Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Linnete Tsa Bibele li Tsoela Pele ho Boleloa Ireland
LILEMONG tsa morao tjena naha e bohehang ea Ireland e bile pherekanong e khōlō haholo. Leha ho le joalo, batho ba Ireland ba arabetse hamolemo molaetseng oa Bibele oa tšepo oo ba o tlisetsoang ke Lipaki tsa Jehova. Liphihlelo tse latelang tse tsoang Ireland li hlakisa sena.
■ E mong oa Lipaki tsa Jehova, Dublin, le moralinyana oa hae ba ne ba kopanetse mosebetsing oa boboleli ba ntlo le ntlo. Ba ile ba kopana le mosali e mong ea bitsoang Cathy ea neng a phathahane ka bana ba hae ba bangata. Paki ena e ile ea botsa hore na morali oa eona, ea neng a ithuta ho etsa mosebetsi oa boboleli, a ka mo abela molaetsa o mokhutšoanyane feela. Cathy o ile a lumela, ’me ngoananyana o ile a fana ka nehelano e hlakileng le e nahanetsoeng hantle. Cathy o ile a khahloa ke botšepehi le tlhompho tse neng li totobetse ngoaneng enoa, ’me o ile a amohela mpho ea pampitšana ea Bibele.
Hamorao Cathy o ile a nahanisisa ka tokisetso e babatsehang le mekhoa e metle ea moeti oa hae e monyenyane. O ile a re: “Ke ile ka khahloa ke hore ngoananyana enoa o ne a ka aba molaetsa o thahasellisang joalo a sa ipitsetse tlhokomelo. Ke ile ka etsa qeto ea hore lekhetlong le hlahlamang ha Lipaki tsa Jehova li nketetse, ke tla li mamela.”
Nakong eona eo Cathy o ile a fallela torotsoaneng e ka boroa-bophirimela ho Ireland haufi le moeli oa litereke tsa Cork le Kerry. Nakoana hamorao Lipaki tsa Jehova li ile tsa mo etela, ’me a li memela ho kena ka tlung. O ile a amohela thuto ea kamehla ea Bibele ’me hona joale o ba teng libokeng tsa phutheho le bana ba hae ba bangata. Cathy o leboha haholo hore ebe ngoananyana o ile a ba le takatso ea sebele ea ho mo abela litaba tse molemo.
■ Sebakeng sa Tullamore, Lipaki li ile tsa e-ba le puisano ea Bibele le mosali e mong ea bitsoang Jean ka lilemo tse fetang tse supileng. Ka linako tse ling o ne a bontša thahasello a be a amohele lingoliloeng, empa ka linako tse ling o ne a sa thahaselle. Ka letsatsi le leng, ha Paki e ’ngoe e bitsoang Frances le mphato oa eona ba etetse Jean, ba ile ba mo fumana a se mahlong. Paki ena ea tlaleha: “Ho sa tsotellehe seo re se buang, a ’na a loloma le ho feta. Qetellong, o ile a re bolella hore re mo tsoele ka ntlo ’me a khahlela lemati.”
Frances o ile a ipotsa hore na ebe maeto a mang hape a ne a sa tl’o mema kamohelo e tšoanang. Frances o ile a nahana: ‘Mohlomong ha ho sa thusa letho ho mo etela haeba ka sebele a sa thahaselle molaetsa.’ Leha ho le joalo, o ile a buisana taba ena le monna oa hae, Thomas, ’me eena o ne a batla a e-na le tšepo. Lekhetlong le hlahlamang ha ba le sebakeng seo, Jean o ile a boela a eteloa. O ile a ba amohela ka botsoalle a ba a amohela likopi tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Maeto a eketsehileng le ’ona e ile ea e-ba a mofuthu, ’me Thomas le Frances ba ile ba qala thuto ea lehae ea Bibele ea kamehla le eena.
Ke eng se ileng sa mo fetola? Jean o hlalosa hore nakong eo a neng a khahlapetsa Lipaki, e ne e le motsoetse e mocha ’me o ne a sa tsoa tsoa sepetlele. Kaha o ne a nyantša lesea la hae le sa tsoa hlaha hape a hlokomela ngoana e moholoanyane, o ne a fumana hora e le ’ngoe feela le halofo ea ho robala bosiu. Jean o re: “Bolumeli e ne e le ntho ea ho qetela eo ke neng nka batla ho bua ka eona.”
Ka likhoeli tse peli Jean o ne a se a e-ba teng libokeng tsohle tsa phutheho, ’me ka mor’a likhoeli tse ’ne o ne a se a kopanela tšebeletsong ea tšimo. Likhoeli tse leshome ka mor’a hore a qale thuto ea hae ea Bibele, o ile a kolobetsoa. Hona joale phihlelo ea Jean ea mo thusa ha a le tšebeletsong. Oa pheta: “Ha ke kopana le motho ea mekhoa e mebe, ke leka ho ba le kutloelo-bohloko. Kamehla ke tšoaea sena. Mohlomong boemo bo tla fetoha nakong eo ke khutlelang; mohlomong motho eo o tla be a ikutloa hamolemo ’me a re amohele.”