Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 12/15 maq. 22-27
  • Letlotlo le Patiloeng Lea Fumanoa—Pale ea Bibele ea Makarios

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letlotlo le Patiloeng Lea Fumanoa—Pale ea Bibele ea Makarios
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tlhokahalo ea Bibele ea Serussia
  • Ho Qalisoa Boiteko ba ho Fetolela
  • Na ho Fetoleloa ha Bibele ho ne ho Fihlile Qetellong?
  • Phetolelo ea Pavsky
  • Ho Tlotlisa Lebitso la Molimo
  • Archimandrite Makarios
  • Boemo ba Makarios bo Sebete
  • Ea Hatisoa Qetellong!
  • Bibele ea Makarios Kajeno
  • Lentsoe la Molimo le Tšoarella ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Kopano ea Pele ea Machaba ea Lipaki tsa Jehova Russia
    Tsoha!—1993
  • Ntlha ea Bohlokoa Bakeng sa Barati ba Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Na U sa Hopola?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 12/15 maq. 22-27

Letlotlo le Patiloeng Lea Fumanoa—Pale ea Bibele ea Makarios

KA 1993 mofuputsi e mong o ile a fumana qubu ea limakasine tsa Orthodox Review tse seng li le tšehla ke ho tsofala, ka har’a Russian National Library e St. Petersburg. Ka har’a maqephe a limakasine tsena tsa 1860 ho ea ho 1867 ho ne ho e-na le letlotlo le ’nileng la pateloa sechaba sa Russia ka lilemo tse fetang lekholo hōle. E ne e le phetolelo ea Bibele ea Mangolo a Seheberu kaofela, kapa “Testamente ea Khale,” ka puo ea Serussia!

Bafetoleli ba Mangolo ana e ne e le Mikhail Iakovlevich Glukharev, ea tsejoang e le Archimandrite Makarios le Gerasim Petrovich Pavsky. Ka bobeli e ne e le litho tse hlaheletseng tsa Kereke ea Russian Orthodox ebile e le litsebi tsa puo. Ha banna bana ba ne ba qala mosebetsi oa bona mathoasong a lekholo la lilemo le fetileng, Bibele e feletseng e ne e e-s’o fetoleloe ka Serussia.

Ke ’nete hore Bibele eo e ne e le ea Seslavone, puo eo e bileng selelekela sa Serussia sa kajeno. Leha ho le joalo, bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, puo ea Seslavone e ne e le khale e sa sebelisoe ntle le litšebeletsong tsa bolumeli, moo e neng e sebelisoa ke baruti. Boemo bo tšoanang bo ne bo bile teng ka Bophirimela, moo Kereke ea Roma e K’hatholike e ileng ea leka ho tlohela Bibele e ngotsoe ka Selatine nako e telele ka mor’a hore Selatine e be puo e seng e sa sebelisoe.

Makarios le Pavsky ba ile ba leka ho etsa hore Bibele e fumanehe ho batho feela ba tloaelehileng. Ka lebaka leo, ho fumanoa ha phetolelo ea bona eo e neng e le khale e lebetsoe, ho entse hore ho khonehe hore karolo ea bohlokoa ea lefa la Russia la lingoliloeng le la bolumeli e tsosolosoe.

Leha ho le joalo, Makarios le Pavsky e ne e le bo-mang? ’Me ke hobane’ng ha boiteko ba bona ba ho fetolela Bibele puong ea batho feela ba tloaelehileng bo ile ba thulana le khanyetso e joalo? Tlaleho ea bona ke e hlollang le e matlafatsang tumelo ho barati bohle ba Bibele.

Tlhokahalo ea Bibele ea Serussia

Makarios le Pavsky e ne e se bona ba pele ba ileng ba bona hore Bibele ea hlokahala ka puo ea batho feela ba tloaelehileng. Lilemong tse lekholo pejana, moemphera oa Russia, Peter oa I, kapa Peter e Moholo, le eena o ile a hlokomela tlhokahalo e joalo. Ho totobetse hore o ne a hlompha Mangolo a Halalelang ’me o qotsoa e le ea reng: “Bibele ke buka e phahametseng libuka tse ling tsohle, ’me e na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amanang le boikarabelo ba motho ho Molimo le ho moahelani oa hae.”

