Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 6/1 leq. 8
  • “Litaelo Tsa Hao Kaofela ke ’Nete”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Litaelo Tsa Hao Kaofela ke ’Nete”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ‘E Ile ea Ngolloa ho re Laea’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Bala Lentsoe la Molimo ’me U mo Sebeletse Kannete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Latela Mohlala oa Marena
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 6/1 leq. 8

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

“Litaelo Tsa Hao Kaofela ke ’Nete”

PEJANA ho lefu la hae, Moshe o ile a eletsa batho ba Iseraele hore ba mamele litaelo tsohle tsa Jehova. O ile a re: “Beang lipelo tsa lōna tabeng tsohle tseo ke le pakelang tsona kajeno, le tle le li laele bana ba lōna, ba tle ba itiise ho etsa ka lipolelo tsohle tsa molao oo. Hobane hase lentsoe la lefeela leo le le beeloang, empa ke bophelo ho lōna.”—Deuteronoma 32:46, 47.

Makholo a lilemo hamorao, mopesaleme o ile a hatisa bohlokoa ba thuto eohle ea Molimo ha a ne a re: “Empa, uena, Jehova, u haufi; litaelo tsa hao kaofela ke ’nete.” (Pesaleme ea 119:151) Lekholong la pele la lilemo, Jesu ka boeena o ile a supa bohlokoa ba “polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (Matheu 4:4) ’Me a le tlas’a tataiso ea Molimo, moapostola Pauluse o ile a ngola hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo.”—2 Timothea 3:16.

Ka ho hlakileng, Jehova Molimo o lebelletse hore barapeli ba hae ba nahane ka botebo molaetsa oohle o fetiselitsoeng ho rōna tlalehong ea Lentsoe la hae. Ha ho na temana le e ’ngoe ka Bibeleng eo e seng ea bohlokoa. Ke kamoo Lipaki tsa Jehova li ikutloang kateng ka Lentsoe la Molimo, joalokaha ho bontšoa ke phihlelo e latelang e tsoang Mauritius.

Monghali D—— o ne a lula motseng o thōko, moo e neng e le molebeli bosiu. Ka nako e telele, ka botšepehi o ne a ’nile a batla tsela e nepahetseng ea ho rapela Molimo. Nakong eo a lebetseng ka eona bosiu, o ile a qala ho bala Bibele. Ka mor’a nako o ne a e balile kaofela ha eona. O ile a hlokomela hore lebitso la Molimo ke Jehova—lebitso le hlahang ka makhetlo-khetlo Bibeleng ea hae ea Sehindi. O ile a fumana buka ea Tšenolo e thahasellisa ka ho khethehileng.

Joale o ile a ipotsa hore na ebe ho na le bolumeli bo latelang Bibele ka ho feletseng na. O ile a hlokomela hore, tlas’a maemo a matle malumeli ao a tloaelaneng le ’ona a ne a mpa a latela likarolo tse ling feela tsa Bibele. Malumeli a mang a ne a amohetse Mangolo a Seheberu feela ’me a qhela Mangolo a Bakreste a Segerike. Malumeli a mang ’ona a ne a hlokomoloha Mangolo a Seheberu, a nka Mangolo a Bakreste a Segerike e le ’ona feela a nang le bohlokoa bo sebetsang.

Ka letsatsi le leng Monghali D—— o ile a bona banyalani ba bang ba kolobisoa ke pula ’me a ba mema hore ba e’o itšireletsa ha hae. E ne e le Lipaki tsa Jehova. Mosali o ne a tšoere buka ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!a Ka potlako Monghali D—— o ile a ba kōpa buka eo. Lipaki tseo li ile tsa utloisisa hore boitsebiso ba boprofeta ba Tšenolo bo tebile haholo bakeng sa hae, kahoo ba ile ba mo neha buka e ’ngoe ho e-na le eo. Empa Monghali D—— o ile a tsitlellela ho fumana buka ea Tšenolo.

Ka mor’a ho fumana kopi ea hae, o ile a bala buka eo kapele. Joale o ile a amohela thuto ea Bibele le Lipaki tsa Jehova. Ka potlako o ile a khahloa ke ’nete ea hore Lipaki li hlompha Bibele eohle ka tsela e phahameng. O ile a qala ho ba teng kamehla libokeng, Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova moo ka hloko ho ithutoang Mangolo a Seheberu le Mangolo a Segerike a Bakreste. Hona joale ke ’moleli oa ’Muso le setho se kolobelitsoeng sa phutheho ea Bokreste.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela