Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 4/15 maq. 3-4
  • Ho Eketseha ha Litaba Tse Bohloko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Eketseha ha Litaba Tse Bohloko
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Li Bile Ngata ho Pholletsa le Histori
  • Keketseho Lilemong Tsa Morao
  • Litaba Tse Molemo li Larile ka Pele!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • A re Boleleng Litaba Tsena
    Binelang Jehova le Thabile
  • ‘Ho Tlisa Litaba Tse Molemo Tsa ho Hong ho Molemo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Kosepele e ka U Tsoela Molemo Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 4/15 maq. 3-4

Ho Eketseha ha Litaba Tse Bohloko

NA U se u kile ua hlokomela hore lihlooho tse phatlalatsang litaba tse bohloko li tsosa thahasello ea ’mali ho feta tse fetisang litaba tse molemo? Ebang ke sehlooho sa litaba se seholo koranteng, sa koluoa ea tlhaho kapa litšebo tse tsosang thahasello tse ngotsoeng ka mongolo o moholo leqepheng le ka pele la makasine e maqephe a benyang, ho bonahala eka lingoliloeng tsa litaba tse bohloko li rekisoa ka bongata ho feta tsa litaba tse molemo.

Kajeno litaba tse bohloko ha li haelle. Empa ka linako tse ling motho a ka ’na a ipotsa hore na e le hore batlalehi le baqolotsi ba litaba ba rupelloa ho batla le ho utulla litaba tse bohloko na—ba qhelela ka thōko litaba leha e le life tse molemo.

Li Bile Ngata ho Pholletsa le Histori

Ka makholo a lilemo, ruri litaba tse bohloko li ’nile tsa e-ba ngata ho feta litaba leha e le life tse molemo. Litlalehong tsa histori, sekala se oetse ka ho feletseng ka lehlakoreng la mahlomola a batho, ho sareloa, le ho felloa ke tšepo hoo e ’nileng ea e-ba boemo bo sa qojoeng ba moloko oa batho.

A re ke re hlahlobeng mehlala e seng mekae. Buka ea Chronicle of the World, e raliloeng ke Jacques Legrand, e bolela ka liketsahalo tse fapa-fapaneng, e ’ngoe le e ’ngoe e ngotsoe bakeng sa letsatsi leo ka ho khetheha ketsahalo e etsahetseng ka lona empa e le ka tsela eo e kang e ne e boleloa ke moqolotsi oa kajeno oa litaba ha a tlaleha ketsahalo eo. Ka litlaleho tsena tse fupulitsoeng hantle, re khona ho bona ho se na se re sirang litaba tse bohloko tse jeleng setsi, tseo motho a li utloileng bophelong bohle ba hae bo likhathatso polaneteng ena e Lefatše.

Pele, nahana ka tlaleho ena ea pele e ileng ea hlaha Greece ka 429 B.C.E. E tlaleha ka ntoa eo ka nako eo e neng e kupa mahareng a Athene le Sparta: “Motse-toropo oa Potidaea o qobellehile ho inehela ho mabotho a hlometseng a o lika-likelitseng a Baathene, ka mor’a hore o theohele boemong ba tlala hoo batho ba teng ba neng ba bile ba e-ja litōpō.” Ka sebele ke litaba tse bohloko!

Ha re e-ea lekholong la pele la lilemo pele ho Mehla ea rōna e Tloaelehileng, re fumana tlhaloso e hlakileng e tlalehang ka lefu la Julius Caesar, le etsahetseng Roma, ka la 15 March, 44 B.C. “Julius Caesar o bolauoe ka sekhukhu. O ile a hlajoa ho fihlela a e-shoa ke sehlopha sa mahlabaphieo ha a ne a lula fatše Ntlong ea Senate kajeno, la Ides [la 15] March.”

Makholong a latelang a lilemo, litaba tse bohloko li ile tsa ’na tsa e-hloa mekoalaba. Mohlala o mong o tšosang ke oa litaba tsena tse hlahileng Mexico ka 1487: “Moketeng oa semetletsa oa mahlabelo, oo ho neng ho e-s’o ka ho bonoa o tšoanang le oona Tenochtitlan, motse-moholo oa Aztec, batho ba 20 000 ba ntšitsoe lipelo bakeng sa ho etsa sehlabelo ho Huitzilopochtli, molimo oa ntoa.”

Hase bokhopo ba batho feela bo hlahisitseng litaba tse bohloko, empa ho se tsotelle ha bona ho tlatselitse letotong leo le le lelele. Khanare ea mollo ea London e bonahala e bile koluoa ea mofuta oo. Tlaleho e tsoang London, Engelane, e ngotsoeng ka la 5 September, 1666, ea baleha: “Qetellong, ka mor’a matsatsi a mane le masiu a teng, mollo oa London o tinngoe ke ’musi oa York, ea ileng a tlisa lithimi tsa likepeng tsa liqhomane hore li tl’o phatlola mehaho e neng e le moo khabo eo e lebileng teng. Sebaka sa liakere tse 400 [lihekthere tse 160] se helelitsoe hammoho le ho senngoa ha likereke tse 87 le matlo a ka holimo ho 13 000. Ka mohlolo, ke batho ba robong feela ba ileng ba shoa.”

Mehlaleng ena ea litaba tse bohloko, re tlameha ho kopanyelletsa le mafu a seoa a ’nileng a ata ka ho tsoileng taolong ho pholletsa le lik’honthinente tse ngata—ka mohlala, seoa sa k’holera sa mathoasong a bo-1830. Sehlooho se hatisitsoeng se tlalehang sena sea baleha: “Seoa sa k’holera se tšoenya Europe.” Tlaleho e utloahalang e latelang, e bontša litaba tse bohloko boemong ba tsona bo mpefetseng ka ho fetisisa: “K’holera e neng e sa tsejoe Europe ho fihlela ka 1817, e namela bophirimela e e-tsoa Asia. Metse ea Russia e kang Moscow le St. Petersburg, baahi ba eona ba se ba timetse ka bongata—boholo ba bahlaseluoa ke ba tsoang metseng e futsanehileng.”

Keketseho Lilemong Tsa Morao

Kahoo, le hoja e le ’nete hore litaba tse bohloko e ’nile ea e-ba karolo ea bophelo ho pholletsa le tlaleho ea histori, lilemo tse mashome tsa morao tjena tsa lekholo lena la bo20 la lilemo li fana ka bopaki ba hore litaba tse bohloko lia eketseha, ka sebele li ata ka potlako.

Ka ntle ho pelaelo, litaba tsa ntoa e bile tsona litaba tse bohloko ka ho fetisisa tseo lekholo lena la rōna la lilemo le li utloileng. Lintoa tse peli tse khōlōhali historing—tseo ka nepo li bitsoang Ntoa ea I ea Lefatše le Ntoa ea II ea Lefatše—ruri li bone ha litaba tse bohloko li tlalehoa ka tekanyo e tšosang. Empa, ka sebele eo e bile karolo e nyenyane ea litaba tse bohloko tseo lekholo lena la lilemo le sa thabang le nang le tsona.

Hlahloba lihlooho tsa litaba tse ’maloa tse ikhethetsoeng feela tjee:

Ka la 1 September, 1923: Tšisinyeho e etsa Tokyo lesupi—ho shoele ba 300 000; la 20 September, 1931: Maqakabetsi—Brithani e fokotsa matla a ponto; la 25 June, 1950: Korea Leboea e kena ka Boroa; la 26 October, 1956: Mahungary a tsohela puso ea Soviet matla; la 22 November, 1963: John Kennedy o bolaoa ka ho thunngoa Dallas; la 21 August, 1968: Litanka tsa Russia li kena Prague ho tla senya morero oa phetohelo ea ’muso; la 12 September, 1970: Lifofane tsa jete tse koetetsoeng li phatloha lehoatateng; la 25 December, 1974: Leholiotsoana Tracy le batalatsa Darwin—ba 66 baa shoa; la 17 April, 1975: Cambodia e oela tlas’a mabotho a Bokomonisi; la 18 November, 1978: Ba bangata baa ipolaea Guyana; la 31 October, 1984: Mof. Gandhi o bolaoa ka ho thunngoa; la 28 January, 1986: Sefofa-sebakeng se phatloha hang ha se phahama; la 26 April, 1986: Sebōpi sa matla a nyutlelie sa Soviet sea cha; la 19 October, 1987: Ho oa ha ’maraka oa matsete a khoebo; la 25 March, 1989: Ho qhalana ha oli ho tsietsa Alaska; la 4 June, 1989: Masole a bolaea bafetoheli la rita Lebaleng la Tiananmen.

E, histori e bontša hore kamehla litaba tse bohloko li ’nile tsa e-ba ngata, ha litaba tse molemo li ’nile tsa fokola haholo ha ho bapisoa. Kaha litaba tse bohloko li ’nile tsa eketseha lilemong tse mashome tsa morao, ha lilemo li ntse li ea, litaba tse molemo li ’nile tsa qepha.

Ke hobane’ng ha see se lokela ho etsahala? Na ho tla lula ho le joalo?

Sehlooho se latelang se tla lebisa tlhokomelo lipotsong tsena tse peli.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

WHO/League of Red Cross

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela