Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 5/1 leq. 32
  • Kopano ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” ea 1996

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kopano ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” ea 1996
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lea Amoheloa Kopanong ea Setereke ea “Tšabo ea Bomolimo”!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Na U Tla ba Teng?
    Tsoha!—1996
  • U ke ke Ua Batla ho e Fosa!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Manģosa a Khotso ea Bomolimo aa Bokana
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 5/1 leq. 32

Kopano ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” ea 1996

MEHLENG ea boholo-holo, batho ba Jehova ba ne ba keteka mekete ea bohlokoa e meraro selemo le selemo. Ka ho tšoanang, mehleng ea kajeno batho ba lebitso la Jehova ba kopana hararo ka selemo bakeng sa mekete. Ba thabela ho bokana bakeng sa letsatsi la kopano le khethehileng, kopano ea potoloho ea matsatsi a mabeli, le kopano ea setereke ea matsatsi a mararo kapa a mane. Selemong sena, sehlooho sa kopano ea setereke ke “Manģosa a Khotso ea Bomolimo.”

Sehlooho seo se loketse hakaakang! Molimo oa rōna, Jehova, ke “Molimo oa khotso,” e, “Molimo ea fanang ka khotso.” Moeta-pele oa rōna Jesu Kreste, ke “Morena oa Khotso,” ’me molaetsa oo bahlanka ba Jehova ba o tlisang ke molaetsa oa khotso ea bomolimo. (Bafilippi 4:9; Baroma 15:33; Esaia 9:6; Nahume 1:15) Lenaneo le molemo la kopano le se le hlophisitsoe le tlang ho thusa bohle ho ananela ka ho feletseng haholoanyane bohlokoa ba khotso ea bomolimo.

Selemong sena, United States feela, ho tla ba le likopano tse 198. Ho ka etsahala hore ho be le kopano haufi le moo u leng teng. Ke hobane’ng ha u sa batlisise ho Lipaki tsa Jehova tse tikolohong ea haeno hore na e tla ba teng neng, hona hokae, ’me joale u etse litokisetso tsa ho ba teng? Bohle ba thahasellang khotso ea sebele, e tšoarellang ba tla fumana kamohelo e mofuthu.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela