Bofandamenthale—Ke Eng?
BOFANDAMENTHALE bo qalile hokae? Qetellong ea lekholo le fetileng la lilemo, baruti ba thuto ea bolumeli ba amohelang likhopolo tse ncha ba ile ba fetola litumelo tsa bona ho li lumellanya le tsa tlhahlobisiso e phahameng ea Bibele le likhopolo tsa saense, tse kang ea ho iphetola ha lintho. Ka lebaka leo, tšepo ea batho Bibeleng e ile ea sisinyeha. Baeta-pele ba bolumeli ba khomarelang lineano United States ba ile ba arabela ka ho theha seo ba ileng ba se bitsa metheo ea tumelo.a Mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, ba ile ba phatlalatsa tlhahlobo ea metheo ena letotong la meqolo eo sehlooho sa eona se reng The Fundamentals: A Testimony to the Truth. Sehloohong sena ho ile ha tsoa lentsoe “bofandamenthale.”
Halofong ea pele ea lekholo la bo20 la lilemo, bofandamenthale e ile ea e-ba sehlooho sa litaba nako le nako. Ka mohlala, ka 1925, bafandamenthale ba bolumeli ba ile ba qosa tichere e bitsoang John Scopes ea Tennessee, U.S.A., lekhotleng ho se ileng sa tsebahala e le nyeoe ea Scopes. O ne a tlōtse molao ofe? O ne a ruta khopolo ea ho iphetola ha lintho, ’me seo se ne se le khahlanong le molao oa naha. Mehleng eo, ba bang ba ne ba lumela hore bofandamenthale bo ne bo tla ba teng ka nako e khutšoanyane. Ka 1926, Christian Century, e leng makasine ea Maprostanta, e ile ea bolela hore e ne e le ntho ea “lefeela le ea maiketsetso” ’me “ka ho feletseng bo se na litšoaneleho tsa ho finyella se molemo kapa tsa ho tšoarella.” E ne e le tekanyetso e fosahetseng hakaakang!
Ho tloha ka bo-1970, bofandamenthale bo ’nile ba hlaha litabeng bo sa khaotse. Moprofesa Miroslav Volf, oa Fuller Theological Seminary, California, U.S.A., o re: “Bofandamenthale ha boa tšoarella feela, empa hape bo atlehile.” Kajeno, lentsoe “bofandamenthale” ha le sebetse feela mekhatlong ea Boprostanta empa le boetse le sebetsa ho ea malumeli a mang, a kang Bok’hatholike, Boislam, Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda le Bohindu.
Ke Khanyetso ea Mehla ea Rōna
Ke hobane’ng ha bofandamenthale bo ata? Ba etsang liphuputso ka bona, bonyane ka tekanyo e itseng ba bo amahanya le ho se tšepahale boitšoarong le bolumeling ha mehleng ea rōna. Lilemong tsa pejana lichaba tse ngata li ne li phela tikolohong ea ho tšepahala boitšoarong ho thehiloeng litumelong tsa neano. Hona joale litumelo tseo lia belaelloa kapa lia hanoa. Litsebi tse ngata li tiisa hore ha ho na Molimo le hore motho o mong bokahohleng bo iphapantseng. Bo-rasaense ba bangata ba ruta hore moloko oa batho o bile teng ka ho iphetola ha lintho ho etsahetseng ka tsietsi, eseng ka liketso tsa ’Mōpi ea lerato. Monahano oa ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe oa ata. Lefatše le hlasetsoe ke ho hloka litekanyetso tsa boitšoaro maemong ’ohle a sechaba.—2 Timothea 3:4, 5, 13.
Bafandamenthale ba hlolohetsoe botšepehi ba khale, ’me ba bang ba bona ba leka ka matla ho etsa hore batho ba metseng ea bona le lichaba ba khutlele ho seo ba nahanang hore ke metheo e loketseng ea boitšoaro le ea thuto ea bolumeli. Ba etsa sohle se matleng a bona ho qobella ba bang ho phela tumellanong le tekanyetso ea boitšoaro e “nepahetseng” le tokisetso ea litumelo tsa thuto ea bolumeli. Mofandamenthale o kholisehile ka ho feletseng hore o nepile ’me ba bang ba fositse. Moprofesa James Barr, bukeng ea hae ea Fundamentalism, o bolela hore bofandamenthale “hangata bo nkoa e le lentsoe la ho hloka botsoalle le le nyelisang, le bontšang ho se amohele likhopolo tse ncha, khethollo, ho hanyetsa ho hasoa ha tsebo le leeme.”
Kaha ha ho ea ratang hore ho thoe ke ea sa amoheleng likhopolo tse ncha, ea khethollang kapa ea leeme, hase bohle ba lumellanang tabeng ea hore na ke mang eo e leng mofandamenthale le hore na ke mang eo e seng eena. Leha ho le joalo, ho na le litšobotsi tse itseng tse khethollang bofandamenthale ba bolumeli.
Ho Khetholla Mofandamenthale
Bofandamenthale ba bolumeli hangata ke boiteko ba ho se fetole seo ho lumeloang hore ke lineano tsa pele kapa litumelo tsa bolumeli tsa mokhoa o itseng oa bophelo, le ba ho hanyetsa seo ho utloisisoang hore ke moea oa lefatše oo e seng oa bolumeli. Hoo ha ho bolele hore bafandamenthale ba hanyetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea kajeno. Ba bang ba sebelisa mecha ea puisano ea kajeno ka katleho e khōlō ho khothalletsa pono ea bona. Empa ba khahlanong le hore sechaba se kenngoe bolefatše.b
Bafandamenthale ba bang ha baa ikemisetsa feela ho phela tumellanong le lithuto tsa neano kapa tsela ea bophelo ea neano empa ba ikemiselitse ho li qobella ba bang, ho fetola litsamaiso tsa batho e le hore li lumellane le litumelo tsa bafandamenthale. Ka lebaka leo, mofandamenthale oa Mok’hatholike a ke ke a fella feela ka ho hanyetsa ho ntšoa ha limpa. A ka ’na a hatella baetsi ba melao ea naha ea habo ho buella melao e etsang hore ho ntšoa ha limpa e be tlōlo ea molao. Ho latela koranta ea La Repubblica, Kereke e K’hatholike e ile ea fehla “‘ntoa’ eo ho eona e ileng ea sebelisa matla a eona ’ohle le tšusumetso ea eona eohle,” e le hore e ka etsa hore ho fetisoe molao o khahlanong le ho ntšoa ha limpa, Poland. Ka ho etsa joalo, ba nang le matla a ho laela kerekeng ba ne ba sebetsa haholo joaloka bafandamenthale. Mokhatlo oa Bakreste oa Boprostanta o United States o loana “lintoa” tse tšoanang.
Bafandamenthale ba khethehile ka hohle-hohle ka litumelo tsa bona tsa bolumeli tse metseng ka metso. Kahoo, mofandamenthale oa Moprostanta e tla ba ’muelli ea kholisehileng oa tlhaloso e sa tolokoeng ea Bibele, mohlomong ho akarelletsa le tumelo ea hore lefatše le ile la bōptjoa ka matsatsi a tšeletseng a sebele. Mofandamenthale oa Mok’hatholike ha a na lipelaelo mabapi le ho se fose ha mopapa.
Joale, hoa utloahala hore na ke hobane’ng ha lentsoe “bofandamenthale” le susumetsa maikutlo a cheseho e feteletseng e se nang mabaka le hore na ke hobane’ng ha bao e seng bafandamenthale ba tšoenyehile ha ba bona bofandamenthale bo ata. Re le batho ka bomong, re ka ’na ra se lumellane le bafandamenthale ’me ra tšosoa ke mehato ea bona ea bopolotiki le liketso tsa bona tseo ka linako tse ling li leng mabifi. Ka sebele, bafandamenthale ba bolumeli bo bong ba ka ’na ba tšosoa ke liketso tsa ba bolumeli bo bong! Ho ntse ho le joalo, batho ba bangata ba inahanang, ba amehile ka lintho tse susumetsang khōlo ea bofandamenthale—ho ata ha boitšoaro bo hlephileng, ho hloka tumelo le ho qhelela bomoea ka thōko bathong ba kajeno.
Na bofandamenthale ke bona feela karabelo mekhoeng ee? Haeba ha ho joalo, karabelo e ’ngoe ke efe?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Seo ho thoeng ke Lintlha tse Hlano tsa Bofandamenthale, tse ileng tsa hlalosoa ka 1895, e ne e le “(1) ho bululeloa ho feletseng le ho se fose ha Mangolo; (2) bomolimo ba Jesu Kreste; (3) ho tsoaloa ha Kreste ke moroetsana; (4) ho shoa ha Kreste lefu la thekollo sefapanong; (5) tsoho ea Kreste ka ’mele oa nama le ho tla ha hae lefatšeng ka lekhetlo la bobeli e le motho oa nama.”—Studi di teologia (Lithuto tsa Bolumeli).
b “Ho fetoha oa lefatše” ho bolela ho etelletsa pele lintho tsa lefatše, e leng se hanyetsanang le lintho tsa moea kapa tse halalelang. Ba lefatše ha ba re letho ka bolumeli kapa ka litumelo tsa bolumeli.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Ka 1926 makasine ea Maprostanta, e ile ea hlalosa bofandamenthale e le ntho ea “lefeela le ea maiketsetso” ’me “ka ho feletseng bo se na litšoaneleho tsa ho finyella se molemo kapa tsa ho tšoarella”