Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Bopaki bo Beha Litholoana Hae le Sekolong
BOPHELO ba Mokreste bo akarelletsa ho etsetsa ba bang molemo, haholo-holo ka ho abelana le bona litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Liproverbia 3:27 e re: “Ea nang le tokelo, u se ke ua lesa ho mo etsa ka molemo, ha ho le matleng a hao.” Mocha e mong oa Paki oa Argentina, ea selemong sa boraro sekolong se phahameng, o ne a batla ho abelana litaba tse molemo tsa ’Muso le motsoalle oa hae oa sekolo. Ho etseng ha hae joalo ho bile le liphello tse batsi.
Ka letsatsi le leng mocha enoa oa Paki o ile a bolella motsoalle oa hae hore hase malumeli ’ohle a molemo. Ha mohlankana eo a arabela ka hore ha aa ka a etsa letho le lebe, Paki ena ea re: “Le teng ha u etsetse Molimo letho.” Sena sa etsa hore mocha enoa a nahane. Hamorao Paki ena ea hlalosa hore ena ke mehla ea qetello le hore motho o tlameha ho fumana tsebo e nepahetseng ea Bibele le ho e sebelisa hore a tle a amoheloe ke Molimo. Motsoalle oa hae oa sekolo o ile a lumela. Empa na lelapa labo le ne le tla mo lumella ho ba le thuto ea Bibele? E le ho fa motsoalle oa hae seo a ka nahanang ka sona, Paki ena e ile ea mo kōpa ho bala buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.
Nako ea feta, le motsoalle a tlohela sekolo. Ho ile ha feta nako e ka holimo ho selemo ho sa utloahale letho ka eena. Joale ka letsatsi le leng mocha enoa oa Paki o ile a makatsoa ke ho fumana thelefono e tsoang ho motsoalle oa hae a mo bolella hore o-oa bona hore boprofeta ba Bibele ka sebele boa phethahala. Kapele-pele Paki ena ea lokisetsa ho ithuta Bibele le eena.
Ha a ile habo eo e neng e le motsoalle oa hae sekolong, o ile a hlokomela hore batsoali ba motsoalle oa hae ba ne ba hlile ba amehile ka seo mora oa bona a neng a kena ho sona. Esita le moen’a motsoalle oa hae o ne a nahana hore o-oa hlanya. Kahoo batsoali ba re moen’ae a be teng thutong e latelang. Ka mor’a moo, ka mahlo a tletseng likhapha, mohlankana enoa o ile a tlalehela batsoali ba hae hore moholoane oa hae ha a hlanye, hoo ’mè oa bona a ileng a khotsa, “Bakeng sa bothata bo le bong, joale ke na le bo habeli!”
Kahoo, thutong e latelang o ne a le teng ka boeena ’me a tlameha ho lumela hore bashemane bana ba ne ba sa hlanye. Hamorao ho ile ha lokisetsoa thuto ea Bibele bakeng sa hae le monna oa hae. Nakoana ka morao ho moo lelapa lohle le ile la qala ho kopanela libokeng tsa phutheho Holong ea ’Muso. Qetellong batsoali ba ’m’a bona le bona ba ile ba qala ho ithuta Bibele ’me ba qala ho ea libokeng. Ho tloha nakong eo, mohlankana eo oa pele o ile a kolobetsoa. O ile a nyala, ’me eena le mosali oa hae ke bahoeletsi ba chesehang.
Ho feta moo, ka bopaki bo sa reroang sekolong, mocha enoa oa Paki o thusitse ba bang ba babeli bao a kenang sekolo le bona hammoho le ’mè le khaitseli oa e mong oa bona ho qala ho ithuta Bibele. Ka kakaretso, batho ba 11 ba ithutile ’nete ea Bibele hobane mocha enoa oa Paki ha aa ka a lesa ho etsetsa bao a kenang sekolo le bona molemo. E bile phello e thabisang hakaakang! Ka sebele, “Ho lehlohonolo sechaba seo Jehova e leng Molimo oa sona!”—Pesaleme ea 144:15.