Ho Ata ha Bofandamenthale
MASHOMENG a lilemo a seng makae a fetileng, mokhatlo oa bofandamenthale e ne e le oa batho ba seng bakae feela ka har’a Boprostanta. Lintho li fetohile hakaakang! Bruce B. Lawrence, mongoli oa litaba tsa bolumeli, o ile a ngola hore lilemong tse 30 tse fetileng, ke ba seng bakae feela ba neng ba ka be ba ile ba bona esale pele hore qetellong ea lekholo la bo20 la lilemo, bofandamenthalea e ne e tla ba taba ea bohlokoa esita le e tletsa-tletseng hakana mecheng ea litaba le lipatlisisong tsa univesithi.
Empa, ho etsahetse sona seo. Litlaleho tsa likoranta mabapi le lipontšo tsa seterateng tse mabifi, lipolao, mekhatlo e khahlanong le ho ntšoa ha limpa, maqheka a bopolotiki a etsoang ke lihlopha tsa bolumeli tse finyellang lipakane tsa tsona ka ho sebelisa khatello le litetema tsa mollo tse etsoang phatlalatsa ka libuka tseo ho nkoang hore lia nyefola, ke likhopotso tse sa khaotseng tsa liketso tsa bafandamenthale. Koranta ea Italy ea beke le beke ea litaba tsa lichelete Mondo Economico e ile ea bolela hore hoo e ka bang hohle bofandamenthale bo “tsoela pele ho hlasela ka mabifi ka lebitso la Molimo.”
Bafandamenthale hangata ho bontšoa hore ke ba fetelletsang litaba le ba chesehang ka ho feteletseng, ba rerang merero ea bolotsana le ba etsang litlhaselo tsa bokhukhuni. Batho ba nyarosoa ke khōlo ea lihlopha tse joaloka Comunione e Liberazione e ka har’a Roma e K’hatholike, Gush Emunim e ka har’a Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda le Mokhatlo oa Bakreste o ka har’a Boprostanta ba Amerika Leboea. Ke hobane’ng ha bofandamenthale bo ata? Bo susumetsoa ke eng? Na ebe ke “phetetso ea Molimo,” joalokaha seithuti sa kahisano sa Lefora Gilles Kepel se bontša?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mofandamenthale ke ea khomarelang ka matla litekanyetso tsa bolumeli tsa lineano, tsa boholo-holo. Moelelo oa “bofandamenthale” o tla hlahlojoa ka botlalo haholoanyane sehloohong se latelang.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]
Nina Berman/Sipa Press