Lipaki Tsa Jehova Lefatšeng Lohle—Brazil
BRAZIL ke naha e khōlō ka litsela tse ngata. Ka boholo le ka baahi, ke naha ea bohlano e khōlō ka ho fetisisa lefatšeng. E nka ho batlang e le halofo ea sebaka sa naha ea Amerika Boroa ’me ke lehae la batho ba bangata ho feta ba linaha tse ling kaofela tsa k’honthinente eo li kopantsoe. Hape Brazil e na le meru e meholo ka ho fetisisa lefatšeng e nang le pula e ngata. Ho pholletsa le moru oo ho phalla nōka e matla ka ho fetisisa lefatšeng—Amazon.
Brazil e boetse e khōlō ka kutloisiso e ’ngoe hape. Palo ea eona ea bahoeletsi ba litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo e atamela ho 400 000, ’me ba fetang 1 000 000 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste selemong se fetileng. Ka hona, naha ena ea ipabola mabapi le kamoo mosebetsi oa ho boleloa ha ’Muso o amehang kateng. Liphihlelo tsa morao tjena li hlakisa ntlha ena.
Ho Sebeletsa Moo Tlhokahalo e Leng Khōloanyane
Antonio le mosali oa hae ba ile ba etsa qeto e thata ea ho siea beng ka bona le mosebetsi o sireletsehileng, o lefang hantle São Paulo ho ea sebeletsa moo tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso e leng khōloanyane seterekeng sa Minas Gerais. Tšimo ea bona e ne e akaretsa sehlopha sa basebetsi mohahong o sebelisetsoang ho hloekisa tsoekere. Letsatsing la pele ba fana ka bopaki moo, ba ile ba qalisa lithuto tse robong tsa Bibele. Nakong ea likhoeli tse 18, ba ne ba khanna lithuto tse fetang 40!
Pele, liboka li ile tsa tšoareloa hona ka mohahong oo ho hloekisetsoang tsoekere ho ’ona. Leha ho le joalo, bahoeletsi ba bacha ba ne ba batla ho bona Holo ea ’Muso ea sebele. Kahoo, ho ile ha hiroa bese hore e nke batho ba 75 ho ea phuthehong e haufinyane. Joale ha latela kopano; ba 45 ho liithuti tseo tse ncha tsa Bibele ba ile ba e-ba teng ’me ha buisanoa le bona ka lipotso. Ba 15 ho bana ba ile ba kolobetsoa hona ketsahalong eo. Ha e le hantle, meokho ea thabo e hlile ea keleketla ka bolokolohi!
Ho ile ha sebelisoa k’hamphani e tšoanang ea libese bakeng sa maeto a tšoanang, ’me batsamaisi ba fana ka litefiso tse theotsoeng. E le ho bontša kananelo, Antonio o ile a fana ka thuso ea ho ithuta Bibele ho mong’a k’hamphani ea libese. O ile a lumela ho qalisa ho ithuta Bibele phirimaneng eona eo ’me a kolobetsoa ka mor’a likhoeli tse ’maloa tsa ho ithuta ka mafolo-folo. Pele, mosali oa hae o ile a hanyetsa thuto, empa qetellong, boikutlo ba hae bo ile ba nolofala. Kajeno le eena ke Paki e kolobelitsoeng ea Jehova.
Ka February 1992 ho ile ha thehoa phutheho e nang le bahoeletsi ba 22 ba mafolo-folo. Ka 1994 palo ena e ile ea nyolohela ho 42, ka bo-pula-maliboho ba bane ba kamehla, kapa baboleli ba nako e tletseng ba litaba tse molemo. Ka lebaka lena, Antonio o ile a phetha ka tsela ena: “’Na le mosali oa ka re bone hore haeba ‘re leka Jehova,’ joalokaha Malakia 3:10 e bolela, o tla ‘re tšollela tlhohonolofatso ka tekanyo e fetisisang.’”
Ho Fana ka Lingoliloeng Tsa Bibele
Mohlomong lebaka le leng le etsang hore mosebetsi oa ho bolela o noabeletse hakaalo Brazil ke hobane Lipaki li fana ka lingoliloeng tsa Bibele ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Ka mohlala, phutheho e ’ngoe e ile ea ngolla ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e kōpa likopi tse 250 tsa buka Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang. Ke hobane’ng ha ho entsoe odoro e khōlō hakaalo?
Lengolo le ile la hlalosa: ‘Sekolo se seng ka toropong se ile sa etsa qeto ea ho sebelisa buka ena e le eo ho tlang ho rutoa ka eona ho e ’ngoe ea litlelase. Qeto ea ba boholong sekolong e bile ka lebaka la bopaki bo sa reroang ba batsoali ba liithuti tseo e leng Lipaki tsa Jehova le e mong oa batsamaisi ba sekolo. E se eka Jehova a ka ’na a tsoela pele ho hlohonolofatsa bahlanka ba hae ha ba ntse ba fana ka thuto ka buka ena.’ E, e se eka Jehova a ka tsoela pele ho hlohonolofatsa khatelo-pele mosebetsing oa boboleli ba ’Muso naheng e khōlō ea Brazil.
[Lebokose le leqepheng la 8]
TLALEHO EA NAHA
Selemo sa Tšebeletso sa 1994
TLHŌRŌ EA BA PAKANG: 385 099
KARO-KAROLELANO: Paki e le 1 ho 404
BA BILENG TENG SEHOPOTSONG: 1 018 210
KAROLELANO EA BAHOELETSI BA BO-PULA-MALIBOHO: 38 348
KAROLELANO EA LITHUTO TSA BIBELE: 461 343
PALO EA BA KOLOBELITSOENG: 24 634
PALO EA LIPHUTHEHO: 5 928
OFISI EA LEKALA: CESÁRIO LANGE
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Koloi e nang le sebuela-hōle e ne e sebelisoa São Paulo hoo e ka bang ka 1940
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ho paka Botanical Garden Rio de Janeiro
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ofisi ea lekala Cesário Lange