Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 1/15 maq. 2-4
  • Na Lintoa li ke ke tsa Qojoa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Lintoa li ke ke tsa Qojoa?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na ea Hlokahala ho Latela Biology?
  • Lisosa tsa Ntoa
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ntoa
    Tsoha!—2017
  • Bokamoso ba Ntoa ke Bofe?
    Tsoha!—1999
  • Mehla ea Bofelo ‘Mebuso e Tsohelana Matla’
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 1/15 maq. 2-4

Na Lintoa li ke ke tsa Qojoa?

NTOA ke karolo e tepeletsang maikutlo ea litaba. Ha ho pelaelo hore litaba tse amang liketso tse sehlōhō ha li u thabise. Empa mohlomong li etsa hore u ipotse hore na ke hobane’ng ha liqabang li tlameha ho rarolloa ka ho sebelisa lihlomo. Na batho ba ke ke ba hlola ba ithuta ho phela ka khotso?

Ho phekola seoa sa ntoa ho bonahala ho le thata le ho feta ho phekola AIDS. Lekholong la bo20 la lilemo, lichaba tsohle li ’nile tsa itokisetsa ntoa, batho ba limilione ba ’nile ba romeloa ntoeng, ’me metse e baloang ka makholo e ’nile ea etsoa lesupi. Ha ho bonahale eka tšollo ea mali e tla fela. Khoebo ea libetsa e tiisa hore mabotho a lefatše—le a likhukhuni—a tla tsoela pele a atleha ka mokhoa o sehlōhō.

Ha libetsa tsa ntoa li ntse li ba kotsi haholoanyane, palo ea mahlatsipa e phahama haholo. Masole a fetang halofo ea a limilione tse 65 a ileng a loana Ntoeng ea I ea Lefatše, a ile a bolaoa kapa ea e-ba mahlatsipa. Lilemo tse ka bang 30 hamorao, libomo tse peli feela tsa athomo li ile tsa bolaea baahi ba Japane ba fetang 150 000. Ho tloha ka Ntoa ea II ea Lefatše, likhohlano li ’nile tsa etsahala lipakeng tsa batho ba lulang sebakeng se le seng. Ho sa tsotellehe seo, lia bolaea, haholo-holo ho baahi, bao hona joale ba etsang karolo ea 80 lekholong ea mahlatsipa.

Ho makatsang ke hore, tšollo ena e khōlō ea mali e etsahetse nakong eo ho lekoang ka matla ho feta leha e le neng pele ho felisa ntoa e le mokhoa oa ho rarolla liqabang pakeng tsa lichaba. Ha ho sa tsoa felisoa Ntoa ea Mantsoe, batho ba ne ba tšepile haholo hore taolo ea lefatše le lecha, la khotso e tla ba teng. Leha ho le joalo, ho ba le khotso ea lefatše lohle ho ntse ho bonahala e se ntho ea sebele. Hobane’ng?

Na ea Hlokahala ho Latela Biology?

Bo-rahistori ba bang le litsebi tsa anthropology ba bolela hore lintoa li ke ke tsa qojoa—ebile lia hlokahala—ka lebaka la hore ke karolo ea ntoa ea ho iphetola ha lintho bakeng sa ho pholoha. A susumetsoa ke monahano o joalo, ka 1914 Friedrich von Bernhardi ea hlahlobang litaba tsa ntoa o ile a bolela hore ntoa e loaneloa “lithahasello tse amang khatelo-pele ea biology, ea mokhoa oa bophelo le boitšoaro.” Ho ne ho nahanoa hore ntoa ke tsela ea ho felisa batho ba fokolang kapa lichaba, e le hore ho sale ba matla haholo.

Ho ka ba thata hore lebaka le joalo le tšelise bahlolohali le likhutsana tse limilione tse bileng teng ka lebaka la ntoa. Ntle le hore monahano ona ha o lumellane le litekanyetso tsa boitšoaro, o hlokomoloha linnete tse bohloko tsa ntoa ea kajeno. Sethunya sa morathatha hase hlomphe ba matla haholo, ’me bomo e felisa ba matla hammoho le ba fokolang.

E le ha a sa natse lithuto tse bohloko tsa ntoa ea pele ea lefatše, Adolf Hitler o ne a nahana ho bōpa morabe o moholo ka tlhōlo ea sesole. Bukeng ea hae Mein Kampf, o ile a ngola: “Moloko oa motho o atlehile lintoeng tse sa feleng, o hlōlehile feela ho fumana khotso e sa feleng. . . . Ba matla ba tlameha ho busa ’me ba se ke ba itsoakanya le ba fokolang.” Leha ho le joalo, ho e-na le ho ntlafatsa boemo ba moloko oa batho, Hitler o ile a bolaea batho ba limilione ’me a senya k’honthinente eohle.

Leha ho le joalo, haeba ntoa e sa hlokahale ho latela biology, ke eng se susumeletsang moloko oa batho hore o iphelise? Ke matla afe a susumetsang lichaba hore li kopanele ho “se etsoang ke likoata”?a Mona ho latela lethathamo la mabaka a ka sehloohong a entseng hore boiteko bo botle ba batho ba batlang khotso bo se atlehe.

Lisosa tsa Ntoa

Bochaba. Kaha hangata bo bakoa ke bo-ralipolotiki le balaoli ba sesole, bochaba ke e ’ngoe ea lintho tse matla tse susumetsang ntoa. Ho loannoe lintoa tse ngata ho sireletsa “lithahasello tsa sechaba” kapa ho boloka “boitlhompho ba sechaba.” Haeba ho rena boikutlo ba hore ke naha ea ka ebang e nepile kapa e fositse, esita le khatello e totobetseng e ka hlalosoa e le khato e nkoang ka morero oa ho qeta sera matla pele se sebelisa libetsa tsa sona.

Bora ba morabe. Lintoa tse ngata tsa mabatooa li bakoa le ho susumetsoa ke lehloeo la nako e telele pakeng tsa meloko, merabe, le mefuta ea morabe. Lintoa tse mpe tsa moo pele e neng e le Yugoslavia, Liberia, le Somalia ke mehlala ea haufi.

Tlhōlisano ea moruo le ea sesole. Nakong eo ho neng ho bonahala eka ho na le khotso pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, mebuso ea Europe e ile ea bokella sesole se matla. Jeremane le Great Britain li ne li hlōlisana ka ho bokella lihlomo. Kaha naha ka ’ngoe e khōlō eo qetellong e ileng ea ameha tšollong ea mali e ne e nahana hore ntoa e tla eketsa matla a eona ’me e tlise melemo e mengata ea moruo, maemo a ne a loketse khohlano.

Lehloeo la bolumeli. Haholo-holo ha ho matlafatsoa ke likarohano tsa merabe, ho se utloane ha bolumeli ho ka hlahisa motsoako o kotsi. Liqhoebeshano tsa Lebanone le Ireland Leboea, esita le lintoa tse pakeng tsa India le Pakistan, li thehiloe ho bora ba bolumeli.

Mohlohleletsi ea sa bonahaleng oa ntoa. Bibele e senola hore “molimo oa lefatše lena,” Satane Diabolose, hona joale o mafolo-folo ho feta leha e le neng pele. (2 Ba-Korinthe 4:4) A halefile haholo ’me a saletsoe feela ke ‘nako e seng kae,’ o susumetsa maemo, ho kopanyeletsa le lintoa, tse mpefatsang boemo ba lefatše ba bomalimabe.—Tšenolo 12:12.

Ha ho bonolo ho felisa lisosa tsena tse ka sehloohong tsa ntoa. Lilemong tse fetang 2 000 tse fetileng, Plato o ile a bolela hore “ke bafu feela ba boneng bofelo ba ntoa.” Na pono ea hae e tepeletsang ke ’nete e bohloko eo re tlamehang ho ithuta ho e amohela? Kapa re na le lebaka la ho tšepa hore ka letsatsi le leng ho tla ba le lefatše le se nang ntoa?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ke Napoléon ea hlalositseng ntoa e le “se etsoang ke likoata.” Kaha o ne a qetile boholo ba bophelo ba hae e le motho e moholo sesoleng ’me a qetile lilemo tse ka bang 20 e le molaoli ea phahameng oa sesole, o ile a latsoa ka ho toba bokoata ba ntoa.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

Cover: John Singer Sargent’s painting Gassed (detail), Imperial War Museum, London

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

Instituto Municipal de Historia, Barcelona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela