Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 3/1 maq. 6-7
  • Tsela e Molemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela e Molemo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefatše le Nang le Litekanyetso Tse Tiileng
  • Bofandamenthale—Ke Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • ’Muso o Tla Khomarela Melao ea Molimo ea Boitšoaro
    Tsoha!—2003
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova Li se Lumelang?
    Ke Eng Seo Lipaki Tsa Jehova li se Lumelang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 3/1 maq. 6-7

Tsela e Molemo

LIPAKI TSA JEHOVA li amehile ka ho theoha ha bomoea lefatšeng le boitšoaro bo bobe le ho se tšepahale ha bolumeli tse jeleng setsi bathong. Ka lebaka leo, ka linako tse ling ho thoe ke bafandamenthale. Empa na ho joalo? Che. Le hoja li e-na le litumelo tse matla tsa bolumeli, hase bafandamenthale ka kutloisiso eo lentsoe lena le seng le sebelisoa ka eona. Ha li hatelle baeta-pele ba lipolotiki ho buella pono e itseng, ’me ha li retelehele mekolokong ea boipelaetso le pefong khahlanong le bao li sa lumellaneng le bona. Li fumane tsela e molemo. Li etsisa Moeta-pele oa tsona, Jesu Kreste.

Lipaki tsa Jehova li kholisehile hore ’nete ea bolumeli e teng, hore e fumanoa ka Bibeleng. (Johanne 8:32; 17:17) Empa Bibele e ruta Bakreste ho ba mosa, molemo, bonolo le ho lekanyetsa lintho hantle—e leng litšoaneleho tse sa lumelleng cheseho e feteletseng. (Bagalata 5:22, 23; Bafilippi 4:5) Bukeng ea Bibele ea Jakobo, Bakreste ba khothalletsoa ho hlaolela “bohlale bo tsoang holimo,” bo hlalosoang e le boo ‘pele ho tsohle bo hloekileng, bo ntan’o ba le khotso, kahlolo e molemo, ho itokisetsa ho mamela, ho tlala mohau le litholoana tse molemo.’ Jakobo o ile a eketsa: “Litholoana tsa ho loka peō ea tsona e jaloa tlas’a maemo a khotso bakeng sa ba etsang khotso.”—Jakobo 3:17, 18.

Lipaki tsa Jehova li hopola hore Jesu o ne a amehile haholo ka ’nete. O ile a bolella Ponse Pilato: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete.” (Johanne 18:37) Le hoja e ne e le ’muelli oa ’nete ea sebete, ha aa ka a batla ho qobella ba bang ho lumela litumelo tsa hae. Ho e-na le hoo, o ne a ipiletsa likelellong le lipelong tsa bona. O ne a tseba hore Ntate oa hae oa leholimo, Molimo ea ‘molemo ea bileng a lokileng,’ o ne a tla etsa qeto ea hore na bohata le ho hloka toka li tla felisoa joang hona neng holim’a lefatše. (Pesaleme ea 25:8, NW) Kahoo, ha aa ka a batla ho hatella ba neng ba sa lumellane le eena. Ho e-na le hoo, e ne e le baeta-pele ba bolumeli ba bahatelli ba mehleng ea hae ba neng ba leka ho hatella Jesu.—Johanne 19:5, 6.

Lipaki tsa Jehova li kholisehile ka matla mabapi le lithuto tsa bolumeli, ’me li bontša litekanyetso tsa boleng bo phahameng boitšoarong. Joaloka moapostola Pauluse, li kholisehile hore “Morena o mong, tumelo e ’ngoe, kolobetso e ’ngoe.” (Baefese 4:5) Hape li tseba mantsoe a Jesu: “Heke e moqotetsane le tsela e patisane e isang bophelong, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.” (Matheu 7:13, 14) Ho ntse ho le joalo, ha li leke ho qobella ba bang ho latela seo li se lumelang. Ho e-na le hoo, li etsisa Pauluse ’me li “kōpa” bohle ba lakatsang ho ‘boelana le Molimo.’ (2 Bakorinthe 5:20) Ena ke tsela e molemo. Ke tsela ea Molimo.

Bofandamenthale ba bolumeli, ho ea kamoo lentsoe lena le sebelisoang kateng kajeno, bo fapane haholo. Bafandamenthale ba sebelisa mekhoa e mengata—ho akarelletsa le pefo—ho qobella batho ho boloka melao-motheo ea bona. Ka ho etsa joalo, e ba karolo e ka sehloohong ea tsamaiso ea lipolotiki. Leha ho le joalo, Jesu o itse balateli ba hae ‘ha ea lokela ho ba karolo ea lefatše.’ (Johanne 15:19; 17:16; Jakobo 4:4) Tumellanong le mantsoe ao, Lipaki tsa Jehova ka tieo li khomarela boemo ba ho se jele paate liphehisanong tsa lipolotiki. ’Me, joalokaha koranta ea Italy Fuoripagina e ile ea hlokomela, “ha li qobelle motho ofe kapa ofe ho etsa ntho efe kapa efe; e mong le e mong o lokolohile ho amohela kapa ho hana seo li se buang.” Phello ke efe? Molaetsa oa Bibele oa khotso oa Lipaki o khahla batho ba mefuta eohle, esita le bao e neng e le bafandamenthale.—Esaia 2:2, 3.

Lefatše le Nang le Litekanyetso Tse Tiileng

Lipaki li hlokomela hore batho ba ke ke ba rarolla mathata ao bafandamenthale ba tšoenyehileng ka ’ona. U ke ke ua qobella motho ho lumela ho Molimo kapa ho amohela seo uena u se lumelang. Ho nahana hore ntho e joalo e ka etsahala ho ile ha fella ka bobe bo fetisisang historing, bo kang Lintoa tsa Bolumeli, Makhotla a Otlang Bakhelohi a lilemo tse bohareng le “ho sokolloa” ha Maindia a Amerika. Leha ho le joalo, haeba u tšepa Molimo, u tla rata ho tlohella lintho matsohong a hae.

Ho latela Bibele, Molimo o behile moeli oa nako eo ka eona a lumellang batho ho tlōla melao ea hae ’me ka tsela eo ba baka mahlomola le bohloko. Nako eo e se e batla e felile. Hona joale, Jesu o busa e le Morena ’Musong oa Molimo oa leholimo, ’me haufinyane ’Muso oo o tla nka bohato ba ho tlosa mebuso ea batho ’me o nke boikarabelo ba ho busa moloko oa batho letsatsi le letsatsi. (Matheu 24:3-14; Tšenolo 11:15, 18) Phello e tla ba paradeise ea lefatše ka bophara eo ho eona khotso le ho loka li tla ata. Ka nako eo ho tla hlaka hore na Molimo oa ’nete o lokela ho rapeloa joang. “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Litekanyetso tsa ka ho sa feleng tse kang mosa o lerato, ’nete, toka le molemo li tla hlōla molemong oa moloko oohle oa batho o ikokobelitseng.

Mopesaleme a lebeletse nako eo ka tšepo, o re ka tsela ea lithothokiso: “Mohau le ’nete li teane, ho loka le khotso li akane; ’nete e mela lefatšeng, ’me ho loka ho talimile ho le maholimong. Efela, Jehova o tla nea lehlohonolo, naha ea rōna e ntše litholoana tsa eona. Ho loka ho tla tsamaea pel’a hae, ho re etsetse tsela mehlaleng ea hae.”—Pesaleme ea 85:10-13.

Kaha re ke ke ra fetola lefatše, joaloka batho ka bomong re ka hlaolela litekanyetso tsa bomolimo esita le kajeno. Kahoo, re ka leka ho ba batho ba mofuta oo Molimo a tla batla hore e be barapeli ba hae lefatšeng leo le lecha. Ka hona re tla ba har’a ba bonolo bao mopesaleme a buileng ka bona: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.” (Pesaleme ea 37:11) Molimo o tšehetsa le ho hlohonolofatsa ba etsang thato ea hae, ’me o tšepisa lintho tse hlollang bakeng sa bokamoso ba bona. Moapostola Johanne o itse: “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:17.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lipaki tsa Jehova li memela bohle ho ba le tsebo ea litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]

Lamp on pages 3, 4, 5, and 6: Printer’s Ornaments/by Carol Belanger Grafton/Dover Publications, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela