Ho Thabile ba Ikokobelitseng
“Molimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.”—1 PETROSE 5:5.
1, 2. Thutong ea hae ea Thabeng Jesu o ile a amahanya taba ea ho thaba le ho ikokobetsa joang?
NA HO thaba ho amana le ho ikokobetsa? Thutong ea hae e tummeng haholo, Jesu Kreste, motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela, o hlalosa lintho tse robong tse tlisang thabo, kapa nyakallo. (Mattheu 5:1-12) Na Jesu o ile a amahanya ho thaba le ho ikokobetsa? E, o entse seo, kaha ho ikokobetsa ho amana le lintho tse ngata tse tlisang thabo tseo a li boletseng. Ka mohlala, ho hlokahala hore motho a ikokobetse e le hore a ka ela hloko tlhoko ea hae ea moea. Ke feela batho ba ikokobelitseng ba lapetseng le ho nyoreloa ho loka. ’Me batho ba ikhohomosang ha ba na botho bo bonolo ’me ha ba na mohau, hape ha ba bōpe khotso.
2 Batho ba ikokobelitseng ba thabile hobane ho ikokobetsa ho nepahetse ebile ho bontša botšepehi. Ho feta moo, batho ba ikokobelitseng ba thabile hobane ke bohlale ho ikokobetsa; ho tlatsetsa kamanong e ntle le Jehova Molimo le Bakreste-’moho. Ho feta moo, batho ba ikokobelitseng ba thabile hobane ke pontšo ea lerato hore ba ikokobetse.
3. Ke hobane’ng ha botšepehi bo re tlama hore re ikokobetse?
3 Ke hobane’ng ha botšepehi bo hloka hore re ikokobetse? Tabeng ea pele, hobane kaofela ha rōna re futsitse ho se phethahale ’me re lula re etsa liphoso. Moapostola Pauluse o itse ka eena: “Ke tseba hore ha ho molemo o ahileng ka ho ’na, ke ho re, nameng ea ka; hobane ha e le ho rata, hona ho teng ho ’na, empa ha e le ho etsa se molemo, ha ke ho fihlele.” (Ba-Roma 7:18) E, kaofela ha rōna re baetsalibe ’me re sitoa ho finyella khanya ea Molimo. (Ba-Roma 3:23) Botšepehi bo tla re boloka hore re se ke ra ikhohomosa. Ho lumela liphoso ho hloka boikokobetso, ’me botšepehi bo tla re thusa hore re amohele molato neng le neng ha re entse phoso. Kaha re lula re sitoa ho finyella seo re loanelang ho se etsa, re na le mabaka a utloahalang a ho ikokobetsa.
4. Ke lebaka lefe le re tlamang ho ikokobetsa le fanoang ho 1 Ba-Korinthe 4:7?
4 Moapostola Pauluse o re fa lebaka le leng leo botšepehi bo lokelang ho etsa hore re ikokobetse ka lona. O re: “Hobane ke mang ea u khethang ho e mong? ’Me u na le eng eo u sa kang ua e fuoa? ’Me ekare ha u e filoe, u ka ithorisa joang, joalo ka hoja u sa ka ua e fuoa?” (1 Ba-Korinthe 4:7) Ha ho pelaelo hore, haeba re ipatlela thoriso, re ikhohomosa ka lintho tseo re nang le tsona, matla, kapa seo re se finyeletseng, e ke ke ea e-ba ho tšepahala. Botšepehi bo tlatsetsa hore re be le letsoalo le letle pel’a Molimo, e le hore re ka “itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”—Ba-Heberu 13:18, NW.
5. Boikokobetso bo tla re thusa joang ha re entse phoso?
5 Botšepehi bo re thusa hore re ikokobetse ha re etsa liphoso. Bo tla re etsa hore re potlakele ho amohela molato, ho e-na le ho leka ho itokafatsa kapa ho lebisa molato ho motho e mong. Ka hona, ha Adama a beha Eva molato, Davida ha aa ka a beha Bathe-Sheba molato, ka ho re, ‘O ne a sa tlameha ho itlhatsoetsa pooaneng. Ho ne ho se kamoo nka qobang ho lekoa ka teng.’ (Genese 3:12; 2 Samuele 11:2-4) Ka sebele, ho ka boleloa hore ka lehlakoreng le leng, ho tšepahala ho re thusa hore re ikokobetse; ha ka ho le leng lesele, ho ikokobetsa ho re thusa hore re tšepahale.
Tumelo ho Jehova e re Thusa Hore re Ikokobetse
6, 7. Tumelo ho Molimo e re thusa joang hore re ikokobetse?
6 Tumelo ho Jehova le eona e tla re thusa hore re ikokobetse. Ho ananela hore ’Mōpi o moholo hakae, ’Musi oa Bokahohle, ka sebele ho tla re thibela hore re se ke ra inka re le ba bohlokoa ka ho fetisisa. Moprofeta Esaia o re hopotsa see hantle hakaakang! Ho Esaia 40:15, 22, rea bala: “Bonang, lichaba li joalo ka lerotholi la metsi le lutlang nkhong, le joalo ka lerōlenyana le sekaleng. . . . Ke eena ea nang le terone ea hae holim’a phikoloho ea lefatše, lee ba ahileng ho lona ba leng ho eena joalo ka litsie.”
7 Tumelo ho Jehova e tla boetse e re thuse ha re ikutloa hore re sebelelitsoe ka tsela e hlokang toka. Ho e-na le ho tšoenyeha ka taba, ka boikokobetso re tla letela Jehova, joalokaha mopesaleme a re hopotsa ho Pesaleme ea 37:1-3, 8, 9. Moapostola Pauluse o bolela ntlha e tšoanang: “Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo Morena.”—Ba-Roma 12:19.
Boikokobetso—Tsela ea Bohlale
8. Ke hobane’ng ha boikokobetso bo etsa hore re be le kamano e ntle le Jehova?
8 Ho na le mabaka a mangata ao ka ’ona ho ikokobetsa e leng tsela ea bohlale. Le leng ke hore, joalokaha ho se ho bontšitsoe, ho tlatsetsa kamanong e ntle le Moetsi oa rōna. Lentsoe la Molimo le bolela ka ho hlakileng ho Liproverbia 16:5: “Motho ka mong ea ikhohomosang ka pelong, ke manyala ho Jehova.” Re boetse rea bala ho Liproverbia 16:18: “Boikhohomoso bo etella timelo pele, boikhantšo bo isa ho oeng.” Ka nako e itseng batho ba ikhohomosang ba hlaheloa ke mahlomola. Ho tlameha ho be joalo hobane ho 1 Petrose 5:5 rea bala: “Le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong ka tlase ho e mong; hobane Molimo o hanela ba ikhohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.” U tla fumana taba e tšoanang setšoantšong seo Jesu a ileng a se etsetsa Mofarisi le molekhetho ba neng ba rapela. E bile molekhetho ea ikokobelitseng ea ileng a ipaka e le ea lokileng haholoanyane.—Luka 18:9-14.
9. Boikokobetso bo thusa joang linakong tsa mathata?
9 Boikokobetso ke tsela ea bohlale hobane boikokobetso bo re nolofaletsa hore re utloe keletso e fumanoang ho Jakobo 4:7: “Ka baka leo, ipeeng ka tlase ho Molimo.” Haeba re ikokobelitse, re ke ke ra ba le moea oa bofetoheli ha Jehova a lumella hore re utloe bohloko. Boikokobetso bo tla re nolofaletsa hore re khotsofalle boemo boo re leng ho bona ’me re mamelle. Motho ea ikhohomosang ha a khotsofale, ka linako tsohle o batla ho eketsehileng, ’me o bontša bofetoheli ha a tobane le maemo a bohloko. Ka lehlakoreng le leng, motho ea ikokobelitseng o mamella mathata le liteko, joalokaha Jobo a ile a etsa. Jobo o ile a lahleheloa ke lintho tsohle tseo a neng a na le tsona ’me a otloa ka boloetse bo bohloko, ’me mosali oa hae o bile a mo eletsa hore a nke tsela ea boikhohomoso, a re: “Rohaka Molimo, ’me u shoe!” O ile a arabela joang? Tlaleho ea Bibele ea re bolella: “A re ho eena: U bua joalo ka leoatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Molimo, re se ke ra amohela tse mpe na? Tabeng tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe ka molomo oa hae.” (Jobo 2:9, 10) Kaha Jobo o ne a ikokobelitse, ha aa ka a bontša bofetoheli empa ka bohlale o ile a mamella ntho leha e le efe eo Jehova a ileng a lumella hore e mo hlahele. ’Me qetellong o ile a amohela moputso o enneng.—Jobo 42:10-16; Jakobo 5:11.
Boikokobetso bo Etsa Hore re be le Likamano tse Ntle le ba Bang
10. Boikokobetso bo ntlafatsa kamano ea rōna le Bakreste-’moho joang?
10 Boikokobetso ke tsela ea bohlale kaha bo etsa hore re be le kamano e ntle le Bakreste-’moho le rōna. Moapostola Pauluse o re eletsa hantle: “Le se ke la etsa letho ka khang, leha e le ka boithoriso ba lefeela, empa e mong le e mong, ka boikokobetso, a lekanye hobane ba bang ba mo fetisa. E mong le e mong a se ke a hlokomela tsee e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.” (Ba-Filippi 2:3, 4) Ka bohlale boikokobetso bo tla re thibela hore re se ke ra hlōlisana le ba bang kapa ra leka ho hlahella ho ba feta. Boikutlo bo joalo ba kelello bo re hlahisetsa mathata le Bakreste-’moho le rōna.
11. Ke hobane’ng ha boikokobetso bo re thusa ho qoba ho etsa liphoso?
11 Khafetsa boikokobetso bo tla re thusa hore re qobe ho etsa liphoso. Joang? Hobane boikokobetso bo tla re qobisa ho itšepa ho tlōlisa. Ho e-na le hoo, re tla ananela keletso ea Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 10:12: “Ka baka leo, ea lekanyang hore o sa eme, a ke a iponele hore a se ke a oa.” Motho ea ikhohomosang o itšepa ho tlōlisa, kahoo o sekametse ho etsa liphoso ka lebaka la litšusumetso tse hlahang ka ntle kapa bofokoli ba hae.
12. Boikokobetso bo tla re thusa ho finyella tlamo efe ea Mangolo?
12 Boikokobetso bo tla re thusa hore re finyelle tlhokahalo ea hore re ipehe ka tlaase ho ba bang. Ho Ba-Efese 5:21 (NW), rea eletsoa: “Ipeheng e mong ka tlaase ho e mong ka ho tšaba Kreste.” Ka sebele, na kaofela ha rōna ha ho hlokahale hore re ipehe ka tlaase ho ba bang? Ho hlokahala hore bana ba ipehe ka tlaase ho batsoali ba bona, basali ho banna ba bona, ’me banna ho Kreste. (1 Ba-Korinthe 11:3; Ba-Efese 5:22; 6:1) Joale, phuthehong leha e le efe ea Bokreste, bohle, ho kopanyeletsa le bahlanka ba sebeletsang, ba tlameha ho ipeha ka tlaase ho baholo. Na hase ’nete hape hore baholo ba ka tlaase ho sehlopha sa lekhoba le tšepahalang, haholo-holo joalokaha se emeloa ke molebeli oa potoloho? Joale, ho hlokahala hore molebeli oa potoloho a ipehe ka tlaase ho molebeli oa setereke, ’me molebeli oa setereke a ipehe ka tlaase ho Komiti ea Lekala ea naha eo a sebeletsang ho eona. Ho thoe’ng ka litho tsa Komiti ea Lekala? Li tlameha ‘ho ipeha e mong ka tlaase ho e mong’ hape ho Sehlopha se Busang, se emelang sehlopha sa mohlanka ea khabane ea bohlale, seo, le sona se ikarabellang ho Jesu, Morena ea hlomamisitsoeng. (Mattheu 24:45-47) Joalokaha ho le joalo sehlopheng leha e le sefe sa baholo, litho tsa Sehlopha se Busang li tlameha ho hlompha maikutlo a litho tse ling. Ka mohlala, setho se seng se ka nahana hore se na le khopolo e ntle. Empa se tlameha ho e tlohela haeba e sa tšehetsoe ke palo e lekaneng ea litho tse ling. Ke ’nete hore, kaofela ho hlokahala hore re ikokobetse, hobane kaofela ha rōna re ka tlaase ho ba bang.
13, 14. (a) Ke boemong bofe ka ho khetheha moo boikokobetso bo tla re thusa? (b) Petrose o behile mohlala ofe mabapi le ho amohela keletso?
13 Haholo-holo boikokobetso bo bonahala e le tsela ea bohlale ka hore boikokobetso bo re nolofaletsa hore re amohele keletso le taeo. E mong le e mong oa rōna o hloka taeo ka linako tse ling, ’me re lokela ho mamela keletso e ho Liproverbia 19:20: “Mamela keletso, u amohele taeo, u tle u hlalefe isao.” Joalokaha ho se ho boletsoe hantle, boikokobetso bo etsa hore taeo e se be bohloko. Ho phaella moo, moapostola Pauluse, ho Ba-Heberu 12:4-11, o re eletsa ka bohlale ba ho utloa taeo ka boikokobetso. Ke feela ka tsela ena re ka tšepang hore re ka tataisa tsela ea rōna ea nakong e tlang ka bohlale ’me eaba re rua moputso oa bophelo bo sa feleng. E tla ba phello e thabisang hakaakang!
14 Tabeng ena re ka supa mohlala oa moapostola Petrose. O ile a fumana keletso e matla ho moapostola Pauluse, joalokaha re ithuta tlalehong e leng ho Ba-Galata 2:14: “Empa eitse ha ke lemohile hobane ha ba hate ka ho loka ’neteng ea Evangeli, ka re ho Petrose pontšeng ho bohle: Hleka uena, u leng mo-Juda, ha u etsa ka mokhoa oa ba-lichaba, e seng ka oa ba-Juda, le phehellela’ng ba-lichaba ho etsa ka bo-Juda na?” Na moapostola Petrose o ile a koata? Eseng ka nako e telele, haeba o ile a koata, joalokaha re ka bona hamorao ha a bua ka “Pauluse, ngoan’abo rōna ea ratoang” ho 2 Petrose 3:15, 16.
15. Ho ikokobetsa ha rōna ho amana joang le ho thaba ha rōna?
15 Taba e ’ngoe ke ea ho khotsofala, ho se tletlebe. Ho hang re ke ke ra thaba ntle leha re khotsofetse ka seo re nang le sona, litokelo tseo re nang le tsona, litlhohonolofatso tseo re nang le tsona. Mokreste ea ikokobelitseng o na le boikutlo ba hore: “Haeba Molimo a ho lumella, ke tla mamella,” e leng sona seo moapostola Pauluse a se bolelang, ha re bala ho 1 Ba-Korinthe 10:13: “Ha le e-so ho ka le hlaheloa ke moleko o sa lekaneng motho; empa Molimo oa tšepeha, o ke ke oa lumela hore le hlaheloe ke moleko o ka le sitang; empa moleko ha o le teng, o tla le etsetsa le sebaka sa ho tsoa ho oona, le tle le tsebe ho o jara.” Kahoo re ka bona hape kamoo boikokobetso e leng tsela ea bohlale, hobane bo re thusa ho thaba ho sa tsotellehe mojaro oa rōna.
Lerato le Tla re Thusa Hore re Ikokobetse
16, 17. (a) Ke mohlala ofe oa Mangolo o totobatsang tšoaneleho e khōlō ka ho fetisisa e tla re thusa hore re ikokobetse? (b) Ke mohlala ofe oo eseng oa mangolo oo le oona o re thusang tabeng ee?
16 Ho feta ntho leha e le efe e ’ngoe, lerato le se nang boikaketsi, a·gaʹpe, le tla re thusa hore re ikokobetse. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khona ho mamella ka boikokobetso phihlelo ea hae ea thupeng ea tlhokofatso eo Pauluse a e hlalosang ho Bafilippi? (Ba-Filippi 2:5-8, NW) Ke hobane’ng ha a sa ka a nahana hore o lekana le Molimo? Hobane, joalokaha a boletse: “Ke rata Ntate.” (Johanne 14:31) Ke ka lebaka leo ka linako tsohle a neng a lebisa khanya le tlhompho ho Jehova, Ntate oa hae oa leholimo. Ka hona, lekhetlong le leng o ile a hatella hore ke Ntate oa hae oa leholimo feela ea molemo.—Luka 18:18, 19.
17 Se hlakisang taba ena ke ketsahalo bophelong ba e mong oa liroki tsa pele tsa Amerika, John Greenleaf Whittier. Monna enoa o ne a e-na le kharebe ha a sa le monyenyane, ’me ka lekhetlo le leng ha ba le tlholisanong ea ho peleta mantsoe, kharebe ena e ile ea peleta lentsoe ka mokhoa o nepahetseng, ha eena a ile a le fosa. Kharebe ena e ile ea utloisoa bohloko ke sena. Hobane’ng? Hobane joalokaha seroki se hopola, kharebe e ile ea re: “Ke masoabi hore ebe ke peletile lentsoe leo. Ke hloile ho u phahamela . . . hobane taba ke hore, kea u rata.” E, haeba re rata motho e mong, re tla batla hore a be ka holimo, eseng ka tlaase ho rōna, hobane lerato le ikokobelitse.
18. Boikokobetso bo tla re thusa ho utloa keletso efe ea Mangolo?
18 Ena ke thuto e ntle bakeng sa Bakreste bohle, haholo-holo baena. Ha ho tluoa tabeng ea tokelo e khethehileng ea tšebeletso, na re tla thaba ha moena a e fumane ho e-na le rōna, kapa re tla ikutloa re le mōnanyana re bile re le mohōnō? Haeba re rata moena oa rōna e le kannete, re tla thabela hore ebe o fumane kabelo eo e khethehileng kapa tlhokomelo kapa tokelo ea tšebeletso. E, boikokobetso bo tla re nolofaletsa ho utloa keletso ena: “Le ’ne le beane pele ka hlomphano.” (Ba-Roma 12:10) Phetolelo e ’ngoe e baleha tjena: “Hlomphang ba bang ho feta kamoo le itlhomphang ka teng.” (New International Version) Hape, moapostola Pauluse oa re eletsa: “Le sebeletsane ka baka la lerato.” (Ba-Galata 5:13) E, haeba re e-na le lerato, re tla thabela ho sebeletsa baena ba rōna, re thabele ho ba makhoba a bona, ho beha lithahasello tsa bona le katleho ea bona ka pele ho ea rōna, e leng se hlokang boikokobetso. Hape boikokobetso bo tla re thibela ho ithorisa ’me ka ho etsa joalo re ke ke ra tsosa moea oa mōna kapa mohōnō ka ho ba bang. Pauluse o ile a ngola hore lerato “ha le na boikhantšo, ha le ikhohomose.” Hobane’ng? Hobane sepheo sa ho ikhantša le ho ikhohomosa ke sa boithati, ho iphahamisa, athe lerato ha le na boithati.—1 Ba-Korinthe 13:4.
19. Ke mehlala efe ea Bibele e bontšang hore boikokobetso le lerato lia amana, joalokaha boikhohomoso le boithati li tsamaisana?
19 Kamano ea Davida le Morena Saule le mora oa hae Jonathane ke mohlala o hlaheletseng oa kamoo lerato le boikokobetso li amanang haufi-ufi ka teng le kamoo boikhohomoso le boithati ka ho tšoanang li amanang haufi-ufi ka teng. Ka lebaka la katleho ea Davida ntoeng, basali ba Iseraele ba ile ba bina: “Saule o bolaile likete tsa hae, Davida eena o bolaile mashome a likete tsa hae.” (1 Samuele 18:7) Ka lebaka la ho se ikokobetse, ho e-na le hoo a tletsoe ke boikhohomoso, Saule ho tloha ka nako eo o ile a koetla lehloeo la polao bakeng sa Davida. Sena se ne se fapane hakaakang le moea oa mora oa hae Jonathane! Re bala hore Jonathane o ne a rata Davida joaloka sephefumolohi sa hae. (1 Samuele 18:1) Kahoo ka lebaka la liketsahalo le tatellano ea tsona Jonathane o ile a arabela joang ha ho bonahala hore Jehova o ne a hlohonolofatsa Davida le hore eena, eseng Jonathane, o ne a tla hlahlama Saule e le morena oa Iseraele? Na Jonathane o ile a ikutloa a le mōna kapa mohōnō? Ho hang! Ka lebaka la lerato la hae le leholo ho Davida, o ne a ka bua tjena, joalokaha re bala ho 1 Samuele 23:17: “Se tšabe, hobane letsoho la ntate Saule le ke ke la u fihlela; hape u tla ba morena oa Iseraele, ’na ke be ea u hlahlamang; le ntate Saule oa tseba hobane ho tla ba joalo.” Lerato la Jonathane le leholo bakeng sa Davida le ile la etsa hore ka boikokobetso a amohele seo a neng a hlokomela hore ke thato ea Molimo mabapi le hore na ke mang ea neng a tla hlahlama ntate oa hae e le morena oa Iseraele.
20. Jesu o ile a bontša joang kamano e haufi pakeng tsa lerato le boikokobetso?
20 Se seng se bontšang kamano e pakeng tsa lerato le boikokobetso ke se ileng sa etsahala bosiung ba ho qetela boo Jesu Kreste a neng a na le baapostola ba hae pele a shoa. Ho Johanne 13:1, re bala hore Jesu, “joalo ka ha a na a ratile ba hae ba lefatšeng, a ba rata le ho isa qetellong.” Ka mor’a seo, re bala hore, Jesu o ile a hlatsoa maoto a baapostola ba hae, a sebetsa joaloka mohlanka ea ikokobelitseng. Ke thuto e matla hakaakang ea boikokobetso!—Johanne 13:1-11.
21. Ka bokhutšoaane, ke hobane’ng ha re lokela ho ikokobetsa?
21 Ruri, ho na le mabaka a mangata a ho ikokobetsa. Ho ikokobetsa ke ntho e nepahetseng, e bontšang botšepehi. Ke tsela ea tumelo. Ho etsa hore re be le kamano e ntle le Jehova Molimo le balumeli-’moho le rōna. Ke tsela ea bohlale. Ka holimo ho tsohle, ke tsela ea lerato ’me ho tlisa thabo ea ’nete.
U ka Araba Joang?
◻ Botšepehi bo thusa ka litsela life hore re ikokobetse?
◻ Ke hobane’ng ha tumelo ho Jehova e re thusa ho ikokobetsa?
◻ Ke eng se bontšang hore ho ikokobetsa ke tsela ea bohlale?
◻ Ke hobane’ng ha ka ho khetheha lerato le re thusa ho ikokobetsa?
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Ka boikokobetso Jobo o ile a ipeha ka tlaase ho Jehova. Ha aa ka a ‘rohaka Molimo ’me a shoa’
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ka boikokobetso Petrose o ile a ipeha ka tlaase ha Pauluse a mo khalemela pontšeng