Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 5/1 maq. 20-21
  • Nako eo ba e Balang ka Eona le Kamoo ba Ruang Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nako eo ba e Balang ka Eona le Kamoo ba Ruang Molemo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Nka Etsa Hore ’Malo oa Bibele e be o Thabisang Haholoanyane Joang?
    Tsoha!—2001
  • U ka Fumana Molemo Ofe ha U Bala Bibele?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 5/1 maq. 20-21

Nako eo ba e Balang ka Eona le Kamoo ba Ruang Molemo

Hoseng Haholo:

Banyalani ba bang, bao ka bobeli ba sebetsang kantle ho lehae la bona, ba ile ba etsa qeto ea ho tsoha metsotso e leshome feela pele ho nako eo ba tloaetseng ho tsoha ka eona hoseng ho hong le ho hong le ho sebelisa nako eo bakeng sa ho bala Bibele ba le hammoho pele ba potlakela ho tsoa ka tlung. Seo ba se balang ke motheo oa puisano e molemo ha ba tloha lapeng.

Moholo oa Nigeria o sebelisa kemiso e entsoeng bakeng sa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e le motheo bakeng sa ho bala Bibele ka lapeng la hae. Ba bala karolo e itseng ea eona letsatsi le leng le le leng ka mor’a puisano ea temana ea letsatsi, e atisang ho etsoa hoseng. Bana ba kōptjoa hore ba fapanyetsane ho bala karolo e itseng e abuoeng. Joale ba mengoa hore ba botse lipotso litemaneng tse baliloeng.

’Mè e mong oa lelapa oa Japane o balile Bibele eohle hang ka selemo ho tloha ka 1985. Kemiso ea hae ke ho e bala ka metsotso e 20 ho ea ho e 30 ho tloha ka 5:00 hoseng letsatsi ka leng. Ha a bua ka melemo ea hona, o re: “Tumelo ea ka e matlafalitsoe. Ho nthusa hore ke lebale ho kula ha ka ’me ke tsepamise mohopolo tšepong ea Paradeise.”

Khaitseli eo e bileng pula-maliboho ka lilemo tse 30 empa monna oa hae e se Paki o tsoha ka hora ea bohlano hoseng ho hong le ho hong bakeng sa ho bala Bibele. Kemiso ea hae e mo hloka hore a bale maqephe a ka bang mane Mangolong a Seheberu, khaolo e le ’ngoe Mangolong a Segerike a Bokreste, le temana e le ’ngoe ho Liproverbia. O balile Bibele eohle selemo se seng le se seng ho tloha ka 1959. O re: “’Malo oa ka o bile le phello ea hore ke ikutloe ke ratoa ke Jehova . . . ke fumana khothatso, matšeliso, le khalemelo.” Oa phaella: “Ho bala Bibele ho tšoana le ho matlafatsoa ke Jehova letsatsi ka leng.”

Khaitseli ea ileng a ithuta ’nete naheng eo ho eona mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o neng o thibetsoe le eena o na le monna ea khahlanong le litumelo tsa hae. O khona ho bala Bibele ho tloha Mantaha ho ea Labohlano, pakeng tsa 6:00 le 7:00 hoseng. Sena se mo matlafalitse kelellong. Ha a hopola tsela eo ho bala ha hae ho ileng ha mo ama ka eona, o re: “Re ithuta ho rata Jehova le Jesu le ho phela ka thabo, esita leha re na le mathata le litsietsi, re tseba hore litšepiso tsa Jehova ha li hlōlehe.”

Khaitseli ea ileng a ba teng Sekolong sa Tšebeletso ea Bopula-maliboho o ile a ikemisetsa ho sebetsa tumellanong le keletso e fanoeng moo ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Pele o ne a khona ho ho etsa pakeng tsa 5:00 le 6:00 hoseng. Ha phetoho mosebetsing oa hae e ne e kena-kenana le seo, o ile a ho etsa pakeng tsa 9:00 le 10:00 bosiu. Ha maemo a mang a lekang a ne a hlaha, o re, “ke ile ka ’na ka feto-fetola kemiso ea ka ho latela maemo.”

Ha Letsatsi le ea Malikelong:

Bo-khaitseli ba babeli bao e leng bana ba motho bao e leng litho tsa lelapa la Bethele ea Brazil ba tloaetse ho bala Bibele ba le hammoho ka metsotso e ka bang 20 letsatsi ka leng ka mor’a lijo tsa motšehare. Ba balile Bibele eohle ka makhetlo a ka bang 25; empa baa ngola: “Re atisa ho fumana ho hong ho hocha, ka hona ho bala Bibele ha ho mohla ho tenang.”

Khaitseli e mong oa lesoha Japane, le hoja a hōlisitsoe e le Paki, o ne a se na tsebo e ntle ea Mangolo; ha e e-ba pula-maliboho, o ile a ikemisetsa ho bala Bibele kamehla. Hona joale o bala ’malo oa hae oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ha a le tseleng a ea sepetlele bakeng sa phekolo ea letsatsi le le leng ka beke. Hamorao, ha a le lapeng, o tlatselletsa ka ho etsa lipatlisiso. Ho ella qetellong ea beke, o tsoela pele ho bala Bibele, a khetha libuka ho latela tatellano ea ho ngoloa ha tsona.

Moshemane ea lilemo li 13 ea seng a balile Bibele eohle ka makhetlo a mararo hona joale o bala khaolo e le ’ngoe letsatsi le leng le le leng ha a fihla hae a tsoa sekolong. O re, sena se nthusitse hore ke “rate Jehova haholoanyane.”

Paki e nang le kemiso e maphathe-phathe e le motho ea sebetsang, moholo, monna oa lelapa, le ntate e mamela lik’hasete tsa Bibele tsa audio ha e e-ea mosebetsing ka terene. Joale ha e le hae e bala boitsebiso bona boo ka boeona.

Ho phaella ’malong oa hae oa botho, pula-maliboho e ’ngoe Fora e mamela lik’hasete tsa Bibele tsa audio ha e apeha, ha e khanna, ha e feta linakong tse thata, kapa feela bakeng sa monyaka.

Pula-maliboho e ’ngoe ea Japane e lilemo li 21 e hopola hore ’mè oa eona o ile a hatisa hore e iphepe ka ntho e ’ngoe ea moea letsatsi ka leng, ’me ho tloha ha e le lilemo li tharo e ’nile ea bala Bibele letsatsi le letsatsi, le hoja e se kamehla ebang ka nako e tšoanang. Ka mor’a hore e bale karolo eo e e khethileng bakeng sa letsatsi leo, e etsa bonnete ba hore e bala litemana tsa sehlooho hape, ebe e nka metsotso e seng mekae ho nahanisisa ka seo e se balileng.

Paki e ’ngoe, ea pula-maliboho, e balile Bibele eohle ka makhetlo a ka bang leshome lilemong tse 12 tse fetileng. Monna oa eona ha aa lumela, ka hona e etsa kemiso ea ho bala motšehare oa mantsiboea.

Mantsiboea:

Moholo eo e leng pula-maliboho ea kamehla Japane ea balang Bibele mantsiboea a mang le a mang pele a robala o entse sena ka lilemo tse robeli tse fetileng. O re: “Ka ho khethehileng ke rata mangolo a bontšang kamoo Jehova a nahanang kateng, kamoo a ikutloang kateng mabapi le litaba, le kamoo a sebetsanang le maemo. Ho thuisa ka mangolo ana, ho nthusitse hore ke etse hore monahano oa Jehova e be oa ka ’me ke thuse baena ba ka le bo-khaitseli ba Bakreste le litho tsa lelapa la ka.”

Moholo e mong Fora o ’nile a bala Bibele ka nako e etsang hora e le ’ngoe mantsiboeeng a mang le a mang ho tloha ka 1979. Hangata o beha liphetolelo tse hlano kapa tse tšeletseng ka pel’a hae bakeng sa ho bapisa. O bolela hore ho bala ha hae ka hloko ho mo thusitse ho lemoha “kamoo a ka sebelisang tsebo ea Bibele maemong a letsatsi le letsatsi.” Sena se boetse se mo nolofalelitse ho atleha haholoanyane ha a fana ka keletso ea Mangolo.

Lilemong tse 28 tse fetileng, moena e mong oa Nigeria o ho entse tloaelo ea hae hore mantsiboea a bale temana e hlahang bukaneng ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla e tla tšohloa hoseng ha letsatsi le latelang. O bala le khaolo eohle ea Bibele eo temana eo e nkiloeng ho eona. Ka mor’a hore a nyale, o ile a tsoela pele ka tloaelo ena, a bala le ho tšohla boitsebiso boo le mosali oa hae.

Mocha ea lilemo li ka tlaase ho 20 eo batsoali ba hae e seng Lipaki o ho entse tloaelo ea hae hore a bale ka nako e etsang metsotso e mehlano ho ea ho e leshome mantsiboea a mang le a mang pele a robala. Eo ke metsotso ea bohlokoa ho eena, ’me o rapela pele le kamor’a ho bala. Pakane ea hae ke ho tseba molaetsa oo Jehova a laetseng mongoli e mong le e mong oa Bibele hore a o tlalehe.

Moena ea nyetseng, ea leng tšebeletsong ea Bethele, o bolela hore o ’nile a bala Bibele eohle hang ka selemo ka lilemo tse robeli tse fetileng. O bala ka nako e etsang metsotso e 20 ho ea ho e 30 pele a robala. Esita leha a khathetse haholo, o fumana hore haeba a robala a sa bala, ha a khone ho robala. O tlameha ho tsoha le ho hlokomela tlhoko eo ea moea.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela