Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 5/15 leq. 3
  • Morena ea Neng a Ruile ’me a le Bohlale

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Morena ea Neng a Ruile ’me a le Bohlale
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Maruo a ka U Etsa ea Thabileng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Na Letlotlo la Morena Solomone Lea Fetelletsoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Na o U Behela Mohlala o Motle Kapa o U Lemosang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Solomone ke Morena ea Bohlale
    Bibele—E na le Molaetsa Ofe?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 5/15 leq. 3

Morena ea Neng a Ruile ’me a le Bohlale

Na u nahana hore maruo a ne a tla u etsa ea thabileng? Haeba e mong a ne a u file chelete e ngata, na u ne u ke ke ua thaba? U ne u ka ’na ua thaba. Mohlomong u ne u ka nahana ka litsela tseo u tla e sebelisa ka tsona.

HO KE ke ha latoloa hore ho na le lintho tse ngata tse ka rekoang ho etsa hore bophelo bo be mabothobotho le ho ba monate haholoanyane. Chelete e ka boela ea e-ba “tširelo” mathateng a tšohanyetso, a kang boloetse kapa ho hloka mosebetsi.—Moeklesia 7:12.

Empa kamano ke efe lipakeng tsa chelete le thabo? Na u nahana hore thabo e tlisoa ke leruo joalokaha ba bang ba nahana joalo? Ho ka ’na ha e-ba thata ho fumana likarabo tsa lipotso tsena hobane chelete e ka lekanngoa habonolo, kapa ea baloa, athe ha ho joalo ka thabo. U ke ke ua beha thabo sekaleng ’me ua e kala.

Ka tsela e tšoanang, barui ba bang ba bonahala ba thabile, ha ba bang ba hloname. Ho joalo le ka bafutsana. Leha ho le joalo, batho ba bangata—esita le bao e seng e ntse e le barui—ba lumela hore chelete e eketsehileng e tla ba tlisetsa thabo e khōloanyane.

Motho e mong ea ngotseng ka litaba tse joalo ke Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo. E ne e le e mong oa batho ba ruileng ka ho fetisisa ba kileng ba phela. U ka bala tlhaloso ea leruo la hae le leholohali khaolong ea 10 ea buka ea Bibele ea Marena a Pele. Ka mohlala, hlokomela hore temana ea 14 e re: ‘Ha e le boima ba khauta e neng e tlisetsoa Solomone ka lemo se seng le se seng, e ne e le litalenta tsa khauta tse makholo a tšeletseng a nang le mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng.’ (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Palo eo e lekana le lithane tse 25 tsa khauta. Kajeno, khauta e kaalo e ka lekana hantle le chelete e ka holimo ho R900 000000!

Leha ho le joalo, Solomone o ne a sa rua feela; Molimo o ne a mo hlohonolofalitse ka bohlale. Bibele e re: ‘Morena Solomone o ne a feta marena ’ohle a lefatše ka leruo le ka bohlale. Ba lefatše lohle ba ne ba etela Solomone ho tla utloa bohlale ba hae, boo Molimo o bo kentseng pelong ea hae.’ (1 Marena 10:23, 24) Le rōna re ka rua molemo bohlaleng ba Solomone, kaha mangolo a hae a etsa karolo ea tlaleho ea Bibele. A re boneng hore na o re’ng ka kamano e lipakeng tsa leruo le thabo.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Reproduced from Die Heilige Schrift-Übersetzt von Dr. Joseph Franz von Allioli. Druck und Verlag von Eduard Hallberger, Stuttgart

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela