Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 2/1 maq. 6-7
  • U ka Bontša Boikokobetso ba Sebele Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Bontša Boikokobetso ba Sebele Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mohlala oa Kreste oa Boikokobetso
  • Kamoo Motho ea Ikokobelitseng a Itšoarang Kateng
  • Boikokobetso bo Lerato ’me Boa Tšoarela
  • Hlaolela Boikokobetso ba Sebele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho Thabile ba Ikokobelitseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara Boikokobetso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • ‘Le Ikapese ho Ikokobetsa Kelellong’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 2/1 maq. 6-7

U ka Bontša Boikokobetso ba Sebele Joang?

BOIKOKOBETSO ba sebele ke ba bohlokoa haholo mahlong a Molimo. Jakobo o ngotse: “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobetsang.” (Jakobo 4:6) E ka ’na eaba mona Jakobo o ne a bua ka mokhoa o sa tobang ka lipolelo tse ’maloa tse neng li ile tsa buuoa Mangolong a Seheberu. “Jehova o phahame, ’me leha ho le joalo o bona ea ikokobetsang; empa ea iphahamisang o mo tsebella hōle feela.” ‘Mahlo a ikhantšang a batho a tla kokobetsoa, boikhohomoso ba ba baholo bo nyenyefatsoe; ho tla hōlisoa Jehova a ’notši.’ “Haeba ho ama basomi, eena [Molimo] ka boeena o tla ba fetola litšeho; empa ho ba bonolo o tla bontša kamohelo.”—Pesaleme ea 138:6, NW; Esaia 2:11; Liproverbia 3:34, NW.

Moapostola Petrose le eena o ile a khothalletsa boikokobetso. O ngotse: “Kaofela ha lōna itlameng ka ho ikokobetsa kelellong e mong ho e mong, hobane Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.”—1 Petrose 5:5.

Mohlala oa Kreste oa Boikokobetso

U ka ’na ua botsa, Ho ikokobetsa ho na le bokhabane bofe kapa molemo ofe? Bakeng sa motho ea loanelang ho ba Mokreste oa ’nete, karabo ke ea bohlokoa—ho ikokobetsa ke ho ba joalo ka Kreste. Jesu o ile a bontša boikokobetso ba hae ka ho amohela kabelo e ikhethileng ea ho tla lefatšeng a e-tsoa sebakeng sa leholimo ’me ea e-ba motho ea tlaasana, ea ka tlaase ho mangeloi. (Baheberu 2:7) Le hoja e ne e le Mora oa Molimo, o ile a mamella lihlong tseo lira tsa hae tsa bolumeli li ileng tsa mo hlabisa tsona. O ile a ba le boitšoaro bo boholo tlas’a liteko tsa hae, le hoja a ne a ka ’na a batla thuso ea mangeloi a mangata.—Matheu 26:53.

Qetellong, Jesu o ile a leketla ka tsela e hlabisang lihlong thupeng ea tlhokofatso, empa o ile a lula a tšepahala ho Ntat’ae. Kahoo, Pauluse o ne a ka ngola tjena ka eena: “Bolokang boikutlo bona ba kelello ho lōna bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu, eo, le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo, a sa kang a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo. Che, empa o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba ’me ea e-ba ea tšoanang le batho. Ho feta moo, ha a iphumana ka sebōpeho e le motho, o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso.”—Bafilippi 2:5-8.

Kahoo, re ka bontša boikokobetso ba sebele joang? Maemong ao re tobanang le oona bophelong, re ka itšoara ka tsela e ikokobelitseng joang ho e-na le ho itšoara ka tsela e ikhohomosang?

Kamoo Motho ea Ikokobelitseng a Itšoarang Kateng

A re hlahlobeng boikokobetso mosebetsing, ebang ke sebakeng sa mosebetsi kapa tšebeletsong ea Bokreste. Hore mosebetsi o etsoe ka katleho, ho ka ’na ha hlokahala balebeli, baokameli le bahlokomeli. Ho na le motho ea lokelang ho etsa liqeto. U itšoara joang? Na u ipolella hore, “O nahana hore ke mang eena hore a tl’o mpolella hore na ke etse’ng? Ke bile mosebetsing ona lilemo tse ngata ho mo feta.” E, haeba ua ikhohomosa, u tla tenoa ke ho ba tlas’a motho e mong. Ka lehlakoreng le leng, motho ea ikokobelitseng o leka ka matla hore a ‘se etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong o nka hore ba bang ba mo phahametse.’—Bafilippi 2:3.

U itšoara joang ha tlhahiso e etsoa ke motho e monyenyane kapa oa mosali? Haeba u ikokobelitse, bonyane u tla ke u nahane ka eona. Haeba ua ikhohomosa, u tla e tenehela kapa u be u e hane li sa tloha feela. Na u utloa hore u ka mpa ua babatsoa le ho rorisoa ka boikaketsi, e leng ho ka u lebisang ho oeng, kapa u khetha ho fuoa keletso e molemo e ka u hahang?—Liproverbia 27:9; 29:5.

Na u ka thulana le mahlomola a phephetsang? Boikokobetso bo tla etsa hore u tobane ka katleho le maemo a thata le ho a mamella joaloka Jobo. Ha u ikhohomosa, u ka ferekana ’me u ka ’na ua halefisoa ke maemo a utloisang bohloko le ke lintho tse hlileng li sa reng letho hakaalo.—Jobo 1:22; 2:10; 27:2-5.

Boikokobetso bo Lerato ’me Boa Tšoarela

Batho ba bang ba na le bothata ba ho re, “Ke kōpa tšoarelo. Ke fositse. U ne u nepile.” Hobane’ng? Ka lebaka la ho tlala boikhohomoso! Leha ho le joalo, hangata ho kōpa tšoarelo ea ’nete ho ka felisa qabang ea lenyalo habonolo.

Na u ikemiselitse ho tšoarela ha motho a u siteloa? Kapa boikhohomosong ba hao u jara motho ka pelo, mohlomong matsatsi kapa likhoeli, u sa batle ho bua le motho ea u sitetsoeng? Na u bile u tsosa qhoebeshano moo u batlang ho iphetetsa ka ho feletseng? Batho ba ’nile ba bolaoa liqhoebeshanong tse ling. Ho tse ling, ho ’nile ha sebelisoa mokhoa oa ho senya motho lebitso. Ho fapana le hoo, motho ea ikokobelitseng o lerato ’me oa tšoarela. Hobane’ng? Hobane lerato ha le koetle liphoso. Jehova o ne a ikemiselitse ho tšoarela Baiseraele haeba ba ne ba ka lesa ho ikhohomosa. Molateli ea ikokobelitseng oa Jesu o ikemisetsa ho tšoarela, esita le ka makhetlo a mangata!—Joele 2:12-14; Matheu 18:21, 22; 1 Bakorinthe 13:5.

Motho ea ikokobelitseng ‘o etella pele ho bontšeng tlhompho.’ (Baroma 12:10) New International Version e baleha tjena: “Hlompha ba bang ho feta kamoo u itlhomphang.” Na u rorisa ba bang le ho ananela litsebo le litalenta tseo ba nang le tsona? Kapa na kamehla u tlameha ho fumana phoso e itseng eo u ka senyang botumo ba bona ka eona? E, na u khona ho rorisa batho ba bang ho tsoa botebong ba pelo? Haeba ua hlōleha tabeng ena, mohlomong u na le bothata ba ho se itšepe le ba boikhohomoso.

Motho ea ikhohomosang ha a na mamello. Motho ea ikokobelitseng o na le mamello le tiisetso. Uena u joang? Na u utloisoa bohloko ke tšoaro leha e le efe eo u bonang eka e mpe? Ho ikutloa joalo ke ho hloka tiisetso. Haeba u ikokobelitse, u ke ke ua inahana ho tlōlisa. Hopola se neng se etsahala ha barutuoa ba Jesu ba ne ba inahana ho tlōlisa—ba ne ba ngangisana ka bohale ka hore na ke mang eo e neng e tla ba oa bohlokoa ho feta ba bang. Ba ne ba lebala hore kaofela e ne e le “makhoba a se nang molemo”!—Luka 17:10; 22:24; Mareka 10:35-37, 41.

Mongoli oa Mofora Voltaire o hlalositse boikokobetso e le “moea o nyenyefetseng . . . ntho e thibelang boikhohomoso.” E, boikokobetso ke kelello e inyenyefalitseng. Motho ea ikokobelitseng o na le boikutlo bo nyenyefetseng, ha a ikakase. O hlomphuoa haholo ’me o mekhoa e metle.

Kahoo, ke hobane’ng ha re loanela ho ba ba ikokobelitseng? Hobane boikokobetso bo amoheloa ke Molimo ’me bo re thusa hore re fumane tataiso ea hae. Boikokobetso ba Daniele ke le leng la mabaka a ileng a etsa hore Jehova a nke moprofeta eo e le motho “ea ratoang” ’me a mo romella lengeloi ho mo bontša pono! (Daniele 9:23; 10:11, 19) Boikokobetso bo tlisa meputso e mengata. Bo etsa hore u be le metsoalle ea sebele e u ratang. Ho feta moo, bo tlisa tlhohonolofatso ea Jehova. “Moputso oa boikokobetso le oa ho tšaba Jehova ke leruo, le khanya, le bophelo.”—Liproverbia 22:4.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

A humble word of apology can make life smoother

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela