Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 4/15 maq. 5-7
  • Litaba Tse Molemo li Larile ka Pele!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litaba Tse Molemo li Larile ka Pele!
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lisosa Tsa Litaba Tsohle Tse Bohloko
  • Ke Hobane’ng ha Litaba Tse Bohloko li Eketseha?
  • Ho ke ke ha Lula ho le Joalo Kamehla
  • Ho Eketseha ha Litaba Tse Bohloko
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • A re Boleleng Litaba Tsena
    Binelang Jehova le Thabile
  • Bofetoheli Sebakeng sa Moea
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Babusi Sebakeng sa Moea
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 4/15 maq. 5-7

Litaba Tse Molemo li Larile ka Pele!

KAOFELA ha rōna rea hlomoha nako le nako ha re utloa litaba tse bohloko tse re amang. Ka lehlakoreng le leng, rea thaba ha re utloa ka litaba tse molemo—litaba tse thabisang bakeng sa rōna kapa bakeng sa baratuoa ba rōna. Empa ha litaba tse bohloko li sa re ame, li ama ba bang, hangata ho ba le tšekamelo ea bohelehele; ba bang ba bile ba thabela ho tseba ka bomalimabe ba ba bang. Leha e se ka ho feletseng, sena se ka ’na sa hlalosa lebaka leo litaba tse bohloko li rekoang hantle hakana!

Qalong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ho bile le mohlala o tšabehang oa thahasello e bonahalang mahlomoleng ao batho ba bang ba neng ba e-ba le ’ona. Ka 1939, likepeng tsohle tsa ntoa, Jeremane e ne e le motlotlo ka Graf Spee, sekepe se senyenyane sa ntoa se neng se le boima ba lithane tse 10 000. Ka libeke-beke, sekepe sena sa ntoa se ne se bakile tšenyo e khōlō har’a likepe tsa bahoebi tsa Selekane tse ka Atlantic Boroa le leoatleng la India. Qetellong, likepe tse tharo tsa Brithani li ile tsa se sala morao ho fihlela li hlasela Graf Spee, tsa timetsa bophelo ba batho tsa ba tsa qobella sekepe seo ho qheqhebisetsa koung ea Uruguay, Montevideo bakeng sa ho ea lokisoa. ’Muso oa Uruguay o ile oa fana ka taelo ea hore sekepe seo sa ntoa se khutlele leoatleng ka potlako, ho seng joalo se ne se tla thibeloa. Kahoo, ntoa e mabifi e sekametseng lehlakoreng le le leng e ne e bonahala e le haufi.

Ha se utloa ka sena, sehlopha sa bo-rakhoebo ba ruileng United States se ile sa hira sefofane seo motho ka mong a neng a lefa hoo e kabang $2 500 ho ea Uruguay, bakeng sa ho ea iponela ka mahlo ntoa eo e mahlo-mafubelu. Ka masoabi, ntoa ha ea ka ea kupa. Adolf Hitler o ile a fana ka litaelo tsa hore Graf Spee e tebisoe. Bashebelli ba likete ba neng ba khobokane lebōpong la leoatle ba lebelletse ho iponela ka mahlo sebonoang sa ntoa e mabifi ea leoatleng, ka ho fapaneng ba bona, esita le ho utloa ho phatloha ho thibang litsebe ho ileng ha tebisa Graf Spee, e tebisoa ke basebetsi ba eona. Motsamaisi oa eona o ile a ipolaea ka ho ithunya hloohong.

Ho sa tsotellehe botho bo batlang bo tšosa ba batho ba bang, boholo bo ne bo tla lumela hore bo rata litaba tse molemo ho e-na le tse bohloko. Na ha u ikutloe ka tsela eo? Ke hobane’ng joale, ha histori e tlaleha litaba tse ngata hakaale tse bohloko le litaba tse molemo tse fokolang? Na ho tla ke ho etsahale hore boemo boo bo etsolloe?

