Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 1/1 maq. 26-29
  • A re Nyonyeng se Khopo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • A re Nyonyeng se Khopo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Boloka Phutheho e Hloekile
  • Liphello Tse ke Keng Tsa Qojoa
  • Ha Mokreste ea Inehetseng a Etsa Sebe
  • Ho Thoe’ng ka Mohleka-hleki oa Bana?
  • Ho Fumana Hore na ke Bofokoli, Bokhopo, Kapa Pako
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Jehova O Tšoarela Haholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Amohela Taeo ea Jehova Kamehla
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na U Sitetsoe Moea o Halalelang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 1/1 maq. 26-29

A re Nyonyeng se Khopo

JEHOVA ke Molimo ea halalelang. Mehleng ea boholo-holo e ne e le “Mohalaleli oa Iseraele,” ’me ka hona, o ne a batla hore Iseraele e hloeke, e hloke letheba. (Pesaleme ea 89:18) O ile a bolella batho ba khethiloeng ba hae: “Halalelang ke hona, hobane kea halalela.” (Levitike 11:45) Mang le mang ea neng a batla ho ‘nyolohela thabeng ea Jehova’ e ne e lokela ho ba “ea matsoho a se nang molato, ea pelo e hloekileng.” (Pesaleme ea 24:3, 4) Hoo ho ne ho bolela ho fetang feela ho qoba liketso tse tletseng boetsalibe. Ho ne ho bolela “ho hloea bobe.”—Liproverbia 8:13.

Ka lerato, Jehova o ile a fana ka melao e qaqileng e le hore sechaba sa Iseraele se ka khetholla liphoso le ho li qoba. (Baroma 7:7, 12) Melao ena e ne e kopanyelletsa lintlha tse tataisang tse tiileng tsa boitšoaro. Bofebe, liketso tsa bosodoma, likamano tsa botona le botšehali le mong ka motho ea haufi-ufi, le ho robala le phoofolo kaofela li ile tsa khetholloa e le lintho tse sa halaleleng tse silafatsang moeeng. (Levitike 18:23; 20:10-17) Ba neng ba le molato oa liketso tse bolileng joalo ba ne ba felisoa sechabeng sa Iseraele.

Ha phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e fetoha “Iseraele ea Molimo,” ho ile ha fanoa ka litekanyetso tse tšoanang tsa boitšoaro bakeng sa bona. (Bagalata 6:16) Bakreste le bona ba ne ba lokela ho ‘nyonya se khopo.’ (Baroma 12:9) Mantsoe ao Jehova a neng a a boleletse Iseraele a ne a boetse a sebetsa le ho bona: “Le lokela ho halalela, hobane kea halalela.” (1 Petrose 1:15, 16) Mekhoa e sa halaleleng joalo e kang bohlola, bofebe, liketso tsa bosodoma, ho robala le phoofolo le likamano tsa botona le botšehali le mong ka motho ea haufi-ufi li ne li sa lokela ho silafatsa phutheho ea Bokreste. Ba hanang ho khaotsa ho kopanela linthong tse joalo ba ne ba tla qheleloa thōko ’Musong oa Molimo. (Baroma 1:26, 27; 2:22; 1 Bakorinthe 6:9, 10; Baheberu 13:4) “Matsatsing [ana] a ho qetela,” litekanyetso tse tšoanang lia sebetsa ho “linku tse ling.” (2 Timothea 3:1; Johanne 10:16) Ka lebaka leo, Bakreste ba tlotsitsoeng le linku tse ling ke batho ba hloekileng le ba hlomphehang, ba khonang ho jara lebitso la Molimo oa bona joaloka Lipaki tsa Jehova.—Esaia 43:10.

Ho Boloka Phutheho e Hloekile

Ha ho bapisoa, lefatše le lumella mefuta eohle ea boitšoaro bo bobe. Le hoja Bakreste ba ’nete ba fapane, ha baa lokela ho lebala hore ba bangata ba sebeletsang Jehova hona joale ba kile ba e-ba lefatšeng. Ho na le ba bangata bao, pele ba tseba Molimo oa rōna ea halalelang, ba neng ba sa bone lebaka la ho se inehelle litakatsong le linthong tse inahaneloang tsa nama ea bona ea boetsalibe, ba qoela “sekoting sa litšila se tlaase sa . . . ho inehella litakatso tsa nama.” (1 Petrose 4:4) Moapostola Pauluse, ka mor’a ho hlalosa mekhoa e nyonyehang ea batho ba bolileng ba lichaba, o ile a re: “Ke seo ba bang ba lōna ba neng ba le sona.” Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele ho re: “Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke, empa le halalelitsoe, empa le boletsoe le lokile ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste le ka moea oa Molimo oa rōna.”—1 Bakorinthe 6:11.

Eo ke polelo e khothatsang hakaakang! Ho sa tsotellehe seo motho a ileng a se etsa pele bophelong ba hae, oa fetoha ha litaba tse molemo tse khanyang tse buang ka Kreste li finyella pelo ea hae. O sebelisa tumelo ’me o inehela ho Jehova Molimo. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, o phela bophelo bo hloekileng boitšoarong, bo hloekisitsoeng mahlong a Molimo. (Baheberu 9:14) O tšoareloa libe tseo a li entseng nakong e fetileng, ’me a ka ‘hahamalla linthong tse ka pele.’a—Bafilippi 3:13, 14; Baroma 4:7, 8.

Jehova o ile a tšoarela Davida ea bakileng bakeng sa polao le bofebe, ’me O ile a tšoarela Manase ea bakileng bakeng sa boitšoaro bo bobe ba borapeli ba litšoantšo le tšollo e ngata ea mali. (2 Samuele 12:9, 13; 2 Likronike 33:2-6, 10-13) Ka sebele re ka leboha hore ebe o ikemiselitse ho re tšoarela haeba le rōna re baka ’me re mo atamela ka botšepehi le boikokobetso. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho tšoarela ha Jehova Davida le Manase, banna bana ba babeli—hammoho le Iseraele—ba ile ba lokela ho phela le liphello tsa liketso tsa bona tsa boetsalibe. (2 Samuele 12:11, 12; Jeremia 15:3-5) Ka mokhoa o tšoanang, le hoja Jehova a tšoarela baetsalibe ba bakang, ho ka ’na ha e-ba le liphello tse ke keng tsa qojoa tsa liketso tsa bona.

Liphello Tse ke Keng Tsa Qojoa

Ka mohlala, motho ea phelang bophelo ba boitšoaro bo hlephileng ka ho feteletseng ’me a tšoaroa ke AIDS a ka ’na a amohela ’nete ’me a fetola bophelo ba hae ho isa boemong ba boinehelo le kolobetso. Joale e se e le Mokreste ea hloekileng moeeng ea nang le kamano le Molimo le tšepo e babatsehang ea bokamoso; empa o ntse a e-na le AIDS. Qetellong a ka ’na a bolaoa ke lefu leo, e leng phello e bohloko empa e ke keng ea qojoa ea boitšoaro ba hae ba pele. Ho Bakreste ba bang liphello tsa boitšoaro bo hlephileng li ka ’na tsa phehella ka litsela tse ling. Nako e telele ka mor’a kolobetso ea bona, mohlomong bophelo bohle ba bona tsamaisong ena ea lintho, ho ka ’na ha hlokahala hore ba loantše litakatso tse nameng ea bona tse ba susumelletsang hore ba khutlele mokhoeng oa bona oa bophelo oa pele oa boitšoaro bo hlephileng. Ka thuso ea moea oa Jehova, ba bangata ba atleha ntoeng ea bona. Empa ba lokela ho loana ntoa ena joalo-joalo.—Bagalata 5:16, 17.

Ba joalo ha ba etse sebe hafeela ba laola litakatso tsa bona. Empa haeba ke banna, ho ka ’na ha e-ba bohlale hore ba etse qeto ea ho se ‘hahamalle’ boikarabelo ka phuthehong nakong eo ba ntseng ba loantšana le litšusumetso tse matla tsa nama. (1 Timothea 3:1) Hobane’ng? Hobane ba tseba hore na phutheho e tšepetse ho baholo hakaakang. (Esaia 32:1, 2; Baheberu 13:17) Baa hlokomela hore baholo ba kōptjoa keletso litabeng tse ngata tsa botho tse tebileng le hore ba lokela ho sebetsana le maemo a hlokang kelo-hloko e khōlō. E ke ke ea e-ba ho lerato, bohlale leha e le ho utloahalang bakeng sa ea loanang a sa phetse le litakatso tse sa hloekang tsa nama hore a hahamalle boemo bo joalo ba boikarabelo.—Liproverbia 14:16; Johanne 15:12, 13; Baroma 12:1.

Bakeng sa monna eo e kileng ea e-ba mohleka-hleki oa bana pele a kolobetsoa, ho ka ’na ha e-ba le phello e ’ngoe hape. Ha a ithuta ’nete, oa baka ’me oa fetoha, ha a tle le sebe seo se sehlōhō ka phuthehong. A ka ’na a hatela pele hantle ka mor’a moo, a hlōla litšusumetso tse fosahetseng ka ho feletseng, ’me a ba a rata ho ‘hahamalla’ boemo ba boikarabelo ka phuthehong. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba a ntse a lokela ho hlakola botumo ba hae bo bobe sechabeng ba hore e kile ea e-ba mohleka-hleki oa bana? Na e tla ‘ba ea sa nyatseheng, . . . ea nang le bopaki bo botle bo tsoang ho batho ba ka ntle, . . . ho se seo a qosoang ka sona”? (1 Timothea 3:1-7, 10; Tite 1:7) Che, a ke ke. Ka hona, a ke ke a tšoanelehela ho fuoa litokelo ka phuthehong.

Ha Mokreste ea Inehetseng a Etsa Sebe

Jehova oa utloisisa hore rea fokola le hore esita le ka mor’a kolobetso re ntse re ka oela sebeng. Moapostola Johanne o ile a ngolla Bakreste ba nakong ea hae: “Ke le ngolla lintho tsena hore le se ke la etsa sebe. ’Me leha ho le joalo, haeba mang kapa mang a fela a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, Jesu Kreste, ea lokileng. ’Me ke sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna, empa leha ho le joalo eseng bakeng sa tsa rōna feela empa le bakeng sa tsa lefatše lohle.” (1 Johanne 2:1, 2) E, motheong oa sehlabelo sa Jesu, Jehova o tla tšoarela Bakreste ba kolobelitsoeng ba oelang sebeng—haeba ba baka kannete ’me ba furalla tsela ea bona e fosahetseng.

Mohlala oa sena o ile oa bonoa phuthehong ea lekholo la pele la lilemo Korinthe. Moapostola Pauluse o ile a utloa taba ea bohlola bo pakeng tsa batho ba amanang haufi-ufi phuthehong eo e nyenyane, ’me o ile a fana ka taelo ea hore monna ea amehang a khaoloe. Hamorao, moetsalibe eo o ile a baka ’me Pauluse a eletsa phutheho hore e mo khutlisetse. (1 Bakorinthe 5:1, 13; 2 Bakorinthe 2:5-9) Ka hona, ka matla a phekolang a mosa o lerato oa Jehova le molemo o moholo oa sehlabelo sa thekollo sa Jesu, monna eo o ile a hloekisoa libe tsa hae. Lintho tse tšoanang li ka etsahala le kajeno. Hape, esita le haeba motho ea kolobelitsoeng ea entseng sebe se tebileng a baka ’me a tšoareloa mahlong a Jehova, ho ntse ho ka ba le liphello tse tsoelang pele tsa sebe sa hae.—Liproverbia 10:16, 17; Bagalata 6:7.

Ka mohlala, haeba moroetsana ea inehetseng a etsa bohlola, a ka ’na a soabela ketso ea hae haholo ’me qetellong a khutlisetsoa bophelong ba moea ka thuso ea phutheho. Empa ho thoe’ng haeba a imme ka lebaka la boitšoaro ba hae bo bobe? Joale, ka ho ke keng ha qojoa bophelo bohle ba hae bo se bo fetotsoe ke seo a se entseng. Monna ea etsang bofebe a ka ’na a baka ’me a se ke a khaoloa. Empa molekane oa hae ea hlokang molato o na le lebaka la Mangolo la ho mo hlala, ’me a ka ’na a khetha ho etsa joalo. (Matheu 19:9) Haeba a fela a hlala, monna eo, le hoja a tšoaretsoe ke Jehova, o tla phela bophelo bohle ba hae ka liphello tsena tse tebileng tsa sebe sa hae.—1 Johanne 1:9.

Ho thoe’ng ka monna eo ka ho hloka lerato a hlalang mosali oa hae e le hore a ka nyala mosali e mong? Mohlomong o tla qetella a bakile ’me a khutlisetsoe ka phuthehong. Ha nako e ntse e feta a ka ’na a bontša phetoho ’me a ‘hatela pele ka matla khōlong e feletseng.’ (Baheberu 6:1) Empa hafeela mosali oa hae oa pele a phela ntle ho molekane, a ke ke a tšoanelehela ho sebeletsa boemong ba boikarabelo ka phuthehong. Hase “monna oa mosali a le mong” kaha o ne a se na motheo oa Mangolo oa ho hlala mosali oa hae oa pele.—1 Timothea 3:2, 12.

Na aa hase mabaka a matla a hore na ke hobane’ng ha Mokreste a lokela ho hlaolela ho nyonya se khopo?

Ho Thoe’ng ka Mohleka-hleki oa Bana?

Ho thoe’ng haeba Mokreste ea hōlileng ea kolobelitsoeng a hleka-hleka ngoana ka likamano tsa botona le botšehali? Na moetsalibe eo o khopo hoo le ka mohla Jehova a ke keng a mo tšoarela? Ha ho hlile ha ho joalo. Jesu o ile a re ‘nyefolo ea moea o halalelang’ e ne e ke ke ea tšoareloa. ’Me Pauluse o ile a re ha ho na sehlabelo se setseng sa libe bakeng sa motho ea etsang sebe ka boomo ho sa tsotellehe ho tseba ha hae ’nete. (Luka 12:10; Baheberu 10:26, 27) Empa ha ho kae kapa kae moo Bibele e reng Mokreste ea hōlileng ea hleka-hlekang ngoana ka likamano tsa botona le botšehali—ebang ke ngoana ea amanang le eena haufi-ufi kapa che—a ke ke a tšoareloa. Ka sebele, libe tsa hae li ka hlatsuoa hore li hloeke haeba a baka kannete ho tsoa pelong ’me a fetola boitšoaro ba hae. Leha ho le joalo, o ntse a ka lokela ho loantšana le litšusumetso tse fosahetseng tsa nama tseo a ileng a li hlaolela. (Baefese 1:7) ’Me ho ka ’na ha e-ba le liphello tseo a ke keng a li qoba.

Ho itšetlehile ka molao oa naha eo a lulang ho eona, mohleka-hleki a ka ’na a tlameha ho kena chankaneng kapa a tobana le lithibelo tse ling tse itseng tsa ’Muso. Phutheho e ke ke ea mo sireletsa ho sena. Ho feta moo, monna eo o bontšitse bofokoli bo tebileng boo ka hona bo lokelang ho nkeloa khato. Haeba a bonahala a bakile, o tla khothalletsoa ho hatela pele moeeng, a kopanele tšebeletsong ea tšimo, esita le ho ba le karolo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le likarolong tseo ho tsona e seng eena ea rutang Sebokeng sa Tšebeletso. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore o tla tšoanelehela ho sebeletsa boemong ba boikarabelo ka phuthehong. Mabaka a Mangolo bakeng sa see ke afe?

Lebaka la pele ke hore moholo e lokela ho ba “ea itšoarang.” (Tite 1:8) Ke ’nete hore ha ho le ea mong oa rōna ea nang le boitšoaro bo phethahetseng. (Baroma 7:21-25) Empa Mokreste ea hōlileng ea inehetseng ea oelang sebeng sa ho hleka-hleka ngoana ka likamano tsa botona le botšehali o bontša bofokoli ba nama boo e seng ba tlhaho. Phihlelo e bontšitse hore motho e moholo ea joalo a ka ba a ’na a hleka-hleka bana ba bang. Ke ’nete hore hase mohleka-hleki e mong le e mong oa bana ea phetang sebe seo, empa ba bangata baa ho etsa. ’Me phutheho e ke ke ea bona se ka pelong ho tseba hore na ke mang ea ka ’nang a hleka-hleka bana hape le hore na ke mang ea ke keng a hlola a pheta. (Jeremia 17:9) Ka hona, keletso ea Pauluse ho Timothea e sebetsa ka matla a khethehileng tabeng ea batho ba hōlileng ba kolobelitsoeng, ba hleka-hlekileng bana: “Le ka mohla u se ke ua beha matsoho a hao ka potlako holim’a monna leha e le ofe; hape u se ke ua ba le karolo libeng tsa ba bang.” (1 Timothea 5:22) Bakeng sa tšireletso ea bana ba rōna, monna ea tsejoang e kile ea e-ba mohleka-hleki oa bana ha a tšoanelehele boemo ba boikarabelo ka phuthehong. Ho feta moo, e ke ke ea e-ba pula-maliboho kapa a ba tšebeletsong e ’ngoe e itseng e khethehileng ea nako e tletseng.—Bapisa le molao-motheo o ho Exoda 21:28, 29.

Ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Na ba bang ha baa ka ba etsa mefuta e meng ea sebe ’me ba bonahala ba bakile, athe ba tla khutlela sebeng sa bona hape hamorao?’ E, seo se etsahetse, empa ho na le mabaka a mang a lokelang ho nahanoa. Ka mohlala, haeba motho a nka mehato ea ho hoka-hoka motho e mong e moholo ka boitšoaro bo bobe, motho eo ea hōlileng a ka khona ho hanela mehato eo. Ho bonolo haholo ho qhekella bana, ho ba ferekanya kapa ho ba tšosa. Bibele e bua ka ho hloka bohlale ha ngoana. (Liproverbia 22:15; 1 Bakorinthe 13:11) Jesu o ile a sebelisa bana e le mohlala oa ho hloka phihlelo ho se nang boikhakanyo. (Matheu 18:4; Luka 18:16, 17) Ho hloka phihlelo ha ngoana ho kopanyelletsa ho hloka tsebo ho feletseng. Bana ba bangata ba bua ka bolokolohi, ba thahasella ho thabisa, ’me ka hona, ba pepesehetse ho hleka-hlekoa ke motho e moholo ea rerileng bolotsana, eo ba mo tsebang le eo ba mo tšepang. Ka hona, phutheho e na le boikarabelo ka pel’a Jehova ba ho sireletsa bana ba eona.

Bana ba koetlisitsoeng hantle ba tseba ho mamela le ho hlompha batsoali ba bona, baholo le batho ba bang ba baholo. (Baefese 6:1, 2; 1 Timothea 5:1, 2; Baheberu 13:7) E ne e tla ba boitšoaro bo nyarosang haeba e mong oa batho bana ba baholo a ne a ka sebelisa hampe tšepo eo e se nang phihlelo ea ngoana e le ho mo qeka kapa ho mo qobella hore a lumele liketso tsa likamano tsa botona le botšehali. Hangata ba ileng ba hleka-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali ka tsela ena ba loantšana le ho hlōla ho sithabela ha maikutlo ka lilemo tse ngata. Ka hona, mohleka-hleki oa bana o lokeloa ke khalemelo e matla ea phutheho le lithibelo. Ha hoa lokela hore ho amehoe ka boemo ba hae, empa, ho e-na le hoo, ke ho loketseng ho ameha ka ho hloeka ho se nang sekoli ha phutheho.—1 Bakorinthe 5:6; 2 Petrose 3:14.

Haeba mohleka-hleki oa bana a baka kannete, o tla hlokomela bohlale ba ho sebelisa melao-motheo ea Bibele. Haeba ka sebele a ithuta ho nyonya se khopo, o tla nyatsa seo a se entseng ’me a loanele ho qoba ho pheta sebe seo sa hae. (Liproverbia 8:13; Baroma 12:9) Ho feta moo, ka sebele o tla leboha Jehova ka boholo ba lerato la Hae, leo ka lebaka la lona moetsalibe ea bakileng, joaloka eena, a ntseng a ka rapela Molimo oa rōna ea halalelang ’me a ba le tšepo ea ho ba har’a “ba lokileng” ba tla aha lefatšeng ka ho sa feleng.—Liproverbia 2:21.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” tokollong ea May 1, 1996, ea Molula-Qhooa.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 28]

Le hoja Jehova a tšoarela baetsalibe ba bakang, ho ka ’na ha e-ba le liphello tse ke keng tsa qojoa tsa liketso tsa bona

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela