona. Empa kaha lelapa le thehiloe ke Molimo, le tla pholoha. Lelapa la hao le tla pholoha, ’me le uena u tla pholoha haeba u latela tataiso e lokileng ea Molimo bakeng sa bophelo bo thabileng ba lelapa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng tabeng ena, bona buka e nang le maqephe a 192 ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela