Na Bophelo ba Hao bo Laoloa ke Khopolo ea ho Hlolloa Bokamoso?
“ALA NÒ DON.” Ka puo ea Sebambara sa Mali, Afrika Bophirimela, polelo ena e bolela hore, “Ke mosebetsi oa Molimo.” Mapetjo a kang ana a tloaelehile haholo karolong eo ea lefatše. Ka puo ea Sewolofe, ho thoe, “Yallah mo ko def” (e entsoe ke Molimo). ’Me morabeng o mong oa Madogone, ba re, “Ama biray” (e bakiloe ke Molimo).
Lipolelo tsena li na le tse tšoanang le tsona libakeng tse ling. Lipolelo tse kang, “Nako ea hae e ne e se e fihlile” le “E ne e le thato ea Molimo” li buuoa khafetsa ha ho hlahile lefu kapa tlokotsi. Afrika Bophirimela, ho tloaelehile ho ngola mapetjo a kang “Motho oa rera, Molimo oa phethahatsa” lipalangoeng tsa sechaba le ho a manamisa e le matšoao mabenkeleng. Ho ba bangata ke mokhabo-puo feela. Leha ho le joalo, hangata li bontša ho teba ha tumelo khopolong ea ho hlolloa bokamoso.
Hantle-ntle khopolo ea ho hlolloa bokamoso ke’ng? The World Book Encyclopedia e e hlalosa e le “tumelo ea hore liketsahalo li reroa esale pele ke matla ao batho ba ke keng ba a laola.” “Matla” aa ke’ng? Lilemong tse likete tse fetileng, Bababylona ba ne ba lumela hore bokamoso ba motho ka mong bo ne bo susumetsoa ka matla ke boemo ba linaleli nakong ea ha a tsoaloa. (Bapisa le Esaia 47:13.) Magerike a ne a lumela hore bokamoso bo matsohong a melimotsana e meraro e matla e neng e ohla, e lekanya le ho khaola khoele ea bophelo. Leha ho le joalo, e bile baruti ba thuto ea bolumeli ba Bokreste-’mōtoana ba hlahisitseng khopolo ea hore Molimo ke eena ea hlollang motho bokamoso!
Ka mohlala, “Mohalaleli” Augustine, o ile a hana “maikutlo a fosahetseng le a senyang” a balepi ba linaleli. Ka lehlakoreng le leng, o ile a pheha khang ea hore “ho bolela hore Molimo o teng, ha ka nako e tšoanang ho latoloa hore O na le matla a ho tseba esale pele lintho tsa nakong e tlang, ke ho bontša bothoto bo makatsang.” O ile a bolela hore e le hore Molimo e hle e be ea matla ’ohle, o tlameha “ho tseba lintho tsohle pele li phethahala” a siee “tsohle li hlomamisitsoe.” Leha ho le joalo, Augustine o ile a ngangella hore ho sa tsotellehe hore na Molimo o tseba esale pele sohle se tla etsahala, batho ba ntse ba e-na le bolokolohi ba ho ikhethela.—The City of God, Buka ea V, Khaolo ea 7-9.
Makholo a lilemo hamorao, moruti oa thuto ea bolumeli oa Moprostanta John Calvin o ile a ntšetsa pele khopolo ena, a pheha khang ea hore ha ba bang ba “khethetsoe esale pele [ke Molimo] ho ba bana le majalefa ’musong oa leholimo,” ba bang ba khethetsoe esale pele ho ba “baamoheli ba khalefo ea hae”!
Kajeno, tumelo ea hore bokamoso boa hloloa e nkoa ka ho teba likarolong tse ngata tsa lefatše. Nahana ka phihlelo ea Ousmane, mohlankana e mong oa Afrika Bophirimela. E ne e bile se seng sa liithuti tse itlhommeng pele sekolong sa habo, empa ha a ngola litlhahlobo tsa hae tsa ho qetela, a hlōleha ho li pasa! Sena se ne se sa bolele feela ho pheta selemo sehlopheng seo empa hape ho tobana le masoabi ka pel’a lelapa labo le metsoalle. Motsoalle e mong o ile a leka ho mo tšelisa ka ho re seo e ne e le thato ea Molimo. ’Mè oa Ousmane ka ho tšoanang o ile a beha molato oa ho hlōleha ha hae tabeng ea hore bokamoso boa hloloa.
Qalong Ousmane o ile a thabela ho amohela boiteko ba bona ba ho mo tšelisa. Etsoe, haeba ka sebele ho hlōleha ha hae e ne e le thato ea Molimo, ho ne ho se letho leo a ka beng a le entse ho thibela seo. Empa ntate oa hae o ne a bona lintho ka tsela e fapaneng. O ile a bolella Ousmane hore ho hlōleha ha hae litlhahlobong e ne e le phoso ea hae—e seng ea Molimo. Ousmane o ile a hlōleha feela ka lebaka la ho hlokomoloha lithuto tsa hae.
Kaha tumelo ea hae khopolong ea ho hlolloa bokamoso e ne e se e sisintsoe, Ousmane o ile a etsa qeto ea ho batlisisa taba ka boeena. Joale re u mema ho etsa se tšoanang ka ho hlahloba sehlooho se latelang.