Lisosa Tsa Litaba Tsohle Tse Bohloko

Bibele e bolela ka nako eo litaba tse molemo e neng e le tsona feela tse teng. Litaba tse bohloko li ne li sa tsejoe, li e-s’o ka li utluoa. Ha Jehova Molimo a qeta mosebetsi oa hae oa pōpo, polanete e Lefatše e ne e lokile bakeng sa hore motho le liphoofolo ba e thabele. Tlaleho ea Genese ea re bolella: “Molimo oa bona tsohle tseo o li entseng hoba li molemo haholo.”—Genese 1:31.

Ho ba sieo ha litaba tse bohloko ha hoa ka ha e-ba teng nako e telele ka mor’a hore motho a bōptjoe. Pele Adama le Eva ba ka tsoala ngoana leha a le mong, ho ile ha tlalehoa litaba tse bohloko tsa borabele khahlanong le Molimo le tokisetso ea hae e hlophisehileng ea bokahohleng e molemo. Mora ea phahameng oa moea o ile a fetoha lehlabaphieo boemong ba hae boo a neng a bo tšepetsoe ’me a atleha ho etseng hore banyalani ba pele ba batho ba kopane le eena tseleng ea hae ea borabele, ea bohlabaphieo.—Genese 3:1-6.

Litaba tse ngata tse bohloko tseo batho ba li boneng li qalile ka nako eo. Ha ho makatse ha ho qhekella, thetso, leshano, ho se tšepahale ’moho le ’nete e sa fellang li bonahetse ka ho hlahelletseng litabeng tse bohloko tseo haesale, li pupelitseng lefatše. Ka ho toba, Jesu Kreste o ile a beha molato holim’a Satane Diabolose e le eena mohloli oa litaba tse bohloko, a bolella baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea Hae: “Le tsoa ho ntate oa lōna Diabolose, ’me le lakatsa ho phetha litakatso tsa ntate oa lōna. Eo e ne e le ’molai ha a qala, ’me ha aa ka a ema a tiile ’neteng, hobane ’nete ha e eo ho eena. Ha a bua leshano, o bua ho ea ka tšekamelo ea hae, hobane ke ea leshano le ntate oa leshano.”—Johanne 8:44.

Ha palo ea batho e ntse e eketseha, litaba tse bohloko li eketseha le eona. Ha e le hantle, hona ha ho bolele hore ha ho e-s’o ka ho e-ba le linako tsa nyakallo le thabo, kaha ho bile le lintho tse ngata bophelong tseo e bileng lisosa tsa thabo. Leha ho le joalo, ho theosa le moloko o mong le o mong oa batho, leru la likhathatso le masoabi li ’nile tsa totobala ho fihlela le kajeno.

Ho na le sesosa se seng sa motheo bakeng sa boemo bona bo soabisang ba litaba. Eo ke tšekamelo eo re e futsitseng ea ho etsa liphoso le litlokotsi. Jehova ka boeena o tsebahatsa sesosa sena se ke keng sa qojoa sa litaba tse bohloko ka ho re: “Mehopolo ea pelo ea motho haesale e le mebe ho tloha bocheng ba hae.”—Genese 8:21, BPN.

Ke Hobane’ng ha Litaba Tse Bohloko li Eketseha?

Leha ho le joalo, ho na le lebaka la hore na ke hobane’ng ha litaba tse bohloko li eketsehile lekholong lena la bo20 la lilemo. Lebaka lena le boletsoe ka ho hlakileng ka Bibeleng, e ileng ea bolela esale pele hore batho ba lekholong la bo20 la lilemo ba ne ba tla ba nakong e ikhethang e tsebahalang e le ‘matsatsi a ho qetela’ kapa ‘nako ea bofelo.’ (2 Timothea 3:1; Daniele 12:4) Boprofeta ba Bibele le tatellano ea liketsahalo tsa Bibele li tsebahatsa “mehla [ena] ea bofelo,” e qalileng ka 1914. Bakeng sa bopaki bo qaqileng ba Mangolo ka sena, ka kōpo bona khaolo ea 11 ea buka Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

Matsatsi a ho qetela a ne a tla qala ka ketsahalo e neng e tla baka hore ho itlele feela hore litaba tse bohloko li eketsehe lefatšeng. E ne e le efe? E ne e le ho ntšoa ha Satane Diabolose le lebotho la hae la bademona leholimong. U ka ’na ua bala tlhaloso ena e hlakileng ea keketseho e ke keng ea qojoa ea litaba tse bohloko ho Tšenolo 12:9, 12: “Drakone e khōlō ea liheloa tlaase, noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše kaofela leo ho ahiloeng ho lona; ea liheloa tlaase lefatšeng, ’me mangeloi a eona a liheloa tlaase le eona. . . . ‘Ho malimabe lefatše le leoatle, hobane Diabolose o theohetse ho lōna, a halefile haholo, a tseba hore o na le nako e khutšoanyane.’”

Ka hona, ho sa tsotellehe hore na ke nako e kae e sa ntsaneng e setse ho fihlela matsatsi a ho qetela a fela, re ka lebella hore litaba tse bohloko li tsoele pele esita le ho eketseha ka palo le ka matla.

Ho ke ke ha Lula ho le Joalo Kamehla

Ho baahi ba lefatše, hoa thabisa hore boemo ba litaba bo hlomolang pelo bo hlahisang seoa sa kajeno sa litaba tse bohloko, bo ke ke ba e-ba teng kamehla. Ha e le hantle, ka kholiseho re ka re matsatsi a litaba tse tsoelang pele tse bohloko a baliloe. Boemo bona ha bo khathatse matla, le hoja ho ka bonahala eka ho joalo. Bofelo ba litaba tsohle tse bohloko bo haufi haholo ’me bo ke ke ba hlōleha ho tla ka nako e tšoanetseng ea Molimo.

Re ka kholiseha ka sena kaha ho profetiloe hore matsatsi a ho qetela a tla finyella tlhōrōng kapa qetellong ea ’ona ka ho ripitla le ho tlosa ha Molimo lisosa tsohle tsa litaba tse bohloko. O tla tlosa batho ba khopo ba hlohlelletsang ntoa, ba hanang ho fetoha le ho furalla tsela ea bona e fosahetseng. Hona ho tla fihla tlhōrōng, ntoeng ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle, e tsejoang ka ho tloaelehileng e le ntoa ea Armagedone. (Tšenolo 16:16) Hang ka mor’a moo, Satane Diabolose le makhotla a hae a bademona ba tla felloa ke mosebetsi. Tšenolo 20:1-3 e bolela ka ho tlangoa ha Satane, mohloli oa litaba tsohle tse bohloko: “Ka bona lengeloi le theoha ho tsoa leholimong le e-na le senotlolo sa mohohlo le ketane e khōlō letsohong la lona. ’Me la tšoara drakone, noha ea pele, eo e leng Diabolose le Satane, ’me la e tlama ka lilemo tse sekete. ’Me la e lihela ka mohohlong ’me la o koala le ho o tiisa holim’a eona, e le hore e se ke ea hlola e khelosa lichaba.”

Ka mor’a liketsahalo tsena tse hapang tlhokomelo, nako e ikhethang ea litaba tse molemo e tla ba teng bakeng sa lefatše le baahi ba lona. Baahi bana ba tla kopanyelletsa limilione tsa ba phonyohileng ntoa ea makhaola-khang ea Armagedone le likete tsa limilione tsa ba tla tsosoa borokong ba bona ba lefu mabitleng. Litaba tsena tse molemo tse fetang tsohle li hlalosoa bukeng ea ho qetela ea Bibele: “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, ’me o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. ’Me Molimo ka boeena o tla ba le bona. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.

Na u ka nahana ka nako eo e thabisang? Ka sebele bokamoso bo khanyang, moo litaba tse bohloko li seng li le sieo. E, litaba tsohle tse bohloko li tla be li felile ’me li ke ke tsa hlola li utluoa hape. Joale litaba tse molemo li tla rena ka ho phahameng ka ho fetisisa, ’me li tla ata ka ho sa feleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela