Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 3/1 maq. 29-31
  • Phutuho e Atlehileng ka Kingdom News

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Phutuho e Atlehileng ka Kingdom News
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšehetso e Mafolo-folo Phutuhong
  • Likarabelo Tsa Kapele
  • Sechaba se Thusa Kabong
  • Ha ho le ea Mong ea Ileng a Fosoa
  • Phutuho e Khethehileng ea Pampitšana ka la 20 October–16 November!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Aba Kingdom News No. 35 ka ho Pharaletseng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • “Ho Hongata Hoo le ho Etsang Mosebetsing oa Morena”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Re na le Kofuto e Ncha ea ho Qalisa Lithuto!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 3/1 maq. 29-31

Phutuho e Atlehileng ka Kingdom News

“KE HOBANE’NG ha Bophelo bo Tletse Mathata Hakaale?—Na ho ka Khoneha Hore ho be le Paradeise e se Nang Likhathatso?” Sena e ne e le sehlooho sa Kingdom News No. 34, pampitšana e maqephe a mane e ileng ea abuoa lefatšeng ka bophara ka lipuo tse 139 ka April le May selemong se fetileng. Lipaki tse ling tsa Jamaica, li ile tsa hlalosa phutuho ena ea tšebeletso ka ho re: “Ke e ’ngoe ea lintlha tse khōlō selemong.” Belgium, Lipaki tse ling li ile tsa e bitsa, “mohloli o moholo oa thabo ho baena.” Rephabliking ea Czhechia, lena e bile lekhetlo la pele Lipaki tsa Jehova li fumana monyetla oa ho kopanela kabong ea Kingdom News. Lekala lea tlaleha: “Phutuho e ile ea tlisa moea oa cheseho le oa mafolo-folo.” Lipolelo tse joalo li ile tsa utloahala le linaheng tse ling.

Kingdom News No. 34 e ne e e-na le molaetsa o ikhethang bakeng sa ba feheloang le ba bobolang ka lebaka la manyala a etsoang ka lebitso la bolumeli. (Ezekiele 9:4) E ne e e-na le matšeliso bakeng sa ba tšoenyehileng bophelong ka lebaka la “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona” tseo ba ke keng ba li laola. (2 Timothea 3:1, NW) Ha e supa Bibeleng, pampitšana ena e ile ea bontša hore mathata a bophelo a tla rarolloa haufinyane. Paradeise e se nang likhathatso ke ea sebele. (Luka 23:43) Ba bangata ba ileng ba bala Kingdom News ba ile ba susumetsoa ke molaetsa oa eona. Monna e mong oa Togo, o ile a re ho Paki e ’ngoe: “Seo le se boletseng se ke ke sa hanyetsoa.”

Ho ke keng ha latoloa ke hore ho ajoa ha Kingdom News ena ho ile ha hapa tlhokomelo e sa tloaelehang. Denmark, e mong oa beng ba matlo o ile a arabela Paki e neng e mo fa pampitšana: “Ke sa tsoa khutla United States. Nakoana feela pele ke tloha, motho e mong o ile a mpha pampitšana ea lōna. Joale ke sa tsoa fihla mona, ’me hang feela pampitšana e tšoanang e se e nehelanoa ka Sedanishe!”

Tšehetso e Mafolo-folo Phutuhong

Lipaki tsa Jehova lefatšeng ho pota li ile tsa kopanela ka mafolo-folo mosebetsing oa ho aba pampitšana ena. Austria, El Salvador, Haiti, Hungary, Italy, New Caledonia, ke tse ling feela har’a linaha tse ngata tse ileng tsa tlaleha litlhōrō tse ncha tsa bahoeletsi likhoeling tseo ho neng ho ajoa Kingdom News ka tsona.

Zambia, molebeli e mong oa potoloho o ne a koetlisitse morali oa hae ea lilemo li tharo, Deborah, ho nehelana ka lingoliloeng ka ntlo le ntlo. Nakong ea phutuho ka Kingdom News No. 34, Deborah o ile a tsamaisa likopi tsa pampitšana tse ka holimo ho 45. ’Mè oa hae o ile a qalisa lithuto tsa Bibele le ba bang ba ileng ba amohela Kingdom News ho Deborah.

Afrika Boroa, mocha e mong o ile a fa moithuti-’moho le eena ea bitsoang Cashia, pampitšana ena. Cashia o ile a bala pampitšana ’me a re: “Ruri sena sea babatseha—ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise! Ke hobane’ng ha ke sa ka ka bolelloa ka see pele?” Thuto ea Bibele e ile ea qalisoa. Pele beke e fela Cashia o ile a fumana pampitšana e ’ngoe hape. Ena e ’ngoe e ne e e-tsoa ho motsoalle oa hae eo ba ngollanang le eena oa Moroma oa K’hatholike, ea lulang Cyprus. Motsoalle eo ba ngollanang le eena o ile a hlalosetsa Cashia hore na ke hobane’ng ha lithuto tsa Kereke e K’hatholike ea Roma li fosahetse ’me a ’molella hore eena o rera ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ka sebele, hoo ho ile ha matlafatsa haholo boikemisetso ba Cashia ba ho tsoela pele a ithuta.

Moshemane e mong ea lilemo li leshome oa Switzerland, o ile a kopanela ho abeng pampitšana le ’mè oa hae. O ile a fa mosali e mong e mocha kopi ’me a mo khothaletsa ho e bala ka hloko. Mosali eo e mocha o ile a botsa moshemane hore na o hlile o lumela seo setšoantšo se sekoahelong se se bontšang—bophelo bo ke keng ba fela lefatšeng. Karabo ea moshemane? “E, ke kholisehile e le ka sebele.” Joale mosali eo o ile a senola hore o ntse a batla tumelo ea ’nete hobane bolumeling ba hae ho ne ho e-na le ho hanyetsana ho hongata. Leetong la ho boela, thuto ea Bibele e ile ea qalisoa.

Likarabelo Tsa Kapele

Ka linako tse ling Kingdom News e ne e hlahisa likarabelo tsa kapele ho ba e balang. Ka mor’a ho bala pampitšana, ngoanana e mong ea lilemo li 11 oa Belgium, o ile a bolella e mong oa Lipaki tsa Jehova hore o ’nile a utsoa thepa mabenkeleng. ’Mè oa ngoanana eo o ne a batla ho pata taba ena, empa letsoalo la ngoananyana le ne le susumelitsoe ke seo a se balileng, ’me o ile a tsitlallela ho ea bona mookameli oa setsi seo sa mabenkele. Qetellong, ’mè oa ngoanana eo o ile a lumella morali ho khutlela setsing seo sa mabenkele le Paki. Mookameli o ile a makalla ho ipolela ha hae. Ha a hlokomela hore ke Kingdom News e mo susumelelitseng ho itšoara ka tsela eo, o ile a inkela kopi e le hore a bone hore na e fupere’ng e nang le matla a makaalo. Hona joale ngoanana enoa o khanneloa thuto ea Bibele e tsoelang pele.

Cameroon, Paki e ’ngoe e ile ea siela monna e mong kopi ea Kingdom News ’me e re: “Ha re khutlela, re ile ra fumana hore o se a e seheletse mela ’me o ne a e-na le lipotso tse ngata. Ka mor’a hore a fumane likarabo tse khotsofatsang, o ile a bolela: ‘Ke ’nete e tsoileng matsoho hore bolumeli bo koleketse ho se thabeng ha moloko oa batho. Pampitšana ea lōna e nthusitse ho utloisisa ho hongata, empa ke ntse ke batla ho tseba ho eketsehileng.’” Hona joale o khanneloa thuto ea kamehla ea Bibele.

Uruguay, Paki e ’ngoe e ile ea siela monna e mong pampitšana ha e ntse e e-ea ka ntlo le ntlo. Paki e ile ea tsoela pele mosebetsing oa eona oa boboleli ba ntlo le ntlo ’me e ile ea sebetsa ho pota setsiketsi sa matlo ho fihlela e boetse e le monyakong o ka morao oa ntlo ea monna eo. E ile ea makala ha e fumana monna eo a e emetse, a tšoere pampitšana ka letsohong. O ne a se a e balile ’me o ne a batla boitsebiso bo eketsehileng. Thuto e ile ea qalisoa hona moo.

Sechaba se Thusa Kabong

Japane, mocha e mong oa Paki o ile a atamela monna e mong ea lilemong tsa bo-50 ’me a mo fa pampitšana. Monna eo o ile a botsa: “U etsa’ng ka pampitšana ee ha u kopana le batho ba sa boneng?” Paki e ile ea lumela hore ha e tsebe. Monna eo o ile a e bolella hore e eme hanyenyane ’me a kena ka tlung. O ile a khutla le kopi ea Kingdom News ’me a re: “Ke se ke ile ka e fumana pampitšana eo. Ke ile ka nahana hore e fupere boitsebiso bo thahasellisang le bo bohlokoa, kahoo ke ile ka e ngola ka mongolo oa Braille. Ka kōpo sebelisa ena bakeng sa batho ba foufetseng.” Monna enoa o ne a ile a qeta lihora tse ngata a ngola Kingdom News ka mongolo oa Braille e le hore ba foufetseng ba se ke ba lahleheloa ke seo e se fupereng.

Slovakia, monna e mong o ile a rata pampitšana hoo a ileng a fota likopi tse 20, ’me a aba likopi tsena tse ’mala o motšo le o mosoeu ka boeena. Mohoeletsi e mong oa Switzerland o ile a siela lelapa le leng Kingdom News ’me a tsoela pele ho sebetsa mekatong e ka holimo ea mohaho oo lelapa leo le lulang ho oona. Ha a theoha, o ile a khahlametsoa ke moshanyana oa lelapa lane, ea ileng a mo kōpa likopi tse ling tse 19 tsa pampitšana. Sekolong sa moshemane eo, baithuti ba ne ba abetsoe ho ngola ka mathata ’me ba batlisise le litharollo. O ne a batlela e mong le e mong oa baithuti-’moho le eena kopi ea Kingdom News.

Ha ho le ea Mong ea Ileng a Fosoa

Ba ileng ba kopanela phutuhong ba ile ba leka ka matla ho tiisa hore ha ho le ea mong ea fosoang. Lipaki tse peli tsa New Caledonia, li ne li tsamaea ho ea tšimong ea morabe o hōle e le hore li abe Kingdom News. Ha li le tseleng, li ile tsa hlokomela tselana eo ho bonahalang eka ha e sebetse, empa leha ho le joalo li ile tsa etsa qeto ea ho ea bona haeba ho na le motho ea lulang qetellong ea eona. Li ile tsa siea koloi, tsa tsamaea tselana eo, tsa tšela ka thata melatsoana ho fihlela ha qetellong li fumana ntlo. Ho ne ho phela banyalani bao le ka mohla ba neng ba e-s’o ka ba utloela ka Lipaki tsa Jehova, ’me ba ile ba amohela kopi ea Kingdom News. Hamorao bahoeletsi ba ile ba etsa leeto la ho boela ’me ho makaleng ha bona ba ile ba fumana banyalani bao ba lokisitse tsela ’me ba hahile marokhoana a ’maloa e le hore Lipaki li ka khona ho tsamaisa koloi ea tsona tseleng ho fihla ntlong. Thuto ea kamehla ea Bibele e ile ea qalisoa.

Poland, Paki e ’ngoe e ne e tlameha ho feta pel’a setša sa kaho e le hore e tle e fe mong’a ntlo e mong kopi ea Kingdom News. Basebetsi ba ne ba e shebile nakong eo e fetang pel’a setša sa mohaho. Qetellong, e mong oa basebetsi o ile a e bitsa, a e kōpa hore e se ke ea ba lebala. Ha e ba atamela, ba ile ba nka khefu ’me ba mamela ka hloko nehelanong ea pampitšana. Ba ile ba amohela likopi tsa Kingdom News hammoho le limakasine ’me hamorao, leetong la ho boela, ba amohela libuka.

Limilione tse makholo tsa Kingdom News No. 34 li ile tsa ajoa ka lipuo tse ngata. Molaetsa oa eona o se o bile le liphello tse susumetsang. Ba bangata ba se ba ithutile hore paradeise e se nang likhathatso e ka khoneha. Re rapela hore e se eka ba lipelo li lokileng ba ka tsoela pele ho arabela ’me qetellong ba be har’a “ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:11.

[Lebokose le leqepheng la 31]

Tsoela Pele ho Aba Limakasine!

April le May 1995 e bile tse atlehileng ka ho fetisisa phutuhong ea kabo ea Kingdom News No. 34. Likhoeling tseo tse peli, ho boetse ho bile le kabo e hlahelletseng ea limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ka mohlala, moena e mong oa Rephabliki ea Czechia, o tlaleha hore ka April o ile a tsamaisa likopi tse 250 tsa Kingdom News le limakasine tse 750. Guadeloupe, Moqebelo oa la 15 April, o ile oa khethoa ho ba letsatsi le khethehileng la limakasine. Hoo e batlang e le mohoeletsi e mong le e mong naheng eo o ile a kopanela tšebeletsong ka letsatsi leo! Slovakia e bile le tlhōrō e ncha kabong ea limakasine ka April. Re fumane litlaleho tse tšoanang tse tsoang linaheng tse ling tse ngata.

Kahoo ke hobane’ng ha u sa etse hore April le May 1996 e be likhoeli tse hlahelletseng kabong ea limakasine? Liphutheho li ka lokisetsa matsatsi a khethehileng a limakasine. Batho ka bomong ba ka kopanela bopula-malibohong bo thusang. Ka litsela tsena le tse ling, ho ka khothaletsoa kabo ea limakasine, ’me molaetsa oa bohlokoa haholo o phatlalatsoang ke Kingdom News No. 34 o tla hasoa ho tsoela pele. Joale, joalokaha ho etsahetse selemong se fetileng, ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa moea oa cheseho oo re o bontšang.—2 Timothea 4:22.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela