Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 20: lekholong la bo19 la lilemo ho ea pele—Tsosoloso e Haufi!
“Tsela e molemohali ea ho bona leseli la Molimo ke ho tima kerese ea hao.”—Thomas Fuller, Ngaka le mongoli oa Lenyesemane (1654-1734)
LEKHOLO la bo19 la lilemo le ’nile la bitsoa nako eo batho ba tletseng sehlahlo ka ho fetisisa historing ea Bokreste, ho tloha lekholong la pele la lilemo ho fihlela lilemong tsa Nchafatso. Mabaka a temoho e eketsehang le mosebetsi oa bolumeli a mangata ’me a fapane.
Mongoli Kenneth S. Latourette o thathamisa mabaka a 13 a loketseng, e leng ao a mang a ’ona ho ileng ha buisanoa ka ’ona litokollong tse fetileng tsa makasine ona. O bolela hore “ha ho neng kapa neng nakong e khutšoanyane hakana mokhatlo oa batho o fetohileng ka ho tebileng hakana le hona ka litsela tse fapaneng hakana.”
United States, tsosoloso ea bolumeli e ne e hlakile. Ka mohlala, lenane la litho tsa kereke le ile la eketseha ho tloha karolong e nyenyane ho feta ea 10 lekholong ea baahi qalong ea lekholo la lilemo ho fihla ho e ka bang 40 lekholong bofelong ba lona. Likolo tsa Sontaha—li ile tsa simolla Engelane ka 1780—li ile tsa eketseha. Lebaka la sena ebile hore, ho fapana le Europe, karohano ea Kereke le ’Muso United States e ile ea thibela litaelo tsa bolumeli likolong tsa sechaba. Ho phaella moo, lik’holeche tse ngata tsa bolumeli le mekhatlo ea Bibele li ile tsa theoa, ’me karolong ea pele ea lekholo la lilemo, bonyane likolo tsa bolumeli tse 25 li ne li theiloe United States.
Ho sa le joalo, lefatšeng lohle, Boprotestanta bo ne bo na le khopolo ea boromuoa. William Carey, molokisi oa lieta le tichere oa Brithani, o ile a etella pele ka 1792 ho hatisa buka An Enquiry Into the Obligations of Christians to Use Means for the Conversion of the Heathens. Ha Carey le metsoalle ea hae ba ntse ba sebetsa India e le baromuoa, ba ile ba fetolela Bibele eohle kapa karolo ea eona ka lipuo tse fetang 40 tsa India tse 13 tsa Asia. Mosebetsi oo baromuoa bana ba boholo-holo ba o entseng mabapi le ho aba Libibele oa babatseha.
Mahlale a macha a ho epolloa ha Bibele a ile a amoheloa lekholong la ho qetela la lilemo. Ka 1799 masole a Fora a ile a sibolla lejoe le letšo la basalt Egepeta leo hona joale le bitsoang lejoe la Rosetta. Le ne le e-na le mengolo e tšoanang e ngotsoeng ka makhetlo a mararo, ka makhetlo a mabeli ka mongolo oa boholo-holo oa Egepeta le hanngoe ka Segerike. Ka hona le ipakile e le la bohlokoa ho tšoantšetsa mongolo oa boholo-holo oa Egepeta. Kapele ka mor’a moo mongolo oa Assyria o ile oa fetoleloa ho o ka ngoloang. Ha ho epolloa ho simolla Assyria le Egepeta kapa kapele ka mor’a moo, bopaki bo epollotsoeng bo ile ba utloisisoa ka tsela e ncha. Litlaleho tse ngata tsa Bibele li ile tsa tiisoa ho isa lintlheng tse nyenyane tse qaqileng.
Ho Bonesa Likerese Tsa Bona
Ha thahasello ea bolumeli e ntse e eketseha, lenane la bao e neng e tla ba batsosolosi le lona le ile la eketseha. Leha ho le joalo, ho ne ho hlakile hore hase bohle ba tšepahalang. Mongoli ea boletsoeng pelenyana Kenneth S. Latourette ka botšepehi o lumela hore likereke tse ling tsa bolumeli bo bocha “li hlahisitse bora, ntoa, le takatso ea ho ipatla ka pele.” Empa batsosolosi ba neng ba khantšitse likerese tsa takatso ea bona ea botho ba ne ba ke ke ba lebella ho ba khetho ea Molimo bakeng sa ho tsosolosa borapeli ba ’nete.
Har’a khanya ena e ferekanyang ea likerese tsa botho, monahano oa bolumeli o ile oa ferekanngoa. Ho hlahlojoa ha Bibele ka boikutlo ba ho nyatsa ho ngoloa ha eona, hoo haholo-holo e leng sehlahisoa sa liunivesithi tsa Jeremane, ho ile ha hlalosa Mangolo hape leseling la linnete “tse tsoetseng pele” tsa mahlale. Batho ba nyatsang ba ile ba talima Bibele e le tlaleho ea phihlelo ea litlaleho tsa bolumeli tsa Bajode. Matla a hore Bibele ke ea bohlokoa ho lekanyetsa tsela ea pholoho a ile ea belaelloa, hammoho le bohlale ba litekanyetso tsa boitšoaro tseo e li buellang.
Tlhahlobo ena e nyatsang ho ngoloa ha Bibele ea fumana tšehetso, haholo-holo har’a baruti ba Protestanta. Ho ea ka tlaleho e ’ngoe, ho ea bofelong ba 1897 ho ne ho se lefapha leha le le leng la liunivesithi tsa Maprotestanta tse 20 Jeremane le neng le amohela pono ea moetlo ka bongoli ba Pentateuch kapa buka ea Esaia.
Lilemo tse ’maloa hamorao, ka 1902, ho ile ha hlaha tsekisano e khōlō khahlanong le tlhahlobo ena e nyatsang Sebokeng se Akaretsang sa Likereke tsa Presbetheri Scotland. Edinburgh Evening News e tlalehile: “Ho ea ka batho ba etsang liphuputso tse nyatsang, . . . Bibele ke pokello ea litšōmo, e leng moo moruti a ka nkang litemana tse ’maloa joalokaha seithuti sa boitšoaro bo botle se ka ’na sa nka litemana tse ’maloa lithutong tsa Æsop’s Fables.” Leha ho le joalo, koranta e ile ea hlokomela: “Ba sebetsang hase lithoto. Ba ke ke ba ea kerekeng ho mamela banna bao ka bobona ba ferekaneng kelellong.”
Sehlooho sa bobeli matsatsi a ’maloa hamorao sona se ne se tobile haholoanyane, se ile sa tlaleha: “Ha ho na molemo oa ho ferekanya litaba. Kereke ea Protestanta ke boikaketsi bo hlophisitsoeng, ’me baeta-pele ba bona ke baikaketsi ba fetelletseng. Ha e le hantle haeba mongoli oa ‘Age of Reason’ a ne a phela kajeno o ne a ke ke a songoa ka hore ke Tom Paine, oa mohetene, empa o ne a tla bitsoa Moruti Thomas Paine, D. D., Moprofesa oa Seheberu le Testamente ea Khale Exegesis, U[nited] F[ree] College, Glasgow. O ne a ke ke a thatafalloa ho ruta a le sethaleng sa Boprotestanta . . . [le] ho fumana moputso o mongata e le moprofesa oa bolumeli.”
Karabelo ea Bolumeli
Ho tloha qalong ea bona, Boprotestanta bo ile ba hatella tšokoloho ea botho le phihlelo ea Bokreste, bo ile ba itšetleha haholo ka Mangolo, le ho nyatsa lisakramente le moetlo.
Ka bo-1830 le bo-1840, Baevangeli ba bangata ba Protestanta ba ile ba qala ho bolela ka ho tla ha Kreste lekhetlo la bobeli ho haufi le ho qaleha ha Lilemo tse Sekete. William Miller, eo e neng e le rapolasi oa New York, o ile a nahana hore ho tla ha bobeli ho ka ’na ha etsahala ka 1843. Mokha ona oa lilemo tse sekete o ile oa thusa ho rala motheo oa mokha o tsebahalang le o mabifi oa Boevangeli oo hamorao o ileng oa tsebahala e le Mokha oa Boprotestanta o tsitlallela hore litemana tsa Bibele li hlalosoe joalokaha li le joalo (Fundamentalism).
Mokha ona oa Boprotestanta ebile haholo karabelo ea bolumeli mabapi le litlhahlobo tsena tse nyatsang ho ngoloa ha Bibele, monahano oa boitaolo, khethollo, le boitšoaro bo hlephileng boo Boprotestanta bo ileng ba o khothalletsa. Hamorao o ile oa fumana lebitso la ’ona letotong la mesebetsi e 12 e nang le sehlooho The Fundamentals, e hatisitsoeng ho tloha ka 1909 ho fihlela ka 1912 ke Mokhatlo oa Bibele oa Moody.
Mokha ona oa Boprotestanta haholo United States, o ile oa tsebahala haholo ka ho sebelisa se-ea-le-moea le baruti ba TV, mekhatlo ea ’ona ea Bibele, le liboka tsa eona tse tsebahalang le tse tsosang maikutlo. Leha ho le joalo, haufinyane botumo ba eona bo sentsoe ke tšebeliso e mpe ea chelete le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali har’a baetapele ba bang ba ’ona ba tsebahalang. O boetse oa nyatsoa bakeng sa mosebetsi oa ’ona o eketsehileng oa lipolotiki, haholo-holo haesale Moral Majority, e theiloeng ka 1979, e felisoa.
Mokha ona oa Boprotestanta le hoja o bolela hore o sireletsa Bibele, o boetse o nyenyefatsa matla a eona. Tsela e ’ngoe eo o entseng sena ka eona ke ho hlalosa litemana tsa Bibele joalokaha li le joalo, tseo ka ho hlakileng li sa lokelang ho nkuoa joalokaha li le joalo. Mohlala oa sena ke ho bolela hore ho ea ka tlaleho ea Genese, lefatše le bōpiloe ka matsatsi a tšeletseng a lihora tsa sebele tse 24. Ka ho hlakileng ana e ne e le matsatsi a tšoantšetso a nako e telele. (Bapisa Genese 2:3, 4; 2 Petrose 3:8.) Litsela tse ling tseo mokha ona oa Boprotestanta o nyenyefatsang Bibele ka eona ke ho ruta lithuto tseo e seng tsa mangolo, tse joaloka tlhokofatso ea mollo oa lihele ka ho sa feleng, ’me ka linako tse ling ka ho hōlisa litekanyetso tsa boitšoaro tseo e seng tsa Mangolo, joaloka ho thibela ho noa joala kapa litlolo tsa ho ikhabisa tsa basali. Ka litsela tsena mokha ona oa Boprotestanta o entse hore batho ba latole molaetsa oa Bibele ’me ba o nke e le tšōmo, ntho e sa utloahaleng, le e bothoto.
Nako
Ka ho hlakileng, ho ne ho hlokahala tsosoloso bakeng sa borapeli ba ’nete! Ho joalokaha Moeklesia 3:1 e bolela: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e na le sebaka sa eona.”
Morao lekholong la pele la lilemo, Jesu o ile a tsosolosa borapeli ba nete ka mokhoa oa Bokreste. Leha ho le joalo, o ile a profeta hore ho ne ho tla ba le bokoenehi. O itse Bakreste ba ’nete, joaloka koro, le Bokreste ba bohata, joaloka mofoka, ba ne ba tla ‘hōla hammoho, ho be ho fihle kotulo.’ Nakong eo, mangeloi a ne a tla ‘tlama mofoka mangata . . . a o chese,’ ha Bakreste ba ’nete ba ne ba tla bokelloa mohaung oa Molimo. (Mattheu 13:24-30, 37-43) Karolong e qetellang ea lekholo la bo19 la lilemo, nako e khethiloeng bakeng sa tsosoloso ea borapeli bona ba ’nete e ne e le haufi.
Charles Taze Russell o ile a hlahela Pittsburgh, Pennsylvania, ka 1852, esita leha e ntse e le ngoana, o ile a bontša thahasello e khōlō Bibeleng. Lilemong tsa hae tsa bo20, o ile a tlosa mohopolo oa hae khoebong ea lelapa ’me a qeta nako ea hae eohle boboleling. Ka 1916, ha a ne a e-shoa a le lilemo li 64, ho tlalehoa hore o ne a boletse melaetsa ea Bibele e fetang 30 000 ’me a ngola libuka tse nang le maqephe a fetang 50 000.
Le hoja a ile a hopola mosebetsi o babatsehang oo ba bang ba o entseng bakeng sa ho ntšetsa pele Bibele, Russell o ile a hlokomela hore ho fetolela Bibele, ho e hatisa le ho e aba ho ne ho sa lekana. Ka hona ka 1879 o ile a qalisa ho hatisa makasine oo kajeno o tsejoang e le Molula-Qhooa. Tokollo ea pele ea ’ona e ile ea bolela: “Re sekametse haholo ho botsa, Kereke ea ka e reng ka potso leha e le efe, ho ena le hore Mangolo a Re’ng? Thuto e ngata haholo ea bolumeli e ithutiloeng le Bibele ha lia lekana. Joale ka khopolo ea hore ‘Mangolo a tseba ho re hlalefisa,’ le ‘hore lipolelo tsa Morena ke tsa ’nete ho hlalefisa ba bonolo,’ a re hlahlobeng.”
Kajeno, o qetile lilemo tse 110 ntle le hore khatiso ea ’ona e fetisoe, Molula-Qhooa (oo hona joale o hatisoang ka lipuo tse 106 o abuoang ho feta likopi tse limillione tse 13 tokollo ka ’ngoe) o tsoela pele ho hlahloba Lentsoe la Molimo. Batho ba limillione ba ithutile ho ananela thuso eo o fanang ka eona bakeng sa ho ithuta, kutloisiso, ho sebelisa seo Bibele e se rutang.
Russell o ne a sa tšoane le metsoalle ea hae e mengata ea batsosolosi ka tsela ea hore o ne a sa rute ka Molimo ka tsela e khethehileng, kapa leha e le hore o ile a ikhohomosa ka lipono kapa litšenolo kapa hona ho sibolla melaetsa e atlehileng ka mokhoa oa libuka kapa ka tsela e ’ngoe, ’me ha ho le ka mohla a kileng a bolela hore o tseba ho folisa batho. Ho feta moo, haa ka a bolela hore o tseba ho hlalosa Bibele. Joaloka kofuto e mafolofolo matsohong a Molimo, o ile a hanela liteko tsa ho lumella “kerese ea hae” ho khanya ho feta leseli la Molimo.
“Ho e-na le ho hlompha mosebeletsi oa eona, ’nete ke eona e lokelang ho hlomphuoa le ho boleloa,” ho ngotse Russell ka 1900, ’me a eketsa ka ho re: “Ho na le boikutlo bo matla ba ho babatsa moruti ka hore o bolela ’nete, ho lebaloa hore ’nete eohle ke ea Molimo, o sebelisang motho kapa mosebeletsi e mong ho e tsebahatsa hore e mo thabise.” Lena ke lona lebaka le leholo le etsang hore bangoli le bafetoleli ba litokollo tsa Watch Tower, esita le litho tsa Komiti ea New World Bible Translation, li khethe hore li lule li sa tsejoe.
Morena oa Molimo o Beoa Teroneng!
Lekholong la pele la lilemo, Johanne Mokolobetsi o ile a tsebisa ka ponahalo e haufi ea Jesu e le Morena oa Molimo ea khethiloeng. Lekholong la bo19 la lilemo, nako e ne e fihlile ea ho tsebahatsa ponahalo e haufi ea Morena ea leng matleng a leholimo. Ka ho loketseng, tokollo ea eona ea March 1880, Zion’s Watch Tower e ile ea bolela: “‘Mehla ea Balichaba’ e tla fela ka 1914, ’me ’muso oa leholimo o ne o e-s’o ka o hlongoa ka ho felletseng ho fihlela nakong eo.”
Ka hona, sehlopha seo kajeno se tsejoang e le Lipaki tsa Jehova se ile sa tsebahatsa makholo a lilemo esale pele hore selemo sa 1914 se tla tšoaea ho qaleha ha ’Muso oa Molimo. Ho beoa ha Morena oa Molimo teroneng ebile mohato oa bohlokoa mabapi le ho tima lebone la bolumeli ba bohata, e le hore le se hlole le sitisa leseli la bomolimo.
Ho ea bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, Bokreste-’mōtoana bo ne se na liaparo tsa ho itsebahatsa e le mohlanka oa Molimo. Bo sebelelitse ho lahloa ke Molimo. Nako ea kahlolo ea bona e ne e atamela. Ithute se eketsehileng ka sena sehloohong se latelang.
[Lebokose le leqepheng la 23]
Lintho e Ling “Tse Fihlileng Morao” Litholoana Tsa Tsosoloso
Church of Christ, Scientist: Hangata mokha ona oa bolumeli o tsejoa e le Christian Science. O theiloe ka 1879 ke Mary Baker Eddy, ea neng a amehile haholo ka bophelo bo botle. O tlaleha hore o ile a hlaphoheloa kapele-pele kotsing e tšabehang ka 1866 e mo nolofalelitseng hore a sibolle melao-motheo e nolofalelitseng Jesu ho tseba ho folisa bakuli le ho tsosa bafu. Buka ea hae ea 1875 Science and Health With Key to the Scriptures e ruta hore moea o matla ho feta ’mele, hore sebe, bohloko, lefu le lintho tse ling tse mpe ke lintho tse ka hlōloang ke tsebo ea ’nete le monahano o motle tumellanong le Kelello, se bolelang Molimo.
Disciples of Christ: Kereke ena e ile ea theoa ka 1832 ke Mapresbetheri a Amerika a nang le mohopolo oa tsosoloso. Lepetjo la bona e bile: “Moo Mangolo a buang teng, rea bua; moo Mangolo a thōtseng teng, rea thōla.” Mosebetsi o mong oa litšupiso o e [Disciples of Christ] hlalositse e le “ba lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe litabeng tsa mangolo le tsa bolumeli.” Litho li lumelletse lipolotiki ho li arohanya ka ho tebileng nakong ea Ntoa ea Baahi ea U.S. Ka 1970 ho ne ho e-na le mekha e 118, ho kopanyelletsa le Likereke tsa Kreste tse theiloeng ka 1906.
Salvation Army: William Booth o ile a thea sehlopha sena sa bolumeli se ileng sa hlophisoa ka tsela ea sesole. Booth o ile a kenela tšebeletsong ea Methodist lilemong tsa hae tsa bo20 ’me ea eba moevangeli ea ipusang ka 1861. Eena le mosali oa hae ba ile ba thea mokha oa boboleli har’a mafutsana a East End ea London. Lebitso la sehlopha sena le ile la fetoha ka 1878 ho tloha ho Christian Mission ho ba Salvation Army. Salvation Army e batla “ho pholosa meea” ka ho fana ka thuso e khethehileng ho batho ba hlokang matlo, ba lapileng, ba tšoeroeng hampe, le ba haelloang ke menyetla.
Seventh-Day Adventists: Ona ke mokha o moholohali oa mekha ea Adventist e ka bang 200. Lebitso la ’ona le theiloe tumelong ea ho tla lekhetlo la bobeli ha Kreste. Maadventist a hlaha mokheng oa moruti oa Baptist William Miller oa bo-1840. Ho sa ntse ho rutoa Melao e Leshome ka matla, Maseventh-Day Adventist a ne a boloka sabbatha ea sebele ea Moqebelo. Litho tse ling li sa ntse li amahanya pululelo ea Bibele le mangolo a Ellen Gould White, e mong oa baetapele ba ’ona ea neng a e-na le tšusumetso e khōlō, ea bolelang hore o ile a fumana letoto la litšenolo tsa Molimo.
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Lejoe la Rosetta le ile la thusa ho matlafatsa ’nete ea Bibele
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Ka Tumello ea Trustees of the British Museum