Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
“Leseli la Lōna a le Khanye ka Pel’a Batho”
THUTONG ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le leseli la lefatše.” O ile a tsoela pele ho ba phehella: “Leseli la lōna a le khanye ka pel’a batho, e le hore ba ka bona mesebetsi ea lōna e metle ’me ba tlotlisa Ntate oa lōna ea leng maholimong.”—Matheu 5:14-16.
Italy mesebetsi e metle ea Lipaki tsa Jehova e ’nile ea hlokomeloa. Ka mohlala, boitšoaro ba tsona bo botle ha li le likopanong tsa tsona tsa selemo le selemo bo tlisetsa Molimo thoriso joalokaha litlaleho tse latelang li tiisa:
▪ Ka lilemo tse ngata mosali e mong oa Terni, Italy, o ile a thusa morali oa hae ho sebetsa k’hefi e neng e le haufi le lebala la lipapali motseng oo. O re: “Ke ne ke hlokomela phapang e khōlō mahareng a batho ba tlang lipapaling tsa bolo le ba tlang likopanong tsa Lipaki tsa Jehova. Lipaki li ne li apara ka mokhoa o khabane, ’me li ne li tšepahala hape li hlompha. Ke ne ke atisa ho ipotsa hore na ke joang batho ba merabe e fapaneng ba neng ba ka tsoela pele hammoho hantle hakana.
“Ka letsatsi le leng Paki e ile ea nkemisa seterateng ’me ea mpotsa hore na ke tseba lebitso la Molimo. Ke ne ke sa le tsebe, ’me kaha ke ne ke tseba hore Lipaki tsa Jehova ke batho ba molemo, ke ile ka lumela hore e nketele. Ke ne ke e-na le lipotso ka boemo ba bafu, ’me e ile ea li araba ka Bibele. Kantle ho tikatiko, ke ile ka amohela thuto ea Bibele ’me libeke tse peli hamorao ke ile ka qala ho ea libokeng.
“Pele morali oa ka o ile a nkhanyetsa, empa boitšoaro ba ka le boikemisetso li ile tsa fetola boikutlo ba hae. Ke qalile ho ithuta likhoeling tse robong tse fetileng. Kajeno morali oa ka le monna oa hae ba bua hantle ka Lipaki tse tlang li reka k’hefing ea bona. Ha e le ’na, ke ile ka kolobetsoa kopanong hona lebaleng lena la lipapali.”
▪ Ka mor’a kopano ea Roseto degli Abruzzi, motsamaisi oa kampo ea boikhathollo o ile a re: “Ke hlokometse hore Lipaki tsa Jehova li tšepahala haholo ho sohle seo li se etsang. Bekeng e fetileng, ke bile le tse 40 kampong ea ka ea boikhathollo, ’me ha lia ka tsa mpakela mathata leha e le afe. Ka ho fapaneng, ke tsona feela tse tlalehang haeba li e-na le motho ea eketsehileng ea lulang le tsona k’haraveneng kapa tenteng. Ho ea ka ’na, ke tsona batho ba molemo ka ho fetisisa bao u ka bang le bona ho ba sebeletsa.”
▪ Ka mor’a kopano eona eo, motsamaisi oa hotele e ’ngoe o ile a re: “Lipaki tsa Jehova kaofela ke batho ba khotso. Ha li moferefere, ’me li robala kapele. Ka sebele li mosa, lia tšepahala hape li itšoara hantle. Ho ne ho tla ba hotle haeba batho bohle ba ne ba ka tšoana le tsona. Batho ba bang ba utsoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe—lipitsa tsa lipalesa, litšela-molora, pampiri ea matloana esita le tsoekere! Ntho e joalo ha e e-s’o ka e etsahala ka lōna. Ha bana ba lōna ba nka li-ice cream ka sehatsetsing mantsiboea, ha ke ikhathatse ka ho ea hlahloba hore na ba nkile tse kae. Li bala hore na li nkolota bokae le ho ntefa kapele-pele. Ke li tšepa ka ho feletseng. Ho ne ho tla ba hotle hakaakang haeba batho ba bang ba ne ba ka ba joalo! Ke lakatsa eka baeti ba ka bohle e ka be e le Lipaki tsa Jehova.”
Lipaki tsa Jehova lia tsebahala Italy joaloka likarolong tse ling tsa lefatše. Li ‘boloka boitšoaro ba tsona bo le botle har’a lichaba’ ’me kahoo li tlisetsa Molimo oa ’nete, eo li jereng lebitso la hae thoriso.—1 Petrose 2:12.