Lefatše ke Hobane’ng ha le le Teng?
Ho na le potso eo u lokelang ho ipotsa eona: Na lefatše la rōna le letle le bōpiloe ke ’Mōpi ea bohlale ea nang le morero ka lefatše le ka batho ba ho lona? Ho fumana karabo e khotsofatsang potsong eo ho ka u thusa hore u bone hore na bokamoso bo tšoaretse lefatše lena eng.
LITSEBI tse ngata tsa saense tse ithutileng bokahohle le lefatše la rōna ka ho teba li ’nile tsa bona bopaki ba boteng ba ’Mōpi, bo bontšang hore Molimo ke eena ea li entseng. Nahana ka litlhaloso tse fanoeng ke setsebi se le seng:
Moprofesa Paul Davies oa ngola ho The Mind of God: “Boteng ba bokahohle bo hlophisehileng, bo momahaneng bo nang le likarolo tse tsitsitseng, tse hlophisehileng, tse rarahaneng bo hloka melao le litekanyetso tsa mofuta o khethehileng haholo.”
Ka mor’a ho tšohla “liketsahalo tse iketsahallang ka tšohanyetso” tseo litsebi tsa linaleli le tse ling li li hlokometseng, Moprofesa Davies oa phaella: “Ha li kopanngoa hammoho, li fana ka bopaki bo tsotehang ba hore bophelo joalokaha re bo tseba bo itšetlehile haholo ka mofuta o itseng oa melao ea tlhaho le ka seo ho bonahalang e le liketsahalo tse sa lebelloang tsa litekanyetso tsa sebele tseo tlhaho e li khethileng molemong oa likaroloana tse ngata tse nyenyane, matla a tšusumetso le lintho tse ling tse joalo-joalo. . . . Ho tla be ho lekane ho bolela hore haeba re ne re ka pheta karolo ea Molimo, ’me ra behela litšobotsi tsena melao ka ho nkeha maikutlo ka ho fetola ponahalo ea libaka, re ne re tla fumana hore ponahalo ea libaka e entse hore bokahohle bohle bo fetohe bo batlang bo sa lokela bakeng sa ho luloa. Mabakeng a mang ho bonahala eka libaka tse itseng li lokela ho lokisoa hanyenyane e le hore li lule ka tsela e batlang e le molemo ho etsa hore bokahohleng ho be le bophelo bo molemonyana. . . . ’Nete ea hore esita le liphetoho tse nyenyane tseleng eo lintho li leng ka eona li ka ’na tsa etsa hore bokahohle bo se ke ba bonoa ka sebele ke ’nete eo ho leng thata ho e utloisisa.”
Seo e se totobatsang ho ba bangata ke hore lefatše la rōna, hammoho le bokahohleng bohle, le bōpiloe ke ’Mōpi ea nang le morero. Haeba ho joalo, re lokela ho fumana hore na ke hobane’ng ha a bōpile lefatše tabeng ea pele. Haeba ho khoneha, re lokela hape ho fumana bonnete ba hore na morero oa hae ka lefatše ke ofe. Mabapi le sena ho hlaha taba e sa tloaelehang. Ho sa tsotellehe ho ata ha ba latolang boteng ba Molimo, batho ba bangata ka ho makatsang ba ntse ba lumela ho ’Mōpi ea bohlale. Likereke tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana li bua ka Molimo ea matla ’ohle le ’Mōpi oa bokahohle ba rōna. Leha ho le joalo, eba ka seoelo malumeli ana a buang ka tieo le ka kholiseho ka bokamoso boo Molimo a bo reretseng lefatše.
Bibele e Re’ng?
Ke ho utloahalang ho talima mohloling oa boitsebiso o amohelehang hohle e le o tsoang ho ’Mōpi. Mohloli oo ke Bibele. Polelo e ’ngoe e bonolo le e hlakileng ka ho fetisisa mabapi le bokamoso ba lefatše la rōna e fumanoa ho Moeklesia 1:4. (BPN) Rea bala: “Molōko oa hlaha, molōko oa feta, fatše lona le hlola kamehla eohle.” Bibele e tobile ha e hlalosa lebaka leo Jehova Molimo a bōpileng lefatše ka lona. Hape e bontša hore o le behile sebakeng se loketseng bokahohleng le moo le fumanang letsatsi hantle e le hore bophelo bo tsoele pele. Molimo ea Matla ’Ohle o ile a bululela moprofeta Esaia oa mehleng ea khale ho ngola: “Jehova, ’mōpi oa maholimo, Molimo o bōpileng lefatše, moetsi oa lona ea le tiisitseng, ea sa ka a le bōpela lefeela, ea mpang a le bōpetse hore le ahuoe, o bolela, o re: Ke ’na Jehova, e mong ha a eo.”—Esaia 45:18.
Empa ho thoe’ng ka litsela tseo motho a li qapang ho timetsa bophelo bohle lefatšeng? Bohlaleng ba hae bo ke keng ba lekanngoa, Molimo o bolela hore o tla kenella pele batho ba timetsa bophelo bohle lefatšeng la rōna. Hlokomela tšepiso ena e khothatsang e bukeng ea ho qetela ea Bibele, Tšenolo: “Lichaba tsa halefa, ’me khalefo ea hao ea tla, le nako e behiloeng bakeng sa hore bafu ba ahloloe, le ho fa makhoba a hao baprofeta moputso oa ’ona le bahalaleli le ba tšabang lebitso la hao, ba banyenyane le ba baholo, le ho senya ba senyang lefatše.”—Tšenolo 11:18.
Jehova o re senolela morero oa hae oa qalong ha a ne a bōpa lefatše, lehakoe lena la bohlokoa le sepakapakeng, joalokaha rasepakapaka e mong ea kileng a potoloha lefatše a le hlalositse. Molimo o ne a rerile hore e be paradeise ea lefatše lohle, e tletseng ka batho ba lutseng hantle—banna le basali—bohle ba phela ka khotso le ka kutloano. O ne a rerile ho tlatsa lefatše butle-butle ka ho lumella banyalani ba pele ho ba le bana. Molemong oa banyalani ba pele, Jehova o ile a etsa hore karolo e nyenyane ea lefatše e be boemong ba paradeise. Ha malapa a batho a ntse a ikatisa ha lilemo le makholo a lilemo a ntse a feta, serapa sa Edene se ne se tla atoloha butle-butle ho fihlela ha Genese 1:28 e ne e tla be e phethahetse: “Molimo oa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona.”
Joalokaha re bona boemo bo sa thabiseng ba lefatše le ba baahi ba lona, na see se bolela hore morero oa Molimo oa qalong o hlōlehile? Kapa na o fetotse morero oa hae le ho etsa qeto ea hore ka lebaka la ho tsoa tseleng ha moloko oa motho, o tla lumella lefatše lee hore le senngoe ka ho feletseng ’me a boele a qale le leng, ho ea kamoo ho bonahalang kateng? Che, re ka kholiseha hore ha ho le bo bong ba maemo ana boo e leng ’nete. Bibele e re bolella hore morero o mong le o mong oa Jehova o tlameha ho phethahala, qeto e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng e ke ke ea fetoloa ke motho leha e le ofe kapa esita le ke ketsahalo e sa lebelloang. Oa re tiisetsa: “Ho lutse joalo le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.
Morero oa Molimo o Sitisitsoe, ha oa Fetoloa
Ha Adama le Eva ba tlōla molao ’me ba lelekoa serapeng sa Edene, ho ile ha totobala hore morero oa Molimo ka lefatše la paradeise o ne o tla finyelloa kantle ho bona. Leha ho le joalo, Jehova o ile a hla a hlakisa hona hoo hore ba bang ba bana ba bona ba ne ba tla phetha taelo ea hae ea qalong. Ke ’nete hore sena se ne se tla nka nako, esita le lilemo tse makholo a mangata, empa ha ho letho le bontšang hore na ho ne ho tla nka nako e kae ho phetha taelo ea qalong esita le haeba Adama hammoho le Eva ba ne ba ile ba tsoela pele ho phela phethehong. ’Nete ke hore qetellong ea Lilemo tse Sekete tsa Puso ea Kreste Jesu—ka holimonyana ho lilemo tse sekete ho tloha hona joale—maemo a Paradeise ea Edene a tla atolosetsoa lefatšeng lohle ’me Lefatše le tla ahoa ke litloholo tsa banyalani ba pele tse nang le khotso le tse thabileng. Ka sebele, qoso e tla tlosoa ka ho feletseng matleng a Jehova a ho ba Moreri ea sa foseng!
Nakong eo ho tla phethahala boprofeta bo thabisang boo Molimo a bo bululetseng khale. Mangolo a kang Esaia 11:6-9 a tla phethahala ka tsela e babatsehang: “Phiri e tla lula le konyana, lengau le bothe le potsanyane; namane le taoana le khomo e nontšitsoeng li tla ba hammoho, li sotetsoe ke moshanyana. Sethole sa khomo le sa bere li tla fula hammoho, manamane a tsona a robale hammoho; tau e tla fula joang joalo ka khomo. Lesea le anyang le tla ipapalla mosimeng oa marabe, ngoana ea khoesoang a kenye letsoho lefarung la qooane. ’Me ha ho sa tla etsoa hampe, ha ho sa tla hlola ho senngoa thabeng eohle e halalelang ea ka, hobane lefatše le tla tlala tsebo ea Jehova, joalo ka ha metsi a aparetse leoatle.”
Ho itšupa-tšupa ka mahlaba le ho kula ho sa foleng e tla ba lintho tsa nako e fetileng, joalokaha lefu e tla ba ntho ea nako e fetileng. Na ho na le ntho leha e le efe e ka hlakang ho feta mantsoe aa a fumanoang bukeng ea ho qetela ea Bibele? “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, ’me o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. ’Me Molimo ka boeena o tla ba le bona. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.
E, re ka khothala—Lefatše la rōna le letle le tla ba teng ka ho sa feleng. E se eka e ka ba tokelo ea rōna ho pholoha bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho, hammoho le mekhoa ea eona e senyang lefatše. Lefatše le lecha la Molimo le atametse haholo. ’Me baratuoa ba bangata ba tla tsosoa bafung ka mohlolo oa tsoho. (Johanne 5:28, 29) Ka sebele, lefatše la rōna le tla ba teng ka ho sa feleng, ’me le rōna re ka phela ho lona ka ho sa feleng le ho le thabela.