Kahoo, ka 1716, Peter o ile a laela lekhotla la hae la borena hore le etse hore Bibele e hatisoe ka litšenyehelo tsa hae, Amsterdam. Leqephe ka leng le ne le lokela ho ba le karolo e ngotsoeng ka Serussia le karolo e ngotsoeng ka Sedache. Selemo feela hamorao, ka 1717, karolo ea Mangolo a Segerike a Bakreste, kapa “Testamente e Ncha,” e ne e hatisitsoe.

Ka 1721 karolo ea Sedache ea phetolelo ea meqolo e mene ea Mangolo a Seheberu le eona e ne e hatisitsoe. Ho ne ho e-na le karolo e le ’ngoe e neng e sa ngoloa letho, e lokela hore hamorao e ngoloe ka Serussia. Peter o ile a nehelana ka Libibele tsena ho “Sinoto e Halalelang” ea Kereke ea Russian Orthodox—balaoli ba bolumeli ba phahameng ka ho fetisisa ba kereke—hore ba fane ka tumello ea hore li hatisoe le ho ajoa. Leha ho le joalo, sinoto ha ea ka ea ntšetsa tšebetso ena pele.

Peter o ile a shoa pele ho feta lilemo tse ’nè. Ho ile ha etsahala joang ka Libibele tsa hae? Likarolo tse sa ngoloang letho tse neng li reretsoe hore li tla ngoloa ka Serussia ha lia ka tsa hlola li ngoloa letho. Libibele tsena li ile tsa etsoa liqubu tse khōlō karolong ea mohaho e ka tlaase-tlaase, moo li ileng tsa senyeha—ha ho kopi le e ’ngoe e ileng ea fumanoa e sa senyeha hamorao! Qeto ea sinoto e ile ea ba ho “rekisetsa bahoebi sohle se neng se setse.”

Ho Qalisoa Boiteko ba ho Fetolela

Ka 1812, John Paterson, setho sa British and Foreign Bible Society, o ile a ea Russia. Paterson o ile a tsosa thahasello ea litsebi tsa St. Petersburg ea ho theha mokhatlo oa Bibele. Ka la 6 December, 1812—selemong sona seo ka sona lebotho la ntoa la Russia le ileng la leleka masole a Napoléon oa I a hlaselang—Moemphera Alexander oa I o ile a amohela molao-motheo oa mokhatlo oa Bibele oa Russia. Ka 1815 moemphera o ile a laela molula-setulo oa mokhatlo ona, Prince Aleksandr Golitsyn, ho etsa tlhahiso ho sinoto e busang ea hore “Marussia le ’ona a lokela ho ba le monyetla oa ho bala Lentsoe la Molimo ka puo ea ’ona ea tsoalo ea Serussia.”

Hoa babatseha hore ebe ho ile ha fanoa ka tumello ea ho fetolela Mangolo a Seheberu ho tloha Seheberung sa pele ka ho toba ho ea Serussieng. Septuagint ea Segerike ea boholo-holo e ne e bile motheo bakeng sa ho fetolela Mangolo a Seheberu Seslavoneng. Ba neng ba lokela ho fetolela Bibele Serussieng ba ile ba bolelloa hore melao-motheo e ka sehloohong ea phetolelo e ne e lokela ho ba ho nepahala, ho hlaka le ho hloeka. Ho ile ha etsahala eng ka boiteko boo ba pele ba ho etsa hore Bibele e fumanehe ka puo ea Serussia?

Na ho Fetoleloa ha Bibele ho ne ho Fihlile Qetellong?

Litho tsa kereke le tsa ’muso tse sa khemeng le linako, kapele li ile tsa e-ba hlokolosi ka tšusumetso ea linaha tse ling ea bolumeli le ea lipolotiki. Ho feta moo, baeta-pele ba bang ba kereke ba ile ba bolela hore Seslavone—puo eo ho tšoaroang litšebeletso ke eona—e ne e hlalosa molaetsa oa Bibele hamolemo ho feta Serussia.

