‘Le Ikapese ho Ikokobetsa Kelellong’
MONNA enoa e ne e le oa motseng o tummeng. E ne e le moahi oa Roma ka tsoalo ’me ho bonahala eka lelapa labo le ne le tsebahala. Monna enoa, Saule, o ne a fumane thuto ea boemo bo phahameng ka ho fetisisa lekholong la pele la lilemo C.E. Bonyane o ne a bua lipuo tse peli, ebile e le setho sa sehlopha sa tumelo ea Bajuda sa Bafarisi, se neng se tsebahala haholo.
E tlameha ebe Saule o ne a khesa bo-motho-feela a bile a ikhantša ka hore o lokile. (Luka 18:11, 12; Liketso 26:5) Bafarisi ba habo Saule ba ne ba lumela hore ba phahametse batho ba bang ba bile ba rata bophahamo le mabitso a ba phafang. (Matheu 23:6, 7; Luka 11:43) Mohlomong Saule e ile ea e-ba moikhohomosi ka lebaka la ho tloaelana le batho ba joalo. Rea tseba hore e ne e le mohlorisi ea chesehang oa Bakreste. Lilemo hamorao, ha e se e le moapostola Pauluse, o ile a bolela hore e ne e le “monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.”—1 Timothea 1:13.
Ha ho pelaelo hore Saule e ile ea e-ba Mokreste, a bitsoa moapostola Pauluse, le hore botho ba hae bo ile ba fetoha ka ho feletseng. Ha e se e le moapostola oa Mokreste, ka boikokobetso o ile a bolela hore e ne e le “motho ea ka tlaase ho e monyenyane ka ho fetisisa ho bahalaleli bohle.” (Baefese 3:8) E ne e le ’moleli oa evangeli ea atlehang, empa ho hang ha aa ka a itlotlisa ka sena. Ho e-na le hoo, o ile a isa tlotla eohle ho Molimo. (1 Bakorinthe 3:5-9; 2 Bakorinthe 11:7) Ke Pauluse ea ileng a eletsa Bakreste-’moho le eena ka ho re: “Le ikapese lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.”—Bakolose 3:12.
Na keletso ee ea sebetsa lekholong la rōna la bo21 la lilemo? Na ho ikokobetsa hoa thusa? Na ho ka hla ha etsahala hore boikokobetso e be sesupo sa matla?
Na Mōpi ea Matla ’Ohle o Ikokobelitse?
Puisano efe kapa efe e mabapi le boikokobetso, e lokela ho akarelletsa pono ea Molimo. Hobane’ng? Hobane ke ’Musi le ’Mōpi oa rōna. Ho fapana le eena, rōna re lokela ho elelloa hore re na le bofokoli. Re itšetlehile ka eena. Monna ea bohlale oa boholo-holo ea bitsoang Elihu o ile a re: “Ha e le Ea Matla ’Ohle, ha rea mo fumana; O phahame matleng.” (Jobo 37:23) Ha re nahanisisa ka bokahohleng bo boholo bo re potolohileng, ka sebele rea bona hore ha re letho! Moprofeta Esaia oa re kōpa: “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee? Ke Ea hlahisang lekhotla la tsona ka palo, e ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa le ka lebitso. Ka lebaka la bonatla ba hae bo boholo, kaha o boetse o na le matla a maholo, ha ho le e ’ngoe ea tsona e haellang.”—Esaia 40:26.
Jehova Molimo ha a matla ’ohle feela, o boetse o ikokobelitse. Morena Davida o ile a mo rapela a re: “U tla mpha thebe ea hao ea poloko, ke boikokobetso ba hao bo nketsang hore ke be moholo.” (2 Samuele 22:36) Re ka bolela hore Molimo oa ikokobetsa hobane o ameha ka batho ba tlaase ba lekang ho mo khahlisa ’me oa ba hauhela. Ka puo ea tšoantšetso, ho ka thoe Jehova o inamela tlaase e le hore ka mosa a ka sebelisana le batho ba mo tšabang.—Pesaleme ea 113:5-7.
Ho feta moo, Jehova o nka boikokobetso ba bahlanka ba hae e le ba bohlokoa. Moapostola Petrose o ile a ngola a re: “Molimo o hanyetsa ba ikhohomosang, empa o fana ka mosa o sa tšoanelang ho ba ikokobelitseng.” (1 Petrose 5:5) Mabapi le hore na Molimo o nka boikakaso joang, mongoli e mong oa Bibele o ile a re: “E mong le e mong ea pelo e ikakasang ke ntho e manyala ho Jehova.” (Liproverbia 16:5) Ebe joale boikokobetso bo ka bontša joang hore motho o matla?
Seo e Seng Boikokobetso
Boikokobetso bo fapane le ho kokobetsoa. Meetlong ea batho ba bang ba boholo-holo, motho ea ikokobelitseng e le kannete e ne e le lekhoba—motho oa boemo bo tlaase, ea hlomolang pelo le ea utloisang bohloko. Ho fapana le seo, Bibele e hatisa hore ho ikokobetsa kelellong ho etsa hore motho a hlomphuoe. Ka mohlala, monna ea bohlale o ile a ngola a re: “Phello ea boikokobetso le ho tšaba Jehova ke maruo le khanya le bophelo.” (Liproverbia 22:4) Ho Pesaleme ea 138:6, rea bala: “Jehova o phahame, leha ho le joalo o bona ea ikokobetsang; empa ea iphahamisang o mo tsebella hōle.
Ho ikokobetsa ha ho bolele hore motho ha a na tsebo kapa hore ha ho na lintho tseo a li finyeletseng. Ka mohlala, ha ho mohla Jesu Kreste a ileng a hana hore ke Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Jehova, ebile ha ho mohla a ileng a nyenyefatsa tšebeletso ea hae lefatšeng. (Mareka 14:61, 62; Johanne 6:51) Leha ho le joalo, Jesu o ile a bontša boikokobetso ka ho tlotlisa Ntate oa hae ka mesebetsi eo a neng a e etsa le ka ho sebelisa matla a hae ho sebeletsa le ho thusa batho ba bang ho e-na le hore a ba buse ka thata le ho ba hatella.
Ke Sesupo sa Matla
Ha ho pelaelo hore batho ba mehleng ea Jesu Kreste ba ne ba mo tseba ka “mesebetsi e matla.” (Liketso 2:22) Empa ho ba bang e ne e le “ea tlaase ka ho fetisisa oa moloko oa batho.” (Daniele 4:17) O ne a sa phele bophelo ba boinyenyefatso feela empa khafetsa o ne a boetse a ruta hore boikokobetso ke ntho ea bohlokoa. (Luka 9:48; Johanne 13:2-16) Leha ho le joalo, boikokobetso ba hae bo ne bo sa bolele hore oa fokola. O ne a sa tšabe letho ha a sireletsa lebitso la Ntate oa hae leha a etsa tšebeletso ea hae. (Bafilipi 2:6-8) Ka Bibeleng, Jesu o tšoantšoa le tau e sebete. (Tšenolo 5:5) Mohlala oa Jesu o bontša hore boikokobetso bo tsamaisana le sebete le ho tseba ho ikemela.
Ha re ntse re ithuta boikokobetso ba ’nete, rea hlokomela hore ho hlokahala hore re ikitlaetse ka matla e le hore re be ba ikokobelitseng kelellong. Ho akarelletsa ho ikokobelletsa thato ea Molimo kamehla ho e-na le ho latela tsela e bonolo kapa ho inehela litakatsong tsa nama. Ho hlaolela boikokobetso ho hloka boitšoaro bo matla, hobane re lokela ho behella ka thōko lintho tseo re li ratang e le hore ntle ho boithati re sebeletse Jehova re be re etelletse pele lintho tse ratoang ke batho ba bang.
Melemo ea Boikokobetso
Boikokobetso bo akarelletsa ho hloka boikakaso le ho se iketelletse pele. Mangolo a re ke “ho ikokobetsa . . . kelellong.” (Baefese 4:2) Re ka sebeletsa ho ba le boikokobetso bo laolang monahano oa rōna ka hore re fumane hantle hore na re matla hokae, re fokola hokae, re atleha hokae le hore na re hlōleha hokae. Pauluse o fane ka keletso e ntle ntlheng ena ha a ne a ngola a re: “Ke bolella e mong le e mong moo har’a lōna hore a se ke a inahana haholo ho feta kamoo ho hlokahalang ho nahana; empa a nahane e le hore a be le kelello e hlaphohileng.” (Baroma 12:3) Bohle ba latelang keletso ena ke baikokobetsi.
Boikokobetso bo boetse bo bonahala ha re etelletsa lintho tse ratoang ke batho ba bang kapele ho tse ratoang ke rōna. Pauluse o ile a bululeloa hore a eletse Bakreste ka tsela ena: ‘Le se etse letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong le nke hore ba bang ba le phahametse.’ (Bafilipi 2:3) Sena se ne se lumellana le taelo ea Jesu ho balateli ba hae: “E moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna. Mang kapa mang ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ’me mang kapa mang ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”—Matheu 23:11, 12.
Ha ho pelaelo hore ho ikokobetsa kelellong ke ntho ea bohlokoa haholo mahlong a Molimo. Morutuoa Jakobo o ile a hlakisa ntlha ena ha a ne a ngola a re: “Ikokobetseng mahlong a Jehova, ’me o tla le phahamisa.” (Jakobo 4:10) Ke mang ea ke keng a rata ho phahamisoa ke Molimo?
Ho se ikokobetse ho bakile pherekano e ngata le likhohlano pakeng tsa lihlopha tsa batho le pakeng tsa batho ka bomong. Ka lehlakoreng le leng, ho ikokobetsa ho hlahisa melemo. Re ka utloa mofuthu oa ho amoheloa ke Molimo. (Mikea 6:8) Likelello tsa rōna li ka ba le khotso hobane motho ea ikokobetsang o thabile ebile o khotsofetse ho feta motho ea ikhohomosang. (Pesaleme ea 101:5) Boikokobetso bo tla etsa hore ho sebelisana le lelapa, metsoalle, basebetsi-’moho le batho ba bang ho be bonolo ho be ho thabise. Baikokobetsi ba qoba likhanyetso le likhang, e leng boitšoaro bo ka bakang bohale, likarohano, lehloeo le ho hlonama habonolo.—Jakobo 3:14-16.
Ha ho pelaelo hore ho sebeletsa ho ba le kelello e ikokobelitseng ke tsela e ntle ea ho lula ka khotso le batho ba bang. Ho ka re thusa ho loantša liphephetso tsa lefatše le tletseng boithati le tlhōlisano. Ka thuso ea Molimo, moapostola Pauluse o ile a hlōla boikhohomoso boo a neng a e-na le bona le boikakaso. Ka ho tšoanang, re lokela ho loantša boikutlo bohle ba ho ikhohomosa kapa ba ho nahana hore re molemo ho feta batho ba bang. Bibele ea lemosa: “Boikakaso bo etella ho oa pele, ’me moea o ikhohomosang o etella ho khoptjoa pele.” (Liproverbia 16:18) Ha re latela mohlala oa Pauluse le keletso ea hae, re tla bona bohlale ba ho ‘ikapesa ho ikokobetsa kelellong.’—Bakolose 3:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Pauluse o ile a khona ho loantša boikhohomoso le boikakaso
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho ikokobetsa kelellong ho re thusa ho lula ka khotso le batho ba bang
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 5]
Anglo-Australian Observatory/David Malin Images