Kahoo, Russian Bible Society e ile ea felisoa ka 1826. Likete-kete tsa likopi tsa liphetolelo tse hatisitsoeng ke mokhatlo ona oa Bibele li ile tsa chesoa. Ka lebaka leo, litloaelo le lineano li ile tsa etelletsoa ka pele ho Bibele. Ha e latela mohlala o behiloeng ke Kereke ea Roma e K’hatholike, sinoto e ile ea ntša taelo ena ka 1836: “Hoa lumelleha hore motho feela ea tloaelehileng ea inehetseng a mamele Mangolo, empa ha ho lumellehe hore mang kapa mang a ipalle likarolo tse itseng tsa Mangolo, haholo-holo Testamente ea Khale, ntle ho tataiso.” Ho ne ho bonahala eka ho fetoleloa ha Bibele ho fihlile qetellong.

Phetolelo ea Pavsky

Ho sa le joalo, Gerasim Pavsky, moprofesa oa Seheberu, o ile a qalisa mosebetsi oa ho fetolela Mangolo a Seheberu Serussieng. Ka 1821 o ile a phetha phetolelo ea Lipesaleme. Kapele moemphera o ile a e amohela ’me ka January 1822 buka ea Lipesaleme e ne e se e abetsoe sechaba. E ile ea amoheloa hang-hang ’me ea tlameha ho hatisoa ka makhetlo a 12—ea e-ba likopi tse 100 000 ka kakaretso!

Boiteko ba botsebi ba Pavsky bo ile ba mo hapela tlhompho ea litsebi tse ngata tsa puo le baruti ba bangata ba thuto ea bolumeli. O hlalosoa e le motho ea tobang taba ea tšepahalang ea neng a sa susumetsoe ke merero e bolotsana e neng e mo potolohile. Ho sa tsotellehe ho hanyetsa ha kereke Russian Bible Society le taba ea hore ba bang ba ne ba e-na le maikutlo a hore e ne e emela lithahasello tsa linaha tse ling, Moprofesa Pavsky o ile a tsoela pele ho fetolela litemana tsa Bibele Serussieng ha a ruta. Liithuti tsa hae tse neng li khahloa ke eena li ile tsa kopitsa litlhaloso tsa hae ka letsoho ’me, ha nako e ntse e feta, li ile tsa khona ho kopanya phetolelo ea hae. Ka 1839 li ile tsa ba le sebete sa ho hatisa likopi tse 150 mochineng oa khatiso oa sekolo sa thuto e phahameng—ntle ho tumello ea bahlahlobi ba lingoliloeng.

Phetolelo ea Pavsky e bile le phello e tsotehang ho babali, ’me palo ea tse hlokahalang e ile ea ’na ea eketseha. Empa ka 1841 ho ile ha e-ba le pelaelo eo ho sa tsejoeng hore na e ne e entsoe ke mang ho sinoto mabapi le “kotsi” ea phetolelo ena, e reng e khelohile thutong ea Orthodox. Lilemo tse peli hamorao sinoto e ile ea ntša taelo ena: “Nkang ka mahahapa likopi tsohle tse ngotsoeng ka letsoho le tse hatisitsoeng ka lithography tsa phetolelo ea G. Pavsky ea Testamente ea Khale ’me le li senye.”

Ho Tlotlisa Lebitso la Molimo

Leha ho le joalo, Pavsky o ne a tsositse thahasello phetolelong ea Bibele. O ne a boetse a behetse bafetoleli ba nakong e tlang mohlala oa bohlokoa mabapi le taba e ’ngoe ea bohlokoa—lebitso la Molimo.

Mofuputsi oa Morussia Korsunsky o ile a hlalosa: ‘Lona lebitso la Molimo, le halalelang ka ho fetisisa mabitsong a hae, le ne le entsoe ka litlhaku tsa Seheberu tse ’nè יהוה ’me hona joale le bitsoa e le Jehova.’ Likoping tsa Bibele tsa boholo-holo, lebitso leo la Molimo le khethehileng le hlaha ka makhetlo a likete Mangolong a Seheberu feela. Leha ho le joalo, ka phoso Bajuda ba ile ba lumela hore lebitso la Molimo le halalela haholo hore le ka ngoloa kapa la bitsoa. Mabapi le sena, Korsunsky o ile a hlokomela: ‘Puong kapa mongolong, hangata le ne le nkeloa sebaka ke Adonai, lentsoe leo ka kakaretso le fetoleloang e le “Morena.”’

Ho hlakile hore ho tlohela ho sebelisa lebitso la Molimo ho ne ho bakoa ke tšabo ea tumela-khoela—eseng ho tšaba Molimo. Ha ho kae kapa kae moo Bibele e thibelang tšebeliso ea lebitso la Molimo. Molimo ka boeena o ile a bolella Moshe: “U tle u re ho bana ba Iseraele: Jehova, Molimo oa bo-ntat’a lōna . . . o nthomile ho lōna. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, ’me ke eona khopotso ea ka melokong le melokong.” (Exoda 3:15) Ka makhetlo, Mangolo a phehella barapeli: “Rorisang Jehova, [ipiletseng lebitsong, NW] la hae.” (Esaia 12:4) Leha ho le joalo, bafetoleli ba Bibele ba bangata ba ile ba khetha ho latela neano ea Bajuda ’me ba qoba ho sebelisa lebitso la Molimo.

Leha ho le joalo, Pavsky ha aa ka a latela lineano tsena. Phetolelong ea hae ea Lipesaleme feela, lebitso Jehova le hlaha ka makhetlo a fetang 35. Sebete sa hae se ne se tla ba le tšusumetso e khōlō ho e mong oa batho ba mehleng ea hae.

Archimandrite Makarios

Motho enoa oa mehleng ea hae e ne e le archimandrite Makarios, moromuoa oa Russian Orthodox ea neng a e-na le tsebo e hlollang ea lipuo. E sa ntse e le ngoana ea lilemo li supileng, o ne a ka fetolela litemana tse khutšoanyane tsa Serussia Selatineng. Ha a le lilemo li 20, o ne a tseba Seheberu, Sejeremane le Sefora. Leha ho le joalo, boikutlo ba boikokobetso le bo matla ba ho ikarabella ho Molimo bo ile ba mo thusa ho qoba leraba la ho itšepa ho tlōlisa. O ne a atisa ho batla keletso ho litsebi tse ling tsa lipuo le ho batho ba rutehileng.

Makarios o ne a batla ho ntlafatsa tšebetso ea boromuoa Russia. O ne a ikutloa hore, pele Bokreste bo isoa ho Mamosleme le Bajuda Russia, kereke e ne e tlameha ho “hlaha matšoele leseling ka ho theha likolo le ho aba Libibele ka puo ea Serussia.” Ka March 1839, Makarios o ile a fihla St. Petersburg, a tšepile hore o tla fumana tumello ea ho fetolela Mangolo a Seheberu Serussieng.

Makarios o ne a se a fetoletse libuka tsa Bibele tsa Esaia le Jobo. Leha ho le joalo, sinoto e ile ea hana ho mo lumella ho fetolela Mangolo a Seheberu Serussieng. Ha e le hantle, Makarios o ile a bolelloa hore a lebale ka taba ea ho fetolela Mangolo a Seheberu puong ea Serussia. Sinoto e ile ea ntša taelo ka la 11 April, 1841, e laelang Makarios “ho etsa ketso ea tšoabo ea libeke tse tharo ho ea ho tse tšeletseng lehaeng la mobishopo Tomsk e le hore a hloekise letsoalo la hae ka thapelo le ka ho khumama.”

Boemo ba Makarios bo Sebete

Ho tloha ka December 1841 ho ea ho January 1842, Makarios o ile a phetha ketso ea hae ea tšoabo. Empa hang ha a e entse, hang-hang o ile a qala ho fetolela Mangolo a Seheberu a setseng. O ne a fumane kopi ea phetolelo ea Pavsky ea Mangolo a Seheberu ’me a e sebelisa ho hlahloba liphetolelo tsa hae. Joaloka Pavsky, o ile a hana ho pata lebitso la Molimo. Ha e le hantle, lebitso Jehova le hlaha ka makhetlo a fetang 3500 phetolelong ea Makarios!

Makarios o ile a romella metsoalle e mo emelang likopi tsa phetolelo ea hae. Le hoja ho ile ha ajoa likopi tse seng kae tse ngotsoeng ka letsoho, kereke e ile ea tsoela pele ho sitisa khatiso ea phetolelo ea hae. Makarios o ile a lokisetsa ho buella Bibele ea hae hohle. Bosiung boo a neng a tla tsamaea ka bona, o ile a kula eaba kapele ka mor’a moo oa shoa, ka selemo sa 1847. Phetolelo ea hae ea Bibele ha ea ka ea hatisoa bophelong ba hae.

Ea Hatisoa Qetellong!

Qetellong, litšusumetso tsa lipolotiki le tsa bolumeli li ile tsa fetoha. Ho ile ha tlala likhopolo tse sa tšoaneng ho pholletsa le naha, ’me ka 1856 sinoto e ile ea boela ea lumela hore Bibele e fetoleloe Serussieng. Tikolohong ena e ntlafetseng, Bibele ea Makarios e ile ea hatisoa ka likhaohano ho Orthodox Review lipakeng tsa 1860 le 1867, tlas’a sehlooho se reng Teko ea ho Fetolela Puong ea Serussia.

Moarekabishopo Filaret oa Chernigov, setsebi sa lingoliloeng tsa bolumeli tsa Serussia, o ile a lekanyetsa Bibele ea Makarios tjena: “Phetolelo ea hae ea tšepahala tabeng e ngotsoeng ea Seheberu, ’me puo ea phetolelo ena e hloekile ebile e tšoanela taba.”

Leha ho le joalo, Bibele ea Makarios le ka mohla ha ea ka ea lokolleloa sechaba ka kakaretso. Ha e le hantle, e ne e batla e lebetsoe ka ho feletseng. Ka 1876 Bibele eohle, ho akarelletsa le Mangolo a Seheberu le a Segerike, e ile ea qetella e fetoletsoe Serussieng ka tumello ea sinoto. Bibele ena e feletseng hangata e bitsoa phetolelo ea sinoto. Ka ho sa lebelloang, phetolelo ea Makarios, hammoho le ea Pavsky, li ile tsa sebeletsa e le mohloli o ka sehloohong oa phetolelo ena e “amohelehang” ea Kereke ea Russian Orthodox. Empa lebitso la Molimo le ne le sebelisitsoe libakeng tse seng kae feela ho tseo le hlahang ho tsona puong ea Seheberu.

Bibele ea Makarios Kajeno

Bibele ea Makarios e ile ea lula e patehile ho fihlela ka 1993. Joalokaha ho bontšitsoe kenyelletsong, ka nako eo kopi ea eona e ne e le limakasineng tsa khale tsa Orthodox Review karolong ea libuka tse sa atang ea Russian National Library. Lipaki tsa Jehova li ile tsa hlokomela bohlokoa ba ho fumantša sechaba Bibele ena. Laebrari ena e ile ea lumella Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Bolumeli oa Lipaki tsa Jehova Russia hore o etse kopi ea Bibele ea Makarios e le hore e ka lokisetsoa khatiso.

Eaba Lipaki tsa Jehova li lokisetsa hore likopi tse ka bang 300 000 tsa Bibele ena li hatisoe Italy bakeng sa ho ajoa ho pholletsa le Russia le linaha tse ling tse ngata moo ho buuoang Serussia. Ho phaella phetolelong ea Makarios ea karolo e khōlō ea Mangolo a Seheberu, khatiso ena ea Bibele e na le phetolelo ea Pavsky ea Lipesaleme hammoho le phetolelo ea sinoto ea Mangolo a Segerike e lumeletsoeng ke Kereke ea Orthodox.

Ka January selemong sena, e ile ea lokolloa nakong ea puisano ea ’muso le bangoli St. Petersburg, Russia. (Bona lebokose le leqepheng la 26.) Ka sebele babali ba Serussia ba tla hlahisoa leseling le ho matlafatsoa ke Bibele ena e ncha.

Kahoo ho hatisoa ha Bibele ena ke tlhōlo ea bolumeli le ea bongoli! E boetse ke khopotso e matlafatsang tumelo ea bonnete ba mantsoe a Esaia 40:8: “Joang boa omella, palesa ea foforeha, empa lentsoe la Molimo oa rōna le tiile ka ho sa feleng.”

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Russian National Library moo letlotlo le patiloeng le ileng la fumanoa teng

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Peter e Moholo o ile a leka ho etsa hore Bibele e hatisoe ka Serussia

[Setšoantšo se leqepheng la 23]

Corbis-Bettmann

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Gerasim Pavsky, ea ileng a tlatsetsa ho fetoleleng Bibele Serussieng

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

“Archimandrite” Makarios, eo Bibele e ncha ea Serussia e reheletsoeng eena

[Lebokose le leqepheng la 26]

Bibele E Rorisoa Ke Bahlahlobisisi

“SENGOLILOENG se seng hape sa bohlokoa se lokolotsoe: Bibele ea Makarios.” Koranta ea Komsomolskaya Pravda e ile ea tsebisa ho lokolloa ha Bibele ea Makarios ka kenyelletso eo.

Ka mor’a ho bolela hore Bibele ha ea ka ea e-ba teng ka lekhetlo la pele ka Serussia ho fihlela “lilemong tse 120 tse fetileng,” koranta ena e ile ea re: “Ka lilemo tse ngata kereke e ne e hanyetsa hore libuka tse halalelang li fetoleloe puong e balehang habonolo. Kaha e hanne liphetolelo tse ngata, qetellong, ka 1876 kereke e ile ea lumellana le e ’ngoe ea tsona, ’me e ile ea tsebahala e le phetolelo ea sinoto. Leha ho le joalo, e ne e sa lumelloe ka likerekeng. Ka kerekeng eo, ho fihlela kajeno, Bibele feela e amoheloang ke ea Seslavone.”

Koranta ea St. Petersburg Echo le eona e ile ea bontša bohlokoa ba ho hatisa Bibele ea Makarios, e re: “Litsebi tse amohelehang tsa St. Petersburg State University, Herzen Pedagogical University, le State Museum of Religious History li ile tsa babatsa phetolelo ena e ncha ea Bibele haholo.” Koranta ena ha e bua ka ho fetolela ha Makarios le Pavsky Bibele Serussieng halofong ea pele ea lekholo la lilemo le fetileng, e itse: “Ho fihlela ka nako eo, Russia Bibele e ne e ka baloa feela ka Seslavone, se neng se utloisisoa ke baruti feela.”

Ho lokolla ha Lipaki tsa Jehova Bibele ea Makarios ho ile ha tlalehoa nakong ea puisano ea ’muso le bangoli St. Petersburg mathoasong a selemo sena. Koranta ea letsatsi le letsatsi ea sebakeng seo Nevskoye Vremya e itse: “Litsebi tse amohelehang . . . li ile tsa hatisa hore phetolelo ena e lokela ho nkoa e le ea bohlokoa haholo mokhoeng oa bophelo oa Russia le St. Petersburg. Ho sa tsotellehe hore na motho o nahana eng ka tšebetso ea mokhatlo ona oa bolumeli, ha ho pelaelo hore khatiso ea phetolelo ena ea Bibele e neng e sa tsejoe ho fihlela kajeno e molemo haholo.”

Ka sebele, barati bohle ba Molimo baa thaba ha Lentsoe la hae le ngotsoeng le fumaneha ka puo eo batho feela ba tloaelehileng ba ka e balang le ho e utloisisa. Hohle barati ba Bibele ba thabetse hore ebe ho entsoe hore batho ba limilione ba buang Serussia ho pota lefatše ba fumane phetolelo e ’ngoe ea Bibele.

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Ho lokolloa ha Bibele ea Makarios ho ile ha tsebisoa puisanong ena ea ’muso le bangoli